Ho Khanya Joaloka Maseli Motseng oa Leseli
Lepetjo la motse oa Paris ke Fluctuat nec mergitur, kapa “O khahleloa ke maqhubu empa ha o tebe.”
LILEMONG tse fetileng tse fetang 2 000, Paris e ’nile ea tšoana le sekepe ha e thulana ka sebete le lifefo tsa basele le bofetoheli ba ka hare ho naha e le hore e ’ne e phaphamale. Hona joale Paris ke o mong oa metse e metle ka ho fetisisa lefatšeng, e ratoa ka lebaka la mehaho ea eona e metle haholo, litsela tse lemiloeng lifate le litsi tse tummeng lefatšeng tsa pokello ea lintho tsa khale. Ba bang ba nahana hore ke sebaka se khathaletsoang ke bangoli ba lithoko, baetsi ba litšoantšo tse ferefuoang le bo-rafilosofi. Ba bang ba thabela lihanyamafotha tsa eona ’me ba rata lifeshene tsa eona tsa basali.
Litabeng tsa histori, Paris e bile qhobosheane ea Bok’hatholike. Lilemong tse fetileng tse 200, Paris e ile ea tsejoa e le Motse oa Leseli ka lebaka la karolo ea eona ea bohlokoa mokhatlong oa Europe oa mahlale o tsejoang e le Tlhahiso Leseling. Kajeno, ebang baa hlokomela kapa che, batho ba bangata ba Paris ba susumetsoa haholo ke filosofi ea nakong eo ho feta bolumeli.
Leha ho le joalo, bohlale ba motho, ha boa hlahisa motho leseling joalokaha ho lebeletsoe. Ba bangata kajeno ba batla leseli mohloling o fapaneng. Ka lilemo tse ka bang 90 joale, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ‘khanya e le maseli’ Paris. (Bafilipi 2:15) Joaloka basesisi ba hloahloa ba likepe, li ’nile tsa tlameha hore nako le nako li kheme le maemo kapa liketsahalo e le hore li hule “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.”—Hagai 2:7.
Motse o Thata
Khale koana ka 1850, motse oa Paris o ne o e-na le baahi ba 600 000. Baahi ba kajeno, ho akarelletsa le ba metse-toropo, ba feta limilione tse robong. Keketseho ena e entse hore Paris e be motse oa Fora o nang le baahi ba mefuta-futa. Ke setsi sa thuto e phahameng lefatšeng, univesithi e ’ngoe ea eona ke ea khale ka ho fetisisa lefatšeng, ’me e na le liithuti tsa univesithi tse ka bang 250 000. Metse-toropo e meng ea Paris, e nang le mehaho e mengata ea lifolete tse phahameng haholo tse tsebahalang ka botlokotsebe le khaello ea mesebetsi, ha e hlahise Paris hantle. Ha ho pelaelo hore ho hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li be bohlale le ho tenyetseha le maemo e le hore li bolele litaba tse molemo ka tsela e ipiletsang ho batho ba mefuta eohle.—1 Timothea 4:10.
Bahahlauli ba fetang limilione tse 20 ba etela Paris selemo le selemo. Ba ka ’na ba thabela ho hloa Tora ea Eiffel, ho otlolla maoto mathōkong a nōka ea Seine, kapa ho iketla lik’hefing tse ka thōko ho tsela le lireschorenteng le ho thabela ho boha sebaka. Leha ho le joalo, bophelo ba batho ba Paris bo ka ba maphathaphathe haholo.
Christian, ’moleli e mong oa kamehla, oa hlalosa: “Batho ba potlakile ka linako tsohle. Ha ba khutla mesebetsing, ba khathetse haholo.” Ha ho bonolo ho bua le batho bana ba phathahaneng.
