Ho Tsamaea Litseleng Tsa Jehova ho Putsa Haholo
NA U kile ua hloa mekoalaba ho ithabisa kapa ho ikhatholla? Haeba ho joalo, mohlomong hlathe e ne e lelekisa tsebe. U ile ua thaba hakaakang ha u phefumoloha moea o pholileng, u bona hōle, u fepa mahlo ka botle ba tlhaho! Mohlomong matšoenyeho a kamehla a bophelo a ile a bonahala e le ntho feela.
Batho ba bangata ba thabela ho nka maeto a mofuta ona seoelo, empa haeba u Mokreste ea inehetseng, mohlomong e se e le nako u hloa mekoalaba—ka kutloisiso ea moea. Joaloka mopesaleme oa boholo-holo, ha ho pelaelo hore u ile ua rapela u re: “Ntsebise litsela tsa hao, Jehova; nthute litsela tsa hao.” (Pesaleme ea 25:4) Na u sa hopola hore na ho ne ho le joang mohla u qalang ho hloella thabeng ea ntlo ea Jehova ’me u qala ho tsamaea phahameng? (Mikea 4:2; Habakuke 3:19) Ha ho pelaelo hore kapele feela u ile ua hlokomela hore ho tsamaea litseleng tsena tse phahameng tsa borapeli bo hloekileng hoa u sireletsa hape hoa u thabisa. U ile ua ba le maikutlo ana a mopesaleme: “Ho thaba batho ba tsebang mohoo oa thabo. Jehova, ba ntse ba tsamaea leseling la sefahleho sa hao.”—Pesaleme ea 89:15.
Leha ho le joalo, ka linako tse ling ba hloang mekoalaba ba tlameha ho theosa methipoloheng. Maoto a bona a qala ho opa, ’me baa khathala. Le rōna re ka ba le mathata ha re sebeletsa Molimo. Mohlomong morao tjena ho ne ho nyolosetsa. Ebe re ka tsoha molota joang? Bohato ba pele ke ho hlokomela hore litsela tsa Jehova li phahame ka ho fetisisa.
Melao e Phahameng ea Jehova
Litsela tsa Jehova li ‘phahametse litsela tsa motho,’ ’me borapeli ba hae bo ‘tiisitsoe ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me bo phahametse maralla.’ (Esaia 55:9; Mikea 4:1) Bohlale ba Jehova ke “bohlale bo tsoang holimo.” (Jakobo 3:17) Melao ea hae e phahametse e meng eohle. Ka mohlala, nakong eo Bakanana ba neng ba etsa mahlabelo a sehlōhō a bana ka eona, Jehova o ile a fa Baiseraele melao e neng e phahame boitšoarong le e neng e khetholloa ka qenehelo. O ile a re ho bona: “Le se ke la tšoara ea tlaase ka leeme, ’me le se ke la emela e moholo. . . . Mojaki . . . o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata.”—Levitike 19:15, 34.
Lilemo tse 1 500 hamorao, Jesu o ile a fana ka mehlala e eketsehileng ea ‘molao o hlomphehang’ oa Jehova. (Esaia 42:21) Thutong ea Thabeng, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang; e le hore le ka ba bara ba Ntat’a lōna ea leng maholimong.” (Matheu 5:44, 45) “Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” Eaba o eketsa ka ho re: “Ha e le hantle, sena ke se boleloang ke Molao le Baprofeta.”—Matheu 7:12.
Melao ena e phahameng e fetola batho ba nang le lipelo tse utloang, e ba susumelletsa ho etsisa Molimo eo ba mo rapelang. (Baefese 5:1; 1 Bathesalonika 2:13) Nahana phetoho eo Pauluse a ileng a e etsa. Ha re qala ho utloela ka eena, “o ne a lumellana le polao ea” Setefane hape a ‘tšoere phutheho hampe.’ Lilemo tse ’maloa hamorao, o ne a le bonolo ho Bakreste ba Thesalonika joaloka ‘’mè ea anyesang ea baballang bana ba hae.’ Thuto ea Molimo e ile ea fetola Pauluse Mokreste ea baballang, ea mo tlohelisa ho ba mohlorisi. (Liketso 8:1, 3; 1 Bathesalonika 2:7) O ile a ananela haholo hore ebe botho ba hae bo fetotsoe ke thuto ea Kreste. (1 Timothea 1:12, 13) Kananelo e joalo e ka re thusa joang ho tsoela pele re tsamaea litseleng tse phahameng tsa Molimo?
