Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 4/1 maq. 20-23
  • Na U Bona Eka Batho ha ba U Utloisise?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Bona Eka Batho ha ba U Utloisise?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ke ke Ua ho Qoba
  • Liphello Tse Seng Ntle
  • Hlakisa Litaba ka Moea oa Lerato
  • “Jehova o Lekanya Lipelo”
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Utloisisa Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle oa Ka a Nkutloisitse Bohloko?
    Tsoha!—2000
  • Motsoalle oa Sebele ke ea Joang?
    Tsoha!—2014
  • Ke Hobane’ng ha Motsoalle a Nkutloisitse Bohloko?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 4/1 maq. 20-23

Na U Bona Eka Batho ha ba U Utloisise?

ANTONIO o ne a ikutloa a ferekane. Ka tšohanyetso feela ebile e le ka mokhoa o ke keng oa hlalosoa, motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, Leonardo, o ne a se a se mahlong.a Maemong a fapaneng o ne a thōla ha Antonio a mo lumelisa, ’me ha ba le hammoho, ho ne ho e-ba le lekhalo pakeng tsa bona. Antonio o ile a qala ho tšoha hore e tlameha ebe o ile a etsa kapa a bua ho hong hoo motsoalle oa hae a sa kang a ho utloisisa. Empa e le hofe?

Ho se utloisisane ho tloaelehile. Ho hong ke ho honyenyane ’me ho lokisoa habonolo. Ho hong e ka ba ho ferekanyang ka ho fetisisa, haholo ha maikutlo a fosahetseng a phehella ho sa tsotellehe boiteko bohle ba ho a felisa. Ke eng e bakang ho se utloisisane? Ho ama batho ba amehang joang? U ka etsa joang haeba batho ba bang ba sa utloisise seo u se etsang? Na ho hlile hoa tsotelleha hore na batho ba bang ba nahana’ng ka uena?

U ke ke Ua ho Qoba

Kaha batho ba bang ba ke ke ba bona seo re se nahanang le seo re se rerileng, ka nako e ’ngoe motho e mong o tla rehella lipolelo kapa liketso tsa hao. Ho na le lintho tse ngata tse ka ’nang tsa baka ho se utloisisane. Ka linako tse ling, re hlōleha ho itlhalosa ka ho hlaka le ka mokhoa o nepahetseng kamoo re ka ratang kateng. Lerata le teng le litšitiso tse ling li ka ’na tsa thatafalletsa ba bang hore ba re mamele ka ho feletseng.

Mekhoa e meng le litsela tse ling, le tsona li ka ’na tsa rehelloa. Ka mohlala ho ka ’na ha etsoa qeto ea hore motho ea lihlong ha a na botsoalle, o iphapanyetsa batho, kapa oa ikhohomosa. Liketsahalo tsa nakong e fetileng li ka ’na tsa fella ka hore motho a betoe ke pelo ho e-na le ho khoba matšoafo maemong a itseng. Ho se tšoane ka puo le ka setso ho bolela hore re ke ke ra utloisisana kamoo re ka ratang kateng. Phaella sena ka litlaleho tse sa nepahalang le litšebo, ’me ha hoa lokela ho re makatsa hore ka linako tse ling ho rehella taba e builoeng kapa ketso e entsoeng, ho etsa hore e fapane le seo e neng e le morero oa eona. Ha e le hantle, sena sohle ke matšeliso a fokolang ho ba nahanang hore ba etsellelitsoe.

Ka mohlala, Anna o ne a sa bua ntho e khōlō hakaalo ka botumo ba motsoalle ea neng a le sieo. Polelo ena ea hae e ile ea sothoa, ’me, Anna o ile a makala le ho ferekana ha motsoalle eo a mo qosa ka bohale ka pel’a batho ba bangata ka hore o mōna ka tlhokomelo eo a neng a e filoe ke motsoalle e mong oa motho e motona. Polelo ea Anna e ne e rehelletsoe ka ho feletseng, ’me boiteko bohle ba hae ba ho kholisa motsoalle oa hae hore o ne a sa rera bobe e ile ea e-ba ba lefeela. Boemo boo bo ile ba e-ba bohloko haholo, ’me ho ile ha feta nako e telele pele Anna a ka ineloa matsoho metsing.

Hore na ba bang ba u nka joang, ho atisa ho itšetleha ka hore na ba talima sepheo sa hao joang. Ka hona ke ntho ea tlhaho ho utloa bohloko ha batho ba sotha sepheo sa hao. U ka ’na ua halefa, u ikutloa hore ha ho na lebaka la hore na ke hobane’ng ha motho e mong a ka se u utloisise. U ka nka hore kahlolo e joalo e leeme, e mpe kapa e fosahetse ka ho feletseng, ’me e utloisa bohloko haholo—haholo haeba u hlompha maikutlo a batho ba u ahlolang ka leeme joalo.