Leha ho le joalo, bothata bo bong bo boholo ka ho fetisisa boo Lipaki tsa Jehova li tobanang le bona Paris, ke ho buisana le batho malapeng. Mehaho e meng e na le liinthak’homo. Leha ho le joalo, kaha tlōlo ea molao e ntse e eketseha, hangata mehaho ea lifolete e na le nomoro ea lekunutu eo ho kenoang ka eona, ’me batho ha ba lumelloe ho kena. Ha ho pelaelo hore sena se bontša hore na ke hobane’ng ha libakeng tse ling ho e-na le Paki e le ’ngoe bakeng sa batho ba 1 400. Kahoo, ho pakoa haholo ka thelefono le ka mokhoa o sa reroang. Na Lipaki tsa Jehova li khonne ho ‘khantša leseli’ la tsona ka litsela tse ling?—Matheu 5:16.
Ho na le menyetla e mengata le libaka tse ngata bakeng sa bopaki bo sa reroang. Martine o ile a bona mosali ea neng a bonahala a tšoenyehile a eme seemelong sa libese. Mosali enoa o ne a sa tsoa shoeloa ke morali oa hae ea mong. Martine o ile a mo fa bukana e buang ka tšepo e tšelisang ea Bibele ea tsoho. Ka mor’a moo ha aa ka a kopana le eena ka likhoeli tse ’maloa. Ha Martine a bona mofumahali enoa hape, o ile a khona ho qalisa thuto ea Bibele le eena. Ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa hae, mosali enoa e ile ea e-ba Paki.
Bopaki bo sa Reroang bo Behang Litholoana
Tsamaiso ea lipalangoang tsa sechaba ea Paris ke e ’ngoe ea tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng. Literene tse tummeng tsa Metro li tsamaisa baeti ba 5 000 000 letsatsi le letsatsi. Ho boleloa hore lefatšeng lohle, seteishene se seholo sa ka tlas’a lefatše sa Paris, e leng Châtelet-Les-Halles, ke sona se seholo ka ho fetisisa le se phetheselang ka ho fetisisa. Ho na le menyetla e mengata ea ho teana le batho teng. Alexandra o ea mosebetsing ka Metro letsatsi le leng le le leng. Ka letsatsi le leng o ile a qoqa le monna ea sa leng mocha ea neng a kulela lefu a tšoeroe ke kankere ea mali. Alexandra o ile a mo fa pampitšana e buang ka tšepo ea Paradeise. Puisano ea Bibele e ne e tšoaroa ka nako e le ’ngoe le sebakeng se le seng letsatsi le leng le le leng ka libeke tse tšeletseng. Ka letsatsi le leng, monna enoa o ile a khaotsa ho tla. Nakoana ka mor’a moo, mosali oa hae o ile a bua le Alexandra ka thelefono ’me a mo bolella hore a tle sepetlele kaha monna oa hae o ne a kula haholo. Ka masoabi, Alexandra o ile a fihla e se e le maobane. Ka mor’a lefu la hae, mosali oa monna enoa o ile a fallela Bordeaux, ka boroa-bophirimela ho Fora, moo a ileng a eteloa ke Lipaki tsa moo. Alexandra o ile a thaba hakaakang ka mor’a selemo ha a utloa hore mohlolohali eo e se e le Paki ea Jehova ea Mokreste e kolobelitsoeng, e nang le tšepo ea ho bona ha monna oa eona a tsosoa!—Johanne 5:28, 29.
Mosali-moholo e mong oa Mokreste o ile a bua le Renata tereneng e neng e tloha Paris e e-ea Limoges, Fora e bohareng. Renata o ne a ithutile thuto ea bolumeli, Seheberu le Segerike ka lilemo tse hlano hahabo Poland, empa o ne a feletsoe ke tumelo ho Molimo. Likhoeli tse tharo pele ho moo, o ne a rapetse Molimo. Le hoja a ne a hlile a sa thahaselle seo morali enoa oabo rōna ea tsofetseng a neng a se bolela, a bile a sa nahane hore o tla bua le eena hape, Renata o ile a mo fa nomoro ea hae ea thelefono. Leha ho le joalo, morali enoa oabo rōna o ile a qophella ’me a etsa ka matla hore nakoana ka mor’a moo Renata a eteloe. Ha banyalani ba Lipaki ba mo etetse, Renata o ile a nahana, ‘Ekaba ba ka nthuta eng?’ Ho sa tsotellehe thuto ea hae ea seminaring, ka boikokobetso Renata o ile a huleloa ’neteng ea Bibele. Oa hlalosa: “Ke ile ka utloisisa hang-hang hore ke ’nete.” Hona joale o thabela ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele.
Michèle o ne a kena sekolo sa ho khanna. Liithuti tse ling thutong ea sehlopha sa thuto ea ho khanna li ile tsa qala ho bua ka ho kopanela liphate pele ho lenyalo. Michèle o ile a ho hanyetsa. Beke hamorao, morupeli oa ho khanna, e leng Sylvie, o ile a mo botsa: “Na u e mong oa Lipaki tsa Jehova?” Sylvie o ne a khahliloe ke pono ea Michèle e thehiloeng Bibeleng. Ba ile ba qalisa thuto ea Bibele, ’me selemo hamorao Sylvie o ile a kolobetsoa.
Lirapa tse ngata tsa boikhathollo tsa Paris li ntle haholo bakeng sa ho qoqa le batho. Josette o ile a sebelisa nako ea khefu ka ho ea serapeng sa boikhathollo moo mosali-moholo e mong, Aline, a neng a ntse a otlolla maoto teng. Josette o ile a hlalosa litšepiso tse babatsehang tse fumanoang ka Bibeleng. Ba ile ba lokisetsa thuto ea Bibele, ’me Aline o ile a tsoela pele kapele ho fihlela a kolobetsoa. Hona joale, Aline o lilemo li 74 ’me ke mosebeletsi ea behang litholoana haholo oa pula-maliboho oa kamehla, ea thabelang ho bolella ba bang ’nete ea Bokreste.
Leseli Bakeng sa Lichaba Tsohle
Ha ho hlokahale hore Lipaki tsa Paris li ee linaheng tse hōle hore li thabele litso tse ngata tse sa tšoaneng. Hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea baahi ke ba linaha tse ling. Ho na le liphutheho le lihlopha tsa Bakreste ka lipuo tse sa tšoaneng tse ka bang 25.
Kananelo le ho nahana li atisa ho hlahisa liphello tse molemo mosebetsing ona o khethehileng oa ho bolela evangeli. Paki e ’ngoe ea Lefilipino e ile ea iqalla tšimo e khethehileng. Ha e ntse e reka, e khona ho qala lithuto tse ngata tsa Bibele ka ho qala moqoqo le Mafilipino a mang a ka lebenkeleng.
Boikemisetso boa putsa boboleling. Ka December 1996, ha Lipaki tsa phutheho e ’ngoe ea puo esele li tseba hore ho na le liserekisi tse tummeng lefatšeng tse tla tlisoa toropong ea habo tsona, li ile tsa etsa qeto ea ho leka ho buisana le libapali tsa liserekisi tseo. Mantsiboeeng a mang ka mor’a lipontšo, li ile tsa khona ho buisana le libapali tse neng li khutlela hoteleng ea tsona. Boikemisetso bona bo ile ba fella ka hore ho tsamaisoe Libibele tse 28, libuka tsa Bokreste tse 59, libukana tse 131 le limakasine tse 290. Ka mor’a libeke tse tharo tsa ha liserekisi li le moo, e mong oa libapali o ile a botsa: “Nka ba e mong oa Lipaki tsa Jehova joang?” E mong eena o ile a re: “Ke tla bolela naheng ea heso!”