Ho Tsamaea ka Kananelo
Ba hloang mekoalaba ba thabela meeka eo ba e bonang ha ba le phahameng. Hape, ba thabela lintho tse nyenyane tse tseleng ea bona, tse kang majoe a sa tloaelehang, palesa e ntle kapa ho habanya phoofolo e hlaha ba iketlile. Moeeng, re lokela ho falimehela meputso—e meholo le e menyenyane—e tlisoang ke ho tsamaea le Molimo. Ha re etsa sena re ka tsoha molota ebe maoto a neng a se a hulana a tlōla matjato. Re tla lumellana le mantsoe a Davida a reng: “Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng, etsoe ke u tšepile. Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona.”—Pesaleme ea 143:8.
Mary, ea tsamaileng litseleng tsa Jehova ka lilemo tse ngata, o re: “Ha ke sheba pōpo ea Jehova, ke bona boqapi bo rarahaneng le botho bo mofuthu ba Molimo. Ebang ke phoofolo, nonyana, kapa kokoanyana, e ’ngoe le e ’ngoe e na le libōpeho tsa eona, ea hlolla. Thabo e joalo e tsoaloa ke linnete tsa moea tse hlakang haholo ha lilemo li ntse li feta.”
Re ka tebisa kananelo ea rōna joang? Ntho e ’ngoe e ka re thusang ke hore re nke ka botebo seo Jehova a re etsetsang sona. Pauluse o ile a ngola a re: “Rapelang le sa phetse. Mabapi le ntho e ’ngoe le e ’ngoe le lebohe.”—1 Bathesalonika 5:17, 18; Pesaleme ea 119:62.
Thuto ea botho e re thusa hore re be le teboho. Pauluse o ile a phehella Bakreste ba Kolose, a re: “Le tsoele pele le tsamaea bonngoeng le [Kreste Jesu], . . . le khaphatseha tumelo litebohong.” (Bakolose 2:6, 7) Ho bala Bibele le ho thuisa ka seo re se balang ho matlafatsa tumelo ea rōna le ho re atametsa ho Mongoli oa Bibele. E na le matlotlo a ka re susumelletsang ho ‘khaphatseha litebohong.’
Ho sebeletsa Jehova re e-na le barab’abo rōna le hona ho bebofatsa tsela ena. Mopesaleme o ile a itlhalosa ka tsela ena: “Ke molekane oa bohle ba u tšabang.” (Pesaleme ea 119:63) Nako eo re thabang haholo ka eona ke eo re e qetang likopanong tsa Bokreste kapa liketsahalong tse ling tseo re bang le barab’abo rōna ho tsona. Re hlokomela hore lelapa le ratehang labo rōna la Bokreste la lefatše ka bophara le teng ka lebaka la Jehova le litsela tsa hae tse phahameng.—Pesaleme ea 144:15b.
Ntle ho kananelo, se seng se ka re bolokang re tsoela pele litseleng tse phahameng tsa Jehova ke ho tseba hore re na le boikarabelo.
Ho Tsamaea re E-na le Kutloisiso ea Hore re na le Boikarabelo
Ba hloang mekoalaba, ba utloisisang hore ba na le boikarabelo, ba hlokomela bohlokoa ba ho tsamaea ka hloko e le hore ba qobe ho lahleha kapa ho tsamaella lilomong tse kotsi. Kaha re na le tokelo ea ho ikhethela, Jehova o re lumella bolokolohi bo itseng le ho ikhanna. Empa bolokolohi bona bo hloka kutloisiso ea hore re na le boikarabelo ha re ntse re phetha boitlamo ba rōna ba Bokreste.