Le hoja u ka khopisoa ke tsela eo batho ba u ahlolang ka eona, ho ntse ho loketse ho hlompha maikutlo a ba bang. Hase Bokreste hore u se ke ua tsotella seo batho ba bang ba se nahanang, ’me le ka mohla re ke ke ra batla hore mantsoe kapa liketso tsa rōna li be le phello e mpe ho batho ba bang. (Matheu 7:12; 1 Bakorinthe 8:12) Kahoo, ka linako tse ling ho ka ’na ha hlokahala hore u etse boiteko ba ho lokisa maikutlo a fosahetseng ao motho e mong a nang le ’ona ka uena. Leha ho le joalo, ho khathatseha haholo ka ho amoheleha ho batho ba bang, ho na le litšitiso kahobane ho etsa hore motho a ikhalale kapa a nahane hore oa khesoa. Hopola hore ’nete ea hore na u oa bohlokoa hakae, ha ea itšetleha ka seo batho ba se nahanang.

Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua hlokomela hore seo u songoang ka sona ke ’nete. Seo le sona se ka ’na sa u nyahamisa, empa haeba ka boithatelo le ka botšepehi u lumela hore ua fokola, liketsahalo tse joalo li ka ba molemo, li u susumelletsa hore u fetohe kamoo ho hlokahalang kateng.

Liphello Tse Seng Ntle

Ho se utloisisoe ho ka ’na ha fella hampe kapa ha se ke ha etsa joalo. Ka mohlala, haeba u utloa motho e mong a hoelelitse ka reschorenteng, u ka ’na ua qeta ka hore ke motho ea li qamotang kapa o na le maikutlo a mponeng. E ka ’na eaba u fositse. E ka ’na eaba motho eo a buang le eena ha a utloe hantle ka litsebeng. Kapa mohlomong morekisi oa lebenkeleng o bonahala a sa thaba, empa e ka ’na eaba ha a phele hantle. Le hoja ho se utloisisoe ho joalo ho baka maikutlo a seng matle, mohlomong ho ke ke ha e-ba le liphello tse tebileng kapa tsa nako e telele. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho se utloisisoe ho ka baka tlokotsi. Nahana ka liketsahalo tse peli historing ea Iseraele ea boholo-holo.

Ho shoeng ha Nahashe, morena oa Baammone, Davida o ile a romela manģosa ho ea tšelisa mora oa hae Hanune, ea neng a qalile ho busa sebakeng sa ntat’ae. Leha ho le joalo, boteng ba manģosa ana bo ile ba rehelloa ka hore ke ho ea hloela naha ea Baammone ka mabifi, ’me bo ile ba susumelletsa Hanune hore a qale ka ho tlotlolla manģosa ana le ho loana le Baiseraele ka mor’a moo. Ka lebaka leo, bonyane ho ile ha shoa batho ba 47 000—ba e-shoa feela ka lebaka la ho se utloisise sepheo se setle.—1 Likronike 19:1-19.

Pejana historing ea Iseraele, ho se utloisisoe ho hong ho ile ha rarolloa ka tsela e fapaneng. Merabe ea Rubene, Gade le Manase e ile ea haha aletare e hlahelletseng Nōkeng ea Jordane. Baiseraele ba bang ba ile ba bona ketso ena e le ho se tšepahale, e le ho fetohela Jehova. Kahoo, ba ile ba bokana ho ea loana. Pele ba ka etsa eng kapa eng e khōlō, Baiseraele bana ba bang ba ile ba romela manģosa a il’o hlalosa hore ba halefile haholo ka lebaka la ketso eo ba e bonang ea ho se tšepahale. Ho bile hotle hore ba etse joalo hobane ba hahileng aletare eo ba ile ba arabela ka hore morero oa bona e ne e se ho furalla borapeli bo hloekileng. Ho fapana le hoo, aletare eo e ne e le seemahale se bontšang botšepehi ba bona ho Jehova. Batho ba bangata ba ka be ba ile ba shoa ka lebaka la ho se utloisisane hoo, empa ho etsa lintho ka bohlale ho ile ha etsa hore ho qojoe liphello tse bohloko.—Joshua 22:10-34.

Hlakisa Litaba ka Moea oa Lerato

Ho bapisa litlaleho tsena hoa ruta. Ho totobetse hore ke bohlale ho hlakisa taba. Ketsahalong eo ho sa tsoa buisanoa ka eona, ke mang ea tsebang hore na ho pholositsoe batho ba bakae feela hobane mahlakore aa a mabeli a ile a buisana? Mabakeng a mangata, bophelo bo ke ke ba e-ba kotsing haeba u hlōloa ho utloisisa sepheo sa sebele sa motho e mong, empa setsoalle se ka ’na sa e-ba kotsing. Kahoo, haeba u bona eka motho e mong o u sitetsoe, na u kholisehile hore u utloisisa boemo hantle, kapa mohlomong u rehella seo a se buileng? Sepheo sa hae e ne e le sefe? Mo botse. Na u bona hore ha aa u utloisisa? Buisanang ka hona. Le se ke la lumella boikhohomoso ho le sitisa ho buisana.

Jesu o ile a fana ka khothatso e ntle haholo ea ho rarolla ho se utloisisoe: “Joale, haeba u tlisa mpho ea hao aletareng ’me u hopola hore mor’eno o na le ho hong khahlanong le uena, u siee mpho ea hao moo ka pel’a aletare, ’me u tlohe; etsa khotso le mor’eno pele, ’me joale, ha u khutlile, u nyehele mpho ea hao.” (Matheu 5:23, 24) Kahoo ntho e loketseng eo u ka e etsang ke ho ea ho motho eo boinotšing, le sa bitsa ba bang. Ho tla senya litaba haeba motho ea u khopisitseng a utloa tletlebo ea hao ka motho e mong pele. (Liproverbia 17:9) Pakane ea hao e lokela ho ba ho bōpa khotso ka moea oa lerato. Hlalosa bothata ka ho hlaka le ka mantsoe a bonolo, a sa qoseng. Hlalosa hore na boemo boo bo etsa hore u ikutloe joang. Joale, mamela maikutlo a e mong ntle ho leeme. U se ke ua potlakela ho nahanela motho e mong hampe. Ipolelle feela hore motho eo o ne a se na sepheo se sebe. Hopola, lerato “le lumela lintho tsohle.”—1 Bakorinthe 13:7.

’Nete ke hore esita leha ho se utloisisoe ho lokisitsoe, ho hlabeha kapa liphello tse mpe li ka ’na tsa salla. Ho ka etsoa joang? Moo ho hlokahalang, ho loketse hore ea fositseng a kōpe tšoarelo ka tieo a be a nke bohato leha e le bofe boo ka ho utloahalang bo ka lokisang litaba. Maemong ’ohle a joalo, ho hotle ha motho ea sitetsoeng a ka latela keletso e latelang: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:13, 14; 1 Petrose 4:8.

Hafeela re ntse re sa phethahala, ho se utloisisane le ho hlabeha li tla ba teng. E mong le e mong a ka etsa phoso kapa a bua ka tsela e utloahalang e sa nahanele kapa e se mosa. Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.” (Jakobo 3:2) Kaha Jehova Molimo o bona sena sohle, o re file litaelo tsena: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello. Hape, u se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang, e le hore u se ke ua utloa mohlanka oa hao a u rohaka. Etsoe pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.”—Moeklesia 7:9, 21, 22.

“Jehova o Lekanya Lipelo”

Ho thoe’ng haeba ho bonahala ho le thata ho lokisa maikutlo a seng matle ao motho e mong a nang le ’ona ka uena? U se ke ua tela. Tsoela pele u hlaolela le ho bonahatsa litšoaneleho tsa Bokreste hamolemo kamoo u ka khonang kateng. Kōpa Jehova hore a u thuse ho ntlafatsa moo ho hlokahalang teng. Qetellong, hase batho ba bang ba etsang qeto ea hore na u motho oa bohlokoa hakae. Jehova ke eena feela ea ka ‘lekanyang lipelo’ ka nepo. (Liproverbia 21:2) Esita le eena Jesu o ne a khesoa le ho nyelisoa ke batho, empa seo ha sea ka sa ama tsela eo Jehova a mo talimang ka eona. (Esaia 53:3) Le hoja ba bang ba ka ’na ba ba le maikutlo a sa nepahalang ka uena, u ka ‘tšollela pelo ea hao’ ho Jehova, u kholisehile hore oa u utloisisa, “etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (Pesaleme ea 62:8; 1 Samuele 16:7) Haeba u phehella ho etsa se setle, ba nang le maikutlo a seng matle ka uena, ba ka ’na ba hlokomela phoso ea bona ’me ba fetola pono ea bona, ka mor’a nako.—Bagalata 6:9; 2 Timothea 2:15.

Na u hopola Antonio, ea boletsoeng qalong ea sehlooho see? O ile a iteta sebete ho latela keletso ea Mangolo, ’me a bua le motsoalle oa hae Leonardo, a botsa hore na o ile a mo khopisa ka eng. Ho ile ha fella ka eng? Leonardo o ile a makala. O ile a araba ka hore ha ho letho leo Antonio a mo khopisitseng ka lona ’me a mo tiisetsa hore o ne a sa rera ho mo fetohela ka tsela leha e le efe. Haeba o bonahetse a se mahlong, mohlomong e ne e mpa feela e le kelello e lelerang. Leonardo o ile a kōpa tšoarelo hore ebe o hlabehisitse motsoalle oa hae a sa rera ’me a mo leboha ka ho mo hlokomelisa taba eo. A eketsa ka hore ka moso, o tla ba hlokolosi haholoanyane e le hore a se ke a fa ba bang maikutlo a joalo. Moferefere oohle o neng o le teng pakeng tsa bona o ile oa fela, ’me metsoalle ena e ’meli e ile ea atamelana joaloka pele.

Ho bohloko ho ba le maikutlo a hore batho ha ba u utloisise. Leha ho le joalo, haeba u nka mehato eohle e ka khonehang ea ho lokisa taba le ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo ea lerato le tšoarelo, ho ka etsahala hore le uena u finyelle liphello tse molemo ka tsela e tšoanang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehloohong sena ho sebelisitsoe mabitso a iqapetsoeng.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho lokisa litaba ka moea oa lerato le oa tšoarelo ho ka isa liphellong tse thabisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela