Bibele Bukeng e le ’Ngoe
BAKRESTE ba pele e ne e le bona ba ka sehloohong ba neng ba sebelisa codex—buka, eseng moqolo ha ba etsa likopi tsa Bibele. Leha ho le joalo, Bakreste bana ha baa ka ba qala hang-hang ho etsa buka e le ’ngoe e nang le libuka tsohle tsa Bibele. Flavius Cassiodorus ke eena oa pele ea ileng a nka bohato ba bohlokoa bo sabaletseng ba ho ngola Bibele bukeng e le ’ngoe lekholong la botšelela la lilemo.
Flavius Magnus Aurelius Cassiodorus o hlahetse lelapeng le ruileng Calabria, ntlheng e ka boroa ea Italy ea kajeno, hoo e ka bang ka 485-490 C.E. O phetse nakong ea merusu historing ea Italy ha Magoth e ne e le ’ona a pele a neng a lula hlohleng eo, eaba ho latela batho ba Byzantium. Ha a ne a le lilemo tse ka bang 60 kapa 70, Cassiodorus o ile a haha ntlo ea baitlami ea Vivarium le laebrari e pel’a lehae la hae Squillace, Calabria.
Mohlophisi oa Bibele ea Hlokolosi
Ntho e ’ngoe eo Cassiodorus a neng a amehile ka eona ke ho etsa hore batho ba fumane Bibele. Rahistori Peter Brown oa ngola: “Ho latela maikutlo a Cassiodorus, ho ne ho lokela hore ho sebelisoe mokhoa oa Selatine ka ho feletseng ha ho ngoloa Mangolo e le hore batho ba a fumane. Ho ne ho lokela hore ho sebelisoe lintho tsohle tse neng li sebelisitsoe nakong e fetileng ho thusa hore taba e ngotsoeng ea Segerike e baloe le ho kopitsoa, e le hore Mangolo a utloisisoe le ho kopitsoa ka bohlale. Joaloka potoloho ea lipolanete e sa tsoa qalisa, setso sa Selatine ka kakaretso se ne se lokela ho likoloha tseleng e potolohang letsatsi le leholo la Lentsoe la Molimo.”
Cassiodorus o ile a kopanya bafetoleli le litsebi tsa sebōpeho-puo ntlong ea baitlami ea Vivarium hore ba hlophise Bibele eohle, ’me a laola tšebetso ea ho e hlophisa ka hloko. O ile a beha mosebetsi oo tlhokomelong ea banna ba seng bakae feela ba rutehileng. Ba ne ba lokela hore ba qobe ho lokisa ka lepotlapotla seo ho nahanoang hore ke liphoso tsa bangoli. Haeba ho ne ho e-na le potso e mabapi le sebōpeho-puo, libuka tsa Bibele tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho li ne li lokela ho nkoa li e-na le matla a ho tšehetsa taba a fetang a tsa Selatine se tloaelehileng se amohelehang. Cassiodorus o ile a laela a re: “Litšobotsi tse ikhethang tsa sebōpeho-puo . . . li tlameha ho bolokoa, kaha ho ke ke ha khoneha hore taba e ngotsoeng eo ho tsebahalang hore e bululetsoe e fetoloe. . . . Mekhoa ea Bibele ea ho beha taba, ea ho etsa lipapiso le maele e tlameha ho bolokoa, esita le haeba e sa tloaeleha Selatineng, feela joalokaha sebōpeho sa mabitso ‘a Seheberu’ se lokela ho bolokoa.”—The Cambridge History of the Bible.
Codex Grandior
Bakopitsi ba ntlong ea baitlami ea Vivarium ba ile ba laeloa hore ba etse bonyane likhatiso tse tharo tse arohaneng tsa Bibele ka Selatine. E ’ngoe ea tsona, e neng e ngotsoe libukeng tse robong, mohlomong e ne e le ea taba e ngotsoeng ka Selatine sa Khale, e leng phetolelo e ileng ea hlaha qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo. Khatiso ea bobeli e ne e le ea Vulgate ea Selatine, eo Jerome a ileng a e phetha hoo e ka bang qalong ea lekholo la bohlano la lilemo. Ea boraro, e leng Codex Grandior, e bolelang “codex e khōloanyane,” e ne e nkiloe tabeng e ngotsoeng ea Libibele tse tharo. Likhatiso tse peli tsa ho qetela li ile tsa kopanya libuka tsohle tsa Bibele bukeng e le ’ngoe.
Ho bonahala hore Cassiodorus e bile eena oa pele ea ileng a kopanya Libibele tsa Selatine bukeng e le ’ngoe, a li reha pandectae.a Ha ho pelaelo hore o ne a bona hore ho molemo ho kopanya libuka tsohle tsa Bibele bukeng e le ’ngoe, kahoo a felisa mosebetsi o senyang nako oa ho batla taba libukeng tse ngata.
Ho Tloha Italy e ka Boroa ho ea Lihlekehlekeng Tse Nyenyane Tsa Brithani
Kapele ka mor’a lefu la Cassiodorus (hoo e ka bang ka 583 C.E.), leeto la Codex Grandior le ile la qala. Ho lumeloa hore karolo ea laebrari ea Vivarium e ile ea isoa laebraring ea Lateran, Roma ka nako eo. Ka 678 C.E., mookameli oa ntlo ea baitlami oa Lenyesemane e leng Ceolfrith o ile a tla le codex eo lihlekehlekeng tse nyenyane tsa Brithani ha a khutla Roma moo a neng a lula teng. Ke kamoo e ileng ea tla matlong a mabeli a baitlami, ea Wearmouth le ea Jarrow, a neng a le tlas’a tsamaiso ea Ceolfrith, sebakeng seo hona joale e leng Northumbria, Engelane.
E tlameha ebe Bibele ea Cassiodorus e bukeng e le ’ngoe e ile ea hohela Ceolfrith le baitlami ba hae, bao ho ka etsahalang hore ba ne ba hapiloe ke hore ho bonolo ho e sebelisa. Kahoo, ka mashome a seng makae feela a lilemo, ba ile ba ngola Libibele tse ling tse tharo tsa buka e le ’ngoe. Kopi feela e ntseng e le teng ho tsena ke buka e khōlō e ngotsoeng ka letsoho e bitsoang Codex Amiatinus. E na le maqephe a letlalo la namane a 2 060, ao ka leng la ’ona le leng bolelele ba lisenthimithara tse 51 le bophara ba tse 33. Ha ho kopanyelletsoa le likoahelo tsa eona e botenya ba lisenthimithara tse 25, ’me boima ba eona ke lik’hilograma tse 34. Ke eona Bibele ea Selatine ea pele-pele ea buka e le ’ngoe e feletseng e ntseng e le teng. Setsebi sa Bibele se tummeng sa lekholo la bo19 la lilemo Fenton J. A. Hort se ile sa tseba codex ena ka 1887. Hort o itse: “Esita le motho oa kajeno ea boneng mohlolo ona oa [buka e ngotsoeng ka letsoho] oa hlolloa.”
E Khutlela Italy
Codex Grandior ea pele e ngotsoeng ke Cassiodorus hona joale e lahlehile. Empa Codex Amiatinus, e kopilitsoeng ho eona ke Manyesemane e ile ea qala leeto la ho khutlela Italy kapele ka mor’a hore e phethoe. Nakoana pele Ceolfrith a e-shoa, o ile a etsa qeto ea ho khutlela Roma. O ile a ea a nkile e ’ngoe ea Libibele tsa hae tsa Selatine tse tharo tse ngotsoeng ka letsoho e le mpho e eang ho Mopapa Gregory II. Ceolfrith o ile a shoela tseleng ka 716 C.E., a shoela Langres, Fora. Empa Bibele ea hae e ile ea tsoela pele leetong la eona e nkiloe ke sehlopha sa batsamai. Codex ena e ile ea qetella e le laebraring ea ntlo ea baitlami e Thabeng ea Amiata, e Italy e bohareng, e leng moo e nkileng lebitso la Codex Amiatinus teng. Ka 1782, buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ile ea isoa Laebraring ea Medicean-Laurentian e Florence, Italy, moo e ntseng e le le leng la matlotlo a laebrari ena le ananeloang ka ho fetisisa.
Codex Grandior e re amme joang? Ho tloha nakong ea Cassiodorus, bakopitsi le bahatisi ba ’nile ba khothalletsa haholoanyane hore Bibele e ngolloe bukeng e le ’ngoe. Ho theosa ho tla fihlela kajeno, ho ba le Bibele e le sebōpehong sena ho nolofalelitse batho haholoanyane hore ba e bale, ’me ka ho etsa joalo ba rue molemo matleng a eona bophelong ba bona.—Baheberu 4:12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho bonahala hore ho ’nile ha ajoa Libibele tsa Segerike tse feletseng ho tloha lekholong la bone le la bohlano la lilemo.
[’Mapa o leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Leeto la Codex Grandior
Ntlo ea baitlami ea Vivarium
Roma
Jarrow
Wearmouth
Leeto la Codex Amiatinus
Jarrow
Wearmouth
Thaba ea Amiata
Florence
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Ka holimo: Codex Amiatinus
Ka ho le letšehali: Setšoantšo sa Esdrase ho Codex Amiatinus
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Biblioteca Medicea Laurenziana, Firenze