Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 10/15 maq. 19-21
  • Nako ea Thabo Linaheng Tsa Balkan

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako ea Thabo Linaheng Tsa Balkan
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Khōlo ea Moea Linaheng Tsa Balkan
  • Batho ba Jehova ba na le Mabaka a ho Thaba
  • Mosebetsi o Ikhethang
  • Letsatsi la Thabo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 10/15 maq. 19-21

Nako ea Thabo Linaheng Tsa Balkan

E ne e le ka 1922. Liithuti Tse Khothetseng Tsa Bibele, kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, li ne li tšoere seboka Innsbruck, Austria. Har’a bamameli ho ne ho le teng Franz Brand, mohlankana ea tsoang Apatin Vojvodina, Serbia. Hang ha sebui se bitsa lebitso la Molimo, Jehova, mokhopi o ile oa qala ho luma-luma, o se sitisa ho tsoela pele, ’me seboka se ile sa qhalana. Leha ho le joalo, Franz o ile a khahloa haholo ke seo a ileng a se utloa, ’me a qala ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Ena e bile qalo ea khōlo e thabisang ea moea naheng e ’ngoe ea Balkan.

HA HO buuoa ka Yugoslavia, ho luma ntoa le tšollo ea mali feela likelellong tsa batho ba bangata kajeno. Kelellong ho tla litšoantšo tse tšabehang tsa lipolao tse sehlōhō, baphaphathehi ba tsielehileng, matlo a senyehileng le likhutsana tse sithabetseng. Ha ho mantsoe a ka hlalosang bohloko bo otlang pelo le mahlomola a bakuoeng ke ntoa e ileng ea ripitla Hloahloa ea Balkan ho tloha ka 1991 ho fihlela ka 1995, e ileng ea senya tšepo eohle ea hore batho ba ka tlisa bokamoso bo atlehileng le bo se nang mathata. Ka lebaka la ntoa, batho ba moo pele e neng e le Yugoslavia ba oetsoe ke mathata a moruo le bofutsana bo nyahamisang.a

Ka lebaka la mahlomola a mangata, ha ho ea neng a ka lebella ho fumana batho ba thabileng karolong ena ea lefatše. Le hoja ho makatsa, batho ba joalo ba teng. Ha e le hantle, ka letsatsi le leng ba ile ba thaba ka ho khethehileng ho ea qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo. Franz Brand, mohlankana ea boletsoeng pejana, o ile a ameha joang thabong ee?

Khōlo ea Moea Linaheng Tsa Balkan

Franz Brand o ne a thabisitsoe ke linnete tse ncha tseo a li utloileng ’me a etsa qeto ea hore o lokela ho phatlalatsa litaba tse molemo. O ile a fumana mosebetsi oa ho kuta moriri Maribor, motseng oa Slovenia o haufi le moeli oa Austria, ’me a qala ho ruta bao a ba kutang moriri, bao ho neng ho tloaelehile hore ba lule ’me ba mamele ka hloko ha ba ntse ba kutoa. Ka lebaka la boiteko ba hae, ho ile ha e-ba le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba ’Muso Maribor ho ea bofelong ba bo-1920. Ho ne ho fanoa ka lipuo tsa Bibele reschorenteng eo hamorao ka ho loketseng e ileng ea bitsoa Reschorente ea Novi svet (Lefatše le Lecha) e Rekisang Tlhapi.

Ka mor’a nako e itseng, litaba tse molemo li ile tsa fihla likarolong tsohle tsa naha ena. Ho bontšoa ha “Photo-Drama of Creation” (baesekopo ea lihora tse robeli ea li-slide le mantsoe a rekotiloeng) ho ile ha thusa khōlong ena. Joale ka bo-1930 ha Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane li hlorisoa haholo, Lipaki tsa ’Muso oa Yugoslavia li ile tsa eketsoa haholo ke bo-pula-maliboho ba Jeremane ba neng ba balehile naheng ea habo bona. Ha lia ka tsa inahanela botsona empa li ile tsa ikitlaelletsa ho ea libakeng tse hōle naheng ena e lithaba, ho ea bolela. Qalong, molaetsa oa tsona o ne o sa eloe hloko hakaalo. Mathoasong a lilemo tsa bo-1940, ke bahoeletsi ba 150 feela ba neng ba tlaleha mosebetsi oa bona oa tšimo.

Ka 1941, ho ile ha qaleha mahloriso a bohale, a ileng a tsoela pele ho fihlela ka 1952. E ile ea e-ba thabo e kaakang qetellong ka la 9 September, 1953, ha pusong ea Bokomonisi ea Molaoli Tito, Lipaki Tsa Jehova li ngolisoa ka molao! Selemong seo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 914, ’me palo e ’nile ea eketseha butle-butle. Ka 1991, palo ea bahoeletsi e ne e eketsehile ho fihlela ho 7 420, ’me ba 16 072 ba ne ba le teng Sehopotsong selemong seo.

Ho tloha ka la 16 ho ea ho la 18 August, 1991, ho ile ha tšoaroa kopano ea pele ea machaba ea Lipaki Tsa Jehova naheng ena Zagreb, Croatia. Ho bile teng ba 14 684 ba tsoang ka hare ho naha ena le linaheng tse ling. Kopano ena e sa lebaleheng e ile ea hlomella batho ba Jehova bakeng sa liteko tse neng li ba tlela. Har’a likoloi tsa ho qetela tse ileng tsa hlahlojoa moeling oa Croatia le Serbia ke libese tse neng li khutlisetsa Lipaki tsa Serbia hae. Ha bese ea ho qetela e qeta ho feta, moeli o ile oa koaloa ’me ntoa ea qala.

Batho ba Jehova ba na le Mabaka a ho Thaba

Lilemo tseo tsa ntoa e bile nako ea teko e matla ho Lipaki Tsa Jehova Linaheng Tsa Balkan. Leha ho le joalo, li na le lebaka la ho thaba hobane Jehova o hlohonolofalitse batho ba hae moo ka keketseho e khōlō. Ho tloha ka 1991, palo ea bahoeletsi ba ’Muso moo pele e neng e le Yugoslavia e eketsehile ka palo e ka holimo ho karolo ea 80 lekholong. Selemong sa tšebeletso sa 2001 ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba 13 472.

Mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova moo pele e neng e le Yugoslavia o ne o hlokomeloa liofising tsa Zagreb le Belgrade (Serbia). Ka lebaka la keketseho le liphetoho tsa lipolotiki, ho ile ha hlokahala hore ho thehoe liofisi tse ncha Ljubljana (Slovenia), le Skopje (Macedonia), ntle ho ho fumana liofisi tse ncha Belgrade le Zagreb. Liofising tsena ho sebetsa batho ba ka bang 140. Boholo ba bona e sa le bacha ’me baa cheseha e bile ba rata Jehova. Ba bangata ba bona ba fetolela libuka tse thusang ho ithuta Bibele ka Secroatia, Semacedonia, Seserbia le Seslovenia. Ke thabo e kaakang hore ebe boholo ba limakasine le libuka tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tsee li hatisoa ka nako e le ’ngoe le tsa Senyesemane! Lingoliloeng tsena li tšelisa batho ba bangata ’me li ba fa tšepo.

Lebaka le eketsehileng la thabo ke hore bahlanka ba bangata ba nako e tletseng ba tsoang linaheng tse ling ba thusa mosebetsing oa boboleli. Lilemong tsa morao tjena ho hahiloe Liholo tsa ’Muso tse ntle tse ngata, ’me thabo ea liphutheho ea eketseha. Leha ho le joalo e ne e sa le linyane, likhōlō e ne e le hona li tlang. Joang?

Mosebetsi o Ikhethang

Bahoeletsi ba bangata ba ne ba atisa ho ipotsa, ‘Na re tla ke re be le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka puo ea rōna?’ Selemo se seng le se seng ba ne ba labalabela ho utloa tsebiso kopanong ea setereke hore e teng. Leha ho le joalo, kaha lihlopha tsa bafetoleli ba lipuo tsena li ne li sa tsoa thehoa lilemong tse seng kae tse fetileng ’me bafetoleli ba ne ba fokola ka palo, mosebetsi o moholo hakaalo o ne o ka etsoa joang?

Ka mor’a ho etsa lipatlisiso, Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore lihlopha tsa bafetoleli tsa Secroatia, Semacedonia le Seserbia li kopanele mosebetsi ’me li sebelisane e le hore li ruisane molemo. Sehlopha sa Secroatia ke sona se neng se tla etella pele.

Letsatsi la Thabo

Lipaki Tsa Jehova tsa Linaheng Tsa Balkan li ke ke tsa lebala la 23 July, 1999. Likopano Tsa Setereke Tsa “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” li ne li tla tšoaroa ka nako e le ’ngoe, Belgrade, Sarajevo (Bosnia-Herzegovina), Skopje le Zagreb. Ka nako e itseng ho ne ho sa tsejoe hore na kopano e ka tšoareloa Belgrade hobane nakong ea litlhaselo tsa NATO, batho ba ne ba sa lumelloe ho bokana. Ka mor’a ho se tsebe hantle ka likhoeli tse ngata hore na kopano e tla tšoareloa hokae, barab’abo rōna ba ile ba thaba haholo ha ba tseba hore ba ka khona ho kopana! Ho ile ha etsahala se seholo ho feta se neng se lebeletsoe.

Labohlano thapama ho ile ha etsoa tsebiso e khethehileng metseng eohle e mene ea kopano. Ba 13 497 ba neng ba le teng kopanong ba ile ba khutsa ba lebella hore na tsebiso e tla re’ng. Ha qetellong sebui se lokolla Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Secroatia le Seserbia ’me se bolella bamameli hore phetolelo ea Semacedonia e tsoela pele hantle, bamameli ba ile ba sitoa ho ithiba ke thabo. Mahofi a ile a sitisa sebui ho qetela tsebiso. Kopanong ea Sarajevo, bamameli ba ile ba thōla tu! ba maketse. Ka mor’a moo ba ile ba opa mahofi ka nako e telele. Meokho ea thabo e ile ea keleketla marameng a ba bangata Belgrade, ’me sebui se ile sa kenoa hanong hangata ke mahofi pele se qetela tsebiso. E mong le e mong o ne a thabile haholo!

Mpho ena e ile ea e-ba ea bohlokoa haholo ka lebaka la hore Lipaki Tsa Jehova li ne li fumane litokelo tsa ho hatisa phetolelo ea Bibele ea Secroatia le Seserbia. Kahoo, puong ka ’ngoe, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ile ea kopanngoa le Mangolo a Seheberu a puo eo hore e be moqolo o le mong. Ho ekelletsa moo, Bibele ea Seserbia e ile ea hatisoa ka mongolo oa Seroma le oa Secyril.

Batho ba Jehova Linaheng Tsa Balkan ba leboha limpho tsena tse hlollang le tataiso eo ba e fumaneng ’me ba lumellana le mantsoe a Davida a reng: “Esita le haeba ke tsamaea phuleng ea moriti o lefifi, ha ke tšabe letho le lebe, kaha [uena Jehova] u na le ’na.” Ho sa tsotellehe mathata ao ba ntseng ba thulana le ’ona, ba ikemiselitse ho ‘etsa thabo ea Jehova qhobosheane ea bona.’—Pesaleme ea 23:4; Nehemia 8:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Yugoslavia ea mehleng e ne e e-na le lirephabliki tse tšeletseng—Bosnia-Herzegovina, Croatia, Macedonia, Montenegro, Serbia le Slovenia.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Sehlopha sa pele sa bahoeletsi ba Maribor, Slovenia, mosebetsing oa boboleli tšimong e hōle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela