Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 1/15 maq. 3-4
  • Na U Tšepile Molimo oa Sebele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tšepile Molimo oa Sebele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melimo e ‘ke Keng ea Pholosa’
  • “Ho ne ho se na ea Arabang”
  • Na ho na le Molimo a le Mong Feela oa ’Nete?
    Tsoha!—2006
  • Borapeli ba Baale—Ntoa Maikutlong a Baiseraele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Khutlelang Borapeling ba Jehova
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho II
  • O Ile a Emela Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 1/15 maq. 3-4

Na U Tšepile Molimo oa Sebele?

Sehlopha sa bafuputsi ba neng ba romiloe ke American Museum of Natural History se ne se le leetong la ho ea ithuta naha e ’ngoe ea Arctic eo mofuputsi Robert E. Peary a neng a tlalehile hore o e bone lilemong tse supileng pele ho moo, ka 1906.

HA Peary a le Cape Colgate karolong e ka leboea-bophirimela ea Amerika Leboea, o ne a ile a bona ntho e kang liqhooa tse tšoeu tsa naha e ’ngoe e hōle. O ile a e reha Naha ea Crocker, a e rehella ka e mong ea neng a mo tšehelitse licheleteng. Litho tsa sehlopha sa bafuputsi se ileng sa sala taba eo morao e tlameha ebe li ile tsa thaba hakaakang ha li bonela hōle sebaka se nang le maralla, likhohlo le litlhōrō tse koahetsoeng ke lehloa! Empa kapele feela li ile tsa hlokomela hore li bona seriti sa liqhooa tsa Arctic. Peary o ne a thetsitsoe ke ponahalo ena e thetsang ea sepakapaka, ’me ha ba e hlokomela, ba ne ba se ba sentse nako, matla le chelete ba fuputsa ntho eo e seng ea sebele.

Kajeno, batho ba bangata baa inehela ba be ba nehele le nako ea bona ho melimo eo ba lumelang hore ke ea sebele. Mehleng ea baapostola ba Jesu, ho ne ho rapeloa melimo e kang Hermese, le Zeuse. (Liketso 14:11, 12) Kajeno, bolumeling ba Boshinto, ba Bohindu le malumeling a mang a lefatše, ho rapeloa melimo e baloang ka limilione. Ka sebele, joalokaha Bibele e bolela, “‘melimo’ e mengata le ‘marena’ a mangata.” (1 Bakorinthe 8:5, 6) Na melimo ee kaofela ke ea sebele?

Melimo e ‘ke Keng ea Pholosa’

Ka mohlala, nahana ka tšebeliso ea litšoantšo kapa matšoao borapeling. Ho ba li tšepileng kapa ba rapelang ka tsona, litšoantšo tsena ke bapholosi ba fetang motho ka matla, ba ka putsang batho kapa ba ka ba lopollang kotsing. Empa na kannete li ka pholosa? Mabapi le lintho tse joalo, mopesaleme o ile a bina a re: “Litšoantšo tse rapeloang tsa lichaba ke silevera le khauta, mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše. Li na le melomo, empa ha li bue letho; li na le mahlo, empa ha li bone letho; li na le litsebe, empa ha li utloe letho. Hape ha ho na moea melomong ea tsona.” Ka sebele, ke melimo e ‘ke keng ea pholosa.’—Pesaleme ea 135:15-17; Esaia 45:20.

Ke ’nete hore ba etsang melimo ea litšoantšo ba ka ’na ba tlotla mosebetsi oa liatla tsa bona ka hore oa phela ebile o matla. ’Me ba rapelang litšoantšo baa li tšepa. Moprofeta Esaia o itse: ‘Ba jara [setšoantšo se rapeloang] mahetleng, baa se jara ’me ba se beha sebakeng sa sona e le hore se eme.’ ’Me oa eketsa: ‘Ha se tlohe sebakeng seo se emeng ho sona. E mong oa se hoeletsa, empa ha se arabe; ha se pholose motho mahlomoleng a hae.’ (Esaia 46:7) ’Nete ke hore, ho sa tsotellehe hore na tumelo ea ba tšepileng molimo oa setšoantšo e matla hakae, ha o phele. Litšoantšo tseo tse betliloeng le liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa ke “melimo ea lefeela.”—Habakuke 2:18.

Ho tloaelehile kajeno hore ho rapeloe batho ba boithabiso, libapali tse tummeng, mekhatlo ea lipolotiki le baeta-pele ba itseng ba bolumeli. Ho feta moo, chelete ke molimo oa ba bangata. Boemong bo bong le bo bong, melimo ena ea litšoantšo e etsoa seo e seng sona. Ha e fane ka sohle se lebeletsoeng ke ba lumelang ho eona ’me e ke ke ea fana ka sona. Ka mohlala, ho ka bonahala eka letlotlo le ka rarolla mathata a mangata, empa matla a leruo aa thetsa. (Mareka 4:19) Mofuputsi e mong o ile a botsa: “Ke eng se etsang hore ha batho ba fumane ntho eo ba e labalabelang ba le bangata hakana le eo ba lumelang hore ke makhona-tsohle e be le liphello tse fapa-fapaneng tse pakeng tsa masoabi le pherekano ea kelello?” E, ho phehella matlotlo ho ka ’na ha etsa hore motho a tele lintho tsa bohlokoa ka sebele, tse kang bophelo bo botle ba ’mele, bophelo bo khotsofatsang ba lelapa, setsoalle se haufi, kapa kamano ea bohlokoa le ’Mōpi. Molimo oa hae o fetoha ‘molimo oa setšoantšo oa bohata’!—Jonase 2:8.

“Ho ne ho se na ea Arabang”

Ke booatla ho bolela hore ntho eo e seng ea sebele ke ea sebele. Barapeli ba molimo Baale ba mehleng ea moprofeta Elia ba ile ba ithuta sena ka ketsahalo e bohloko. Ba ne ba kholisehile hore Baale o na le matla a ho theola mollo leholimong ’me a chese sehlabelo sa phoofolo. Ha e le hantle, “ba ’na ba ipiletsa lebitsong la Baale ho tloha hoseng ho fihlela motšehare, ba re: ‘Baale, re arabe!’” Na Baale o ne a e-na le litsebe tse ka utloang le molomo o ka buang? Tlaleho ena e tsoela pele e re: “Ho ne ho se na lentsoe, ’me ho ne ho se na ea arabang.” Ka sebele, ho ne “ho sa eloe hloko.” (1 Marena 18:26, 29) Ho ne ho se na Baale, a sa phele, kapa ho se seo a se etsang.

Ke habohlokoa hakaakang hore re tsebe le ho rapela Molimo oa sebele! Empa ke mang? Hona ho mo tšepa ho ka re tsoela molemo joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Egingwah mphato oa Peary o hlahlobisisa moo pono ea motho e fellang teng ho bona hore na ho na le naha

Robert E. Peary

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Egingwah: From the book The North Pole: Its Discovery in 1909 Under the Auspices of the Peary Arctic Club, 1910; Robert E. Peary: NOAA

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

Ba bangata ba thetsoa ke se rapeloang lefatšeng lena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela