Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 7/1 leq. 32
  • Liketsahalo Tse sa Lebaleheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liketsahalo Tse sa Lebaleheng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 7/1 leq. 32

Liketsahalo Tse sa Lebaleheng

SELEMO se seng le se seng, Lipaki tsa Jehova li bokana hammoho linaheng tsa habo tsona, likopanong tsa Bokreste tse khōlō le tse nyenyane. Li etsa sena ho thabela taeo e matlafatsang moeeng le botsoalle. Empa le litšobotsi tse ling tsa liboka tsa tsona e ka ba tse sa lebaleheng ho baeti.

Ka mohlala, ka July 1999, Lipaki tse likete tsa Mozambique li ile tsa bokana ka matsatsi a mararo ao ho ’ona li ileng tsa rua molemo Likopanong tsa Setereke tsa “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Ba bangata ho ba neng ba le teng ba ne ba qala ho ba teng kopanong. Ha baa ka ba khahloa feela ke mantsoe ao ba a utloileng sethaleng empa ba ile ba boela ba khahloa ke seo ba se boneng ho ba pota-pota.

Tlhaloso e ’ngoe e ileng ea etsoa Holong ea Maputo ea Kopano e bile e reng: “Bophelong bohle ba ka ke qala ho bona sebaka se setle hakana! Matloana a ne a e-na le sesepa le liipone, ’me a ne a nkha hamonate. Tikolohong ena ho ne ho rena khotso ho se na lerata la bana ba loanang. Ho sa sututsanoe! Ke bone bacha ba thabileng ba qoqang ka mokhoa o khothatsang. Ke ile ka khahloa hape ke tsela eo ka eona e mong le e mong a neng a apere hantle kateng. Nakong e tlang, ke tla tla le bana ba ka ’me ke kholise monna oa ka hore re tlameha ho ba teng kopanong ena.”

E, botšepehi le bohloeki ba Lipaki tsa Jehova lia hlokomeleha. Ke hobane’ng ha Lipaki li sa tšoane le batho ba bang? Hobane li leka kannete ho sebelisa seo li ithutang sona Bibeleng. Ke hobane’ng ha u sa bokane le tsona selemong see likopanong tsa tsona tse khōlō kapa libokeng tsa tsona tsa beke le beke Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno ’me u inoese ka nkho?

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

ZAMBIA

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

KENYA

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

MOZAMBIQUE

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela