Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 3/1 maq. 28-31
  • Cyril le Methodius—Bafetoleli ba Bibele ba Qapileng Alfabeta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Cyril le Methodius—Bafetoleli ba Bibele ba Qapileng Alfabeta
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Rafilosofi” le ’Musisi
  • Pitso e Tsoang Moravia
  • Ho Hlahisoa Alfabeta le Phetolelo ea Bibele
  • ‘Joaloka Liphakoe ha li Ubella Tsuonyana’
  • Bibele e Fetoleloa Kaofela
  • Lefa le Tšoarellang
  • Karolo ea Pele—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ba Lekile ho Thibela Batho ho Bala Lentsoe la Molimo
    Tsoha!—2011
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
    Buka ea Batho Bohle
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 3/1 maq. 28-31

Cyril le Methodius—Bafetoleli ba Bibele ba Qapileng Alfabeta

“Sechaba sa habo rōna se kolobelitsoe empa ha re na mosuoe. Ha re utloisise Segerike le Selatine. . . . Ha re utloisise litlhaku tse ngotsoeng le seo li se bolelang; ka lebaka leo re romelleng mesuoe e ka re rutang Mangolo le moelelo oa ’ona.”—Rostislav, khosana ea Moravia, ka 862 C.E.

KAJENO batho ba fetang limilione tse 435 ba buang lipuo tsa sehlopha sa Seslav ba na le phetolelo ea Bibele ka puo ea habo bona.a Har’a bona, ba limilione tse 360 ba sebelisa alfabeta ea Cyril. Empa lilemong tse 1 200 tse fetileng ho ne ho se na puo e ngotsoeng kapa alfabeta ea lipuo tsa baholo-holo ba bona. Mabitso a batho ba ileng ba thusa ho lokisa boemo boo ke Cyril le Methodius, bao e neng e le bara ba motho. Batho ba ratang Lentsoe la Molimo ba tla hlokomela hore mosebetsi oo bara bana ba motho ba o entseng ka sebete le ka boqapi e bile karolo e thahasellisang historing ea ho bolokoa le ho ntlafatsoa ha Bibele. Banna baa e ne e le bo-mang, ’me ba ile ba tobana le litšitiso life?

“Rafilosofi” le ’Musisi

Cyril (827-869 C.E., eo pele e neng e le Constantine) le Methodius (825-885 C.E.) ba hlahetse lelapeng la borena Thesalonika, Greece. Ka nako eo Thesalonika e ne e le motse oa lipuo tse peli; baahi ba oona ba ne ba bua Segerike le mofuta o itseng oa Seslav. Boteng ba Maslav a mangata le kamano e haufi lipakeng tsa Bagerike le Maslav le lichaba tsa Maslav tse ba potolohileng e ka ’na eaba li ile tsa fa Cyril le Methodius monyetla oa ho tseba puo ea Maslav a ka boroa. Motho e mong ea ngotseng ka bophelo ba Methodius o bile o bolela hore ’mè oa bona e ne e le Leslav.

Ka mor’a lefu la ntate oa hae, Cyril o ile a fallela Constantinople, motse-moholo oa ’Muso oa Byzantium. Ha a le moo o ile a ithuta univesithing ea baemphera ’me a tloaelana le barupeli ba phahameng. E ile ea e-ba setsebi tsamaisong ea laebrari ea Hagia Sophia, e leng mohaho oa kereke o tummeng ka ho fetisisa ka Bochabela, ’me hamorao e ile ea e-ba moprofesa oa filosofi. Ha e le hantle, ka lebaka la seo a se finyeletseng lithutong, Cyril o ile a iketsetsa lebitso la bosoasoi la Rafilosofi.

Ho sa le joalo, Methodius o ile a tsoela pele ho etsa mosebetsi oo ntat’ae a neng a o etsa—oa tsamaiso ea lipolotiki. O ile a finyella boemo ba molaoli ea okamelang (’musisi) moeling oa setereke sa Byzantium moo Maslav a mangata a neng a lula teng. Leha ho le joalo, o ile a ea ntlong ea baitlami e Bithynia, Asia Minor. Cyril o ile a lula le eena moo ka 855 C.E.

Ka 860 C.E., mopatriareka oa Constantinople o ile a romela bara bana ba motho ba babeli mosebetsing oa linaha lisele. Ba ile ba romeloa ho Bakhazar, batho ba lulang ka leboea-bochabela ho Leoatle le Letšo, ba neng ba ntse ba qeaqea hore na ba khetha bolumeli bofe ho Boislamo, Bojuda le Bokreste. Ha a le tseleng a e-ea moo, ka nako e itseng Cyril o ile a lula Chersonese, Crimea. Litsebi tse ling li lumela hore ha a le moo o ile a ithuta Seheberu le Sesamaria le hore o ile a fetolela sebōpeho-puo sa Seheberu puong ea Bakhazar.

Pitso e Tsoang Moravia

Ka 862 C.E., Rostislav, khosana ea Moravia (eo kajeno e leng Czechia e ka bochabela, Slovakia e ka bophirimela le Hungary e ka bophirimela), o ile a romela kōpo e bontšitsoeng serapeng sa pele ho Moemphera oa Byzantium Michael III—ea hore a romele mesuoe ea Mangolo. Baahi ba Moravia ba buang Seslav ba ne ba se ba rutiloe lithuto tsa kereke ke baromuoa ba tsoang ’musong oa Mafrank o ka Bochabela (eo hona joale e leng Jeremane le Austria). Leha ho le joalo, Rostislav o ne a amehile ka tšusumetso ea lipolotiki le ea bolumeli ea merabe ea Majeremane. O ne a e-na le tšepo ea hore likamano tsa bolumeli le Constantinople li ne li tla thusa ho etsa hore sechaba sa eona se lule se ikemetse lipolotiking le bolumeling.

Moemphera o ile a etsa qeto ea ho romela Methodius le Cyril Moravia. Thutong, ho ruteng le puong, bara bana ba motho ba babeli ba ne ba hlomeletsoe hamolemo hore ba etelle pele mosebetsi o joalo. Motho e mong ea ngolang ka bophelo ba batho oa lekholo la borobong la lilemo o re bolella hore moemphera ha a ba phehella ho ea Moravia, o ile a beha mabaka ka tsela ena: “Ka bobeli le matsoalloa a Thesalonika, ’me Bathesalonika kaofela ba bua Seslav se butsoitseng.”

Ho Hlahisoa Alfabeta le Phetolelo ea Bibele

Likhoeli pele ho leeto la bona, Cyril o ile a lokisetsa mosebetsi ona ka ho qapa taba e ngotsoeng bakeng sa Maslav. Ho ’nile ha boleloa hore o ne a e-na le tsebe e lethoethoe bakeng sa ho khetholla melumo ea mantsoe a puo. Kahoo, ka ho sebelisa litlhaku tsa Segerike le tsa Seheberu, o ile a leka ho hlahisa tlhaku e emelang molumo ka mong oa puo ea Seslavone.b Bafuputsi ba bang ba lumela hore o ne a se a qetile lilemo a rala motheo oa alfabeta e joalo. Ho ntse ho sa tsejoe hantle sebōpeho sa sebele sa alfabeta eo Cyril a e qapileng.—Bona lebokose le reng “Ea Cyril Kapa ea Seglagole?”

Ka nako eona eo, Cyril o ile a qalisa lenaneo le potlakileng la phetolelo ea Bibele. Ho latela neano, o ile a qala ka ho fetolela polelo ea pele ea Kosepele ea Johanne ho tloha Segerikeng ho ea Seslavoneng, a sebelisa alfabeta eo a neng a sa tsoa e qapa polelong ena: “Tšimolohong Lentsoe o ne . . . ” Cyril o ile a tsoela pele ho fetolela Likosepele tse ’nè, mangolo a Pauluse le buka ea Lipesaleme.

Na o ne a sebetsa a le mong? Mohlomong Methodius o ne a mo thusa mosebetsing ona. Ho feta moo, buka e bitsoang The Cambridge Medieval History e re: “Ho bonolo ho nahana hore ho ne ho e-na le ba bang ba thusang [Cyril], bao qalong e tlamehang ebe e ne e le Maslav ka tsoalo a rutiloeng Segerike. Haeba re hlahloba liphetolelo tsa khale-khale, . . . re na le bopaki bo molemohali ba hore kutloisiso ea puo ea Seslavone e ne e ntlafetse haholo, e leng seo batšehetsi ba Maslav ba lokelang ho babatsoa ka sona.” Karolo e setseng ea Bibele e ile ea qeteloa hamorao ke Methodius, joalokaha re tla bona.

‘Joaloka Liphakoe ha li Ubella Tsuonyana’

Ka 863 C.E., Cyril le Methodius ba ile ba qala mosebetsi oa bona Moravia, moo ba ileng ba amoheloa ka mofuthu. Ntle le ho fetolela taba e ngotsoeng ea Bibele le ea litšebeletso tse khethehileng tsa kereke, mosebetsi oa bona o ne o kopanyelletsa ho ruta sehlopha sa batho ba sebaka seo taba e ngotsoeng ea Seslavone e sa tsoa qaptjoa.