Lintho Tsa Bohlokoa Tse Patiloeng Tse Lokelang ho Fumanoa
Hohle moo batho ba etetseng Paris ba shebang teng, ba bona mehaho e khahlisang ea bohlokoa ea mehleng e fetileng. Leha ho le joalo, lintho tse eketsehileng tsa bohlokoa li ntse li letetse hore li fumanoe. Aniza o ile a ea Fora le rakhali’ae oa monna, eo e leng moemeli oa naha ea habo. O ne a bala Bibele kamehla lapeng. Ka letsatsi le leng ha a e-tsoa a potlakile ka tlung, pula-maliboho e mong o ile a mo fa pampitšana e bitsoang Lebaka la Hore U Tšepe Bibele. Ba ile ba lokisetsa hore ba kopane bekeng e latelang, ’me ba ile ba qalisa thuto ea Bibele. Aniza o ile a hanyetsoa haholo ke ba lelapa labo. O ile a tsoela pele thutong ea hae ho fihlela a kolobetsoa. O nka monyetla oa ho bolella ba bang ’nete joang? “Qalong mosebetsi oa ho bolela o ne o le thata hobane ke lihlong. Leha ho le joalo, ha ke bala Bibele, e mpha matla. Kea tšoenyeha ha ke sa bolele.” Moea oo, o khetholla Lipaki tse ngata Paris, tse nang le ‘ho hongata hoo li ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakorinthe 15:58.
’Nete ea Bibele e boetse e khanya mererong ea kaho ea matlo a bolulo mathōkong a Paris, e senola “mahakoe” a mang. Bruce o ile a etela motsoalle oa hae, eo e neng e sa tsoa ba e mong oa Lipaki tsa Jehova ho ea alima lintho tse ling tse rekotiloeng. Ha a fumana motsoalle oa hae a buisana ka Bibele le batho ba bang bao Bruce a ba tloaetseng, Bruce o ile a mamela moqoqo oo. O ile a amohela ha a khothalletsoa thuto ea Bibele empa o ne a e-na le mathata a itseng. “Ke ne ke tsejoa haholo sebakeng sena. Moholoane oa ka eo e leng eena oa pele bashemaneng e ne e le rantoa, ’me ’na ke ne ke hlophisa meketjana e lerata ea metjeko. Ba bang ba ne ba tla amohela taba ea hore ke fetoha Paki joang?” Ho sa tsotellehe likōpo tse sa khaotseng tsa hore a hlophise meketjana, Bruce o ile a khaotsa mosebetsi oo. Khoeli hamorao o ile a qala ho bolela: “E mong le e mong sebakeng sena o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha ke fetohile Paki.” Kapele feela ka mor’a moo o ile a kolobetsoa. Qetellong o ile a ba le monyetla oa ho ba Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi.
Ho batla lintho tsa bohlokoa ho ka hloka boiteko bo matla. Leha ho le joalo, ho thabisa hakaakang ha mosebetsi o beha litholoana! Jacky, Bruno le Damien ba ne ba sebetsa lebakeng Paris. Jacky oa hlalosa: “Re ne re sa fumanehe hobane re ne re sebetsa ka linako tsohle ’me ho se mohla re bang teng lapeng.” Patrick, e leng pula-maliboho oa kamehla, o ile a bona hore ho ne ho e-na le likamore tse nyenyane ka holimo mohahong oo ba neng ba lula ho oona, ’me a etsa qeto ea hore bonyane ho na le e luloang. Ho phehella ha hae ho fumana beng ba eona ho ile ha e-ba le phello e molemo hobane ka letsatsi le leng thapama o ile a fumana Jacky, ea neng a lula moo ka nakoana. Phello e ile ea e-ba efe? Metsoalle ena e meraro e ile ea e-ba Lipaki ’me e ile ea khona ho fumana mosebetsi o mong o neng o e lumella ho kopanela ka botlalo mesebetsing ea puso ea Molimo.
Ho Khutsisa Sefefo
Haufinyane mecha e meng ea litaba ea Fora e hlahisitse Lipaki tsa Jehova e le sehlopha sa bolumeli se kotsi. Ka 1996, Lipaki li ile tsa kopanela ka pelo eohle ho abeng likopi tse fetang tse limilione tse robong tsa pampitšana e nang le taba e khethehileng e reng Jehovah’s Witnesses—What You Need to Know. Liphello li ile tsa e-ba molemo haholo.
Ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng hore ho finyelloe e mong le e mong. Ba bangata ba boholong ba ile ba bontša hore ba leboha Lipaki. Setho se seng sa lekhotla la ’masepala se ile sa ngola: “Lipaki tsa Jehova li entse hantle hore li tsamaise pampitšana ena. E felisa mashano.” Ngaka e ’ngoe e ile ea re: “Ke khale ke emetse ntho ena!” Monna e mong tikolohong ea Paris o ile a ngola: “Ke balile Jehovah’s Witnesses—What You Need to Know ke sa rera. Ke batla ho tseba haholoanyane le ho rua molemo oa thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng.” E mong eena o ile a ngola: “Ke leboha botšepehi ba lōna.” Mofumahali e mong oa Mok’hatholike o ile a re ho Lipaki: “Oh! Le qetelletse le arabetse mashano aa!”
Thabo e khethehileng ho bacha ba bangata ba Lipaki tikolohong ea Paris e ne e le letšolo la boboleli le neng le hlophiselitsoe Matsatsi a Lefatše a Bacha ba Mak’hatholike ka 1997. Le hoja mocheso o ne o le ka holimo ho ntlha ea khoamo ka likhato tse 35 tsa Celsius, Lipaki tse ka bang 2 500 li ile tsa kopanela. Ka matsatsi a seng makae feela, li ile tsa siela bacha ba tsoang likarolong tsohle tsa lefatše likopi tse 18 000 tsa bukana e bitsoang Buka ea Batho Bohle. Ntle ho ho pakela lebitso la Jehova le ho jala lipeō tsa ’nete, letšolo lena le ile la matlafatsa Lipaki tse nyenyane. Morali e mong oabo rōna e monyenyane ea ileng a khutsufatsa matsatsi a hae a phomolo e le hore a kopanele ka botlalo mosebetsing ona o khethehileng, o ile a ngola: “Jehova o na le batho ba thabileng lefatšeng, ba sebelisang matla a bona ho rorisa lebitso la hae. Hoa tšoaneleha hore ebe motho o ne a ka tela nako ea phomolo bakeng sa matsatsi ana a mabeli, a mosebetsi o mongata le o putsang! (Pesaleme ea 84:10)”
Letsatsi la la 28 February, 1998, le ne le tšoaea sehopotso sa bo65 sa molao-taelo o ileng oa ntšoa ke Hitler o ileng oa fella ka ho thibeloa ha Lipaki tsa Jehova Jeremane. Liholong tse hiriloeng, Lipaki tsa Fora li ile tsa sebelisa letsatsi leo bakeng sa ho bontša video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault, e qaqisang mahloriso ao batho ba Jehova ba ileng ba hlokofatsoa ka ’ona. Ho ile ha ajoa limemo tse fetang tse limilione tse supileng. Bo-rahistori le ba neng ba koaletsoe likampong tseo ba ile ba fana ka bopaki bo amang maikutlo. Tikolohong ea Paris, ba ka bang 5 000 ba ile ba e-ba teng, ho akarelletsa palo e khōlō ea bao e seng Lipaki.
Batho ba bangata ba Paris ba thabela leseli la moea haholo, ’me ba nyakaletse hore ebe bahoeletsi ba ’Muso ba khanya ka matla joaloka maseli. Ho joalokaha Jesu a ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.” (Matheu 9:37) Moea oa boikemisetso oa Lipaki tsa Jehova oa ho hlōla mathata a ho bolela motseng ona o entse Paris Motse oa Leseli ka kutloisiso e khethehileng, thorisong ea Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mehaho e Meholo ea ’Muso
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Setsi sa Pokello ea Lintho tsa Khale sa Louvre
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Opera Garnier
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho bolella batho ba phathahaneng molaetsa oa Bibele kae le kae moo ba fumanoang teng