Ka mohlala, Jehova o tšepa bahlanka ba hae hore ba tla phethahatsa boitlamo ba bona ka mokhoa o nang le boikarabelo. Ha a re bolelle hore na re sebelise matla a makae le nako e kae tšebeletsong ea Bokreste kapa hore na re fane ka monehelo o mokae oa chelete kapa oa lintho tse ling. Ho e-na le hoo, mantsoe a Pauluse ho Bakorinthe a sebetsa ho rōna bohle, ha a re: “E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.”—2 Bakorinthe 9:7; Baheberu 13:15, 16.
Ho fana ha Bokreste ho nang le boikarabelo ho akarelletsa ho bolella ba bang litaba tse molemo. Hape re bontša hore re na le boikarabelo ka ho ntša menehelo bakeng sa mosebetsi oa ’Muso oa lefatše lohle. Moholo e mong ea bitsoang Gerhardt o hlalosa hore eena le mosali oa hae ba ile ba eketsa menehelo ea bona haholo ha ba khutla kopanong e ’ngoe Europe Bochabela. O re: “Re ile ra bona hore barab’abo rōna ba moo ba futsanehile; empa ba ananela lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele haholo. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea hore re batla ho tšehetsa barab’abo rōna ba hlokang ba linaha tse ling ka hohle kamoo re ka khonang.”
Ho Eketsa Mamello ea Rōna
Ho hloa mekoalaba ho hloka mokoka. Ba hloang mekoalaba ba ikoetlisa neng le neng ha ho khoneha, ’me ba bangata ba thapolla maoto ho itokisetsa maeto a malelele a ho hloa mekoalaba. Ka tsela e tšoanang, Pauluse o fane ka keletso ea hore re tšoarehe mesebetsing ea puso ea Molimo e le hore re ipoloke re phela hantle moeeng. Ba lakatsang ho ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova’ le ho “etsoa ba matla,” Pauluse o itse ba lokela ho “tsoela pele ho beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo.”—Bakolose 1:10, 11.
Tšusumetso e thusa ea hloang mekoalaba hore a lule a le matla. Joang? Ha motho a e-na le pakane e itseng eo a e habileng, e kang thaba e hōle, ho ba le se mo susumetsang. Ha motho ea hloang mekoalaba a fihla libakeng tse hlokomelehang, a ka metha hore na o haufi hakae le pakane ea hae. Oa khotsofala ha a hetla morao sebakeng seo a seng a se tsamaile.
Ka tsela e tšoanang, tšepo ea rōna ea bophelo bo sa feleng ea re matlafatsa le ho re susumetsa. (Baroma 12:12) Ho sa le joalo, ha re ntse re tsamaea litseleng tsa Jehova, re na le seo re se finyellang ka ho beha lipakane tsa Bokreste le ka ho li finyella. Re thaba hakaakang ha re nahana ka lilemo tse ngata tse fetileng tsa tšebeletso e tšepahalang kapa ha re hlokomela liphetoho tseo re li entseng bothong ba rōna!—Pesaleme ea 16:11.
Ba tsamaeang libaka tse telele ba boloka matla ka hore ba se ke ba koabila ha ba tsamaea. Ka ho tšoanang, tloaelo e ntle e akarelletsang ho ba teng kamehla libokeng le tšebeletsong ea tšimo, e tla re lebisa ka tieo pakaneng ea rōna. Kahoo, Pauluse o ile a khothatsa Bakreste-’moho le eena a re: “A re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.”—Bafilipi 3:16.
Ha e le hantle, ha re tsamaee re le bang litseleng tsa Jehova. Pauluse o ile a ngola, a re: “A re nahaneng hore na re ka susumelletsana leratong le mesebetsing e metle joang.” (Baheberu 10:24, New International Version) Setsoalle se molemo sa moea se tla re thusa hore re se ke ra salla morao ha re ntse re tsamaea le balumeli-’moho.—Liproverbia 13:20.
Ntho ea ho qetela, ebile e le ea bohlokoa ka ho fetisisa, le ka mohla re se ke ra lebala matla ao Jehova a fanang ka ’ona. Ba fumanang matla ho Jehova ba tla “tsamaea ba ntse ba e-ba le mafolofolo a eketsehileng.” (Pesaleme ea 84:5, 7) Le hoja ka linako tse ling re thulana le maemo a nyolosetsang, ka thuso ea Jehova re ka atleha.