Leha ho le joalo, sena sohle se ne se se bonolo. Baruti ba Mafrank ba Moravia ba ile ba hanyetsa tšebeliso ea Seslavone ka mabifi. Ba ne ba khomaretse khopolo ea lipuo tse tharo, ba lumela hore ke Selatine, Segerike le Seheberu feela tse neng li amoheleha hore li sebelisoe bolumeling. Ha ba batla ho tšehetsoa ke mopapa puong e ngotsoeng eo ba neng ba sa tsoa e qapa, bara bana ba motho ba ile ba nka leeto le eang Roma ka 867 C.E.

Ha ba le tseleng, Venice, Cyril le Methodius ba ile ba teana le sehlopha se seng sa baruti ba Selatine ba khomaretseng khopolo ea lipuo tse tharo. Mongoli e mong oa lilemong tse bohareng ea ngotseng histori ea bophelo ba Cyril o re bolella hore babishopo, baprista le baitlami ba banna ba sebakeng seo ba ile ba mo hlasela ka mantsoe ‘joaloka liphakoe ha li ubella tsuonyana.’ Ho latela tlaleho eo, Cyril o ile a arabela ka ho qotsa 1 Bakorinthe 14:8, 9 e reng: “Etsoe kannete, haeba terompeta e ntša molumo o sa hlakang, ke mang ea tla itokisetsa ntoa? Ka tsela e tšoanang hape, ntle leha lōna ka leleme le bua puo e utloisisoang habonolo, ho tla tsejoa joang se ntseng se buuoa? Ha e le hantle, le tla be le buela moeeng.”

Ha bara bana ba motho ba qetella ba fihlile Roma, Mopapa Adrian II o ile a ba lumella ka ho feletseng hore ba sebelise Seslavone. Ka mor’a likhoeli tse itseng, ba sa ntse ba le Roma, Cyril o ile a kula haholo. Nako e ka tlaase ho likhoeli tse peli hamorao, o ile a shoa a le lilemo li 42.

Mopapa Adrian II o ile a khothalletsa Methodius ho khutlela mosebetsing Moravia le mathōkong a motse oa Nitra, eo hona joale e leng Slovakia. Kaha o ne a batla ho etsa hore a be le tšusumetso e matla haholoanyane sebakeng seo, mopapa o ile a fa Methodius mangolo a mo lumellang ho sebelisa Seslavone ’me a mo khetha hore e be moarekabishopo. Leha ho le joalo, ka 870 C.E., mobishopo oa Mofrank Hermanrich, ka thuso ea Khosana Svatopluk oa Nitra, o ile a tšoara Methodius. O ile a kenngoa teronkong ka lilemo tse peli le halofo ntlong ea baitlami e Jeremane e ka boroa-bochabela. Qetellong, mohlahlami oa Adrian II, e leng Mopapa John VIII, o ile a laela hore Methodius a lokolloe, a mo busetsa tikolohong ea hae, ’me a boela a mo tiisetsa hore mopapa o tla mo tšehetsa tabeng ea ho sebelisa Seslavone bolumeling.

Empa baruti ba Mafrank ba ile ba tsoela pele ho hanyetsa sena. Methodius o ile a atleha ho ikemela khahlanong le liqoso tsa hore ke mokhelohi, ’me o ile a qetella a atlehile ho fumana lengolo la Mopapa John VIII le mo lumellang ho sebelisa Seslavone kerekeng. Joalokaha mopapa oa hona joale e leng John Paul II, a lumetse sena, Methodius o ile a qeta bophelo ba hae a le “maetong, bohloking, mahlomoleng, a hloiloe a bile a hlorisoa, . . . o bile a kenngoa teronkong ka bokhopo ka nako e itseng.” Hoa makatsa hore ebe sena se ne se etsoa ke babishopo le likhosana tse ratang Roma.

Bibele e Fetoleloa Kaofela

Ho sa tsotellehe khanyetso eo e sa khaotseng, Methodius o ile a thusoa ke bangoli ba ’maloa ba mongolo o khutsufalitsoeng hore a qetele ho fetolela karolo e setseng ea Bibele ka Seslavone. Ho latela neano, o ile a phetha mosebetsi ona o moholo ka likhoeli tse robeli feela. Leha ho le joalo, ha aa ka a fetolela mangolo a neano a bo-Maccabee ao e seng karolo ea Bibele.

Kajeno, ha ho bonolo ho fumana ka nepo boleng ba phetolelo ea Cyril le Methodius. Ke libuka tse seng kae feela tse ngotsoeng ka letsoho tse sa ntseng li le teng tsa nako e haufi le ea phetolelo ea bona ea pele. Ka ho hlahloba lisampole tseo tsa pele, litsebi tsa puo li bolela hore phetolelo eo e ne e nepahetse ka ho feletseng ebile e fetisa taba ka tsela ea tlhaho. Buka e bitsoang Our Slavic Bible e re bara bana ba babeli ba motho “ba ile ba tlameha ho qapa mantsoe a mangata a macha le lipolelo . . . ’Me ba ile ba etsa sena sohle ka tsela e nepahetseng ka ho feletseng [’me] ba nontša puo ea Seslav ka tsela eo e ncha.”

Lefa le Tšoarellang

Ka mor’a hore Methodius a shoe ka 885 C.E., barutuoa ba hae ba ile ba lelekoa Moravia ke bahanyetsi ba bona ba Mafrank. Ba ile ba tšabela Bohemia, Poland e ka boroa le Bulgaria. Kahoo, mosebetsi oa Cyril le Methodius o ile oa ntšetsoa pele ’me ha e le hantle oa nama. Puo ea Seslavone, eo bara bana ba motho ba babeli ba ileng ba etsa hore e ngoloe e be e tsitse haholoanyane, e ile ea ntlafala, ea butsoa, ’me hamorao ea nama. Kajeno, sehlopha sa lipuo tsa Seslav se kopanyelletsa lipuo tse 13 tse arohaneng le maleme a mangata.

Ho feta moo, litholoana tsa boiteko ba Cyril le Methodius ba ho fetolela Bibele ba se na tšabo e bile liphetolelo tse sa tšoaneng tsa Seslav tsa Mangolo tse leng teng kajeno. Ba limilione ba buang lipuo tsena ba rua molemo ka hore ebe ba na le Lentsoe la Molimo ka lipuo tsa bona. Ho sa tsotellehe khanyetso e sehlōhō, mantsoe aa ke ’nete hakaakang: “Lentsoe la Molimo oa rōna, le tla tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang”!—Esaia 40:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipuo tsa Seslav li buuoa Europe Bochabela le Europe Bohareng ’me li akarelletsa Serussia, Seukraine, Seserbia, Sepolishe, Seczech, Sebulgaria le lipuo tse kang tseo.

b “Seslavone,” kamoo se sebelisitsoeng kateng sehloohong sena, se bolela puo ea Seslav eo Cyril le Methodius ba neng ba e sebelisa mosebetsing oa bona le bongoling ba bona. Kajeno ba bang ba sebelisa lipoleloana tse reng “Seslavone sa Khale” kapa “Seslavone sa Khale sa Kereke.” Litsebi tsa puo lia lumela hore ho ne ho se na puo e le ’ngoe e tloaelehileng e neng e buuoa ke Maslav lekholong la borobong la lilemo C.E.

[Lebokose le leqepheng la 29]

Ea Cyril Kapa ea Seglagole?

Sebōpeho sa alfabeta ena e qapiloeng ke Cyrilc se tsositse khang e khōlō, kaha litsebi tsa puo ha li tiisehe hore na ke alfabeta efe. Alfabeta ena eo ho thoeng ke ea Cyril e thehiloe haufi-ufi le alfabeta ea Segerike, e na le litlhaku tse eketsehileng tse ka bang 12 kapa ho feta tse qapetsoeng ho bontša melumo ea Seslavone e sieo Segerikeng. Leha ho le joalo, libuka tse ling tsa pele-pele tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seslavone li sebelisa mongolo o fapaneng haholo, o bitsoang Seglagole, ’me ke mongolo ona oo litsebi tse ngata li lumelang hore o qapiloe ke Cyril. Ho bonahala hore litlhaku tse seng kae tsa Seglagole li tsoa mongolong o hariloeng oa Segerike kapa oa Seheberu. E ka ’na eaba tse ling li tsoa molumong oa mantsoe oa lilemong tse bohareng, empa bongata ba tsona ke tse qapiloeng ka botsona le tse rarahaneng. Ho bonahala hore Seglagole ke mongolo o ikhethileng haholo le o qapiloeng ka booona. Leha ho le joalo, ke mongolo oa Cyril oo e ileng ea e-ba oa Serussia, Seukraine, Seserbia, Sebulgaria le puo ea Macedonia ea kajeno, ntle le lipuo tse ling tse 22, tseo tse ling tsa tsona e seng tsa sehlopha sa Seslavone.

[Artwork—Cyrillic and Glagolitic characters]

[’Mapa o leqepheng la 31]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leoatle la Baltic

(Poland)

Bohemia (Czechia)

Moravia (E. Czechia, W. Slovakia, W. Hungary)

Nitra

’MUSO OA MAFRANK O KA BOCHABELA (Jeremane le Austria)

ITALY

Venice

Roma

Leoatle la Mediterranean

BULGARIA

GREECE

Thesalonika

(Crimea)

Leoatle le Letšo

Bithynia

Constantinople (Istanbul)

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Bibele ea Seslavone ea mongolo oa Cyril ea ho tloha ka 1581

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Bible: Narodna in univerzitetna knjiz̆nica-Slovenija-Ljubljana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela