Sejo sa Morena sa Mantsiboea—Ke Eng?
HANTLE-NTLE Sejo sa Morena sa Mantsiboea ke eng, hona se ama batho ba phelang lekholong la bo21 la lilemo joang? Li-encyclopedia le libuka tse ling tse hlalosang mantsoe li tla u bolella hore Sejo sa Morena sa Mantsiboea, seo hape se bitsoang Lijo Tsa Mantsiboea a ho Qetela, ke lijo tseo Jesu Kreste a ileng a li ja le baapostola ba hae shoalaneng ea pele a e-shoa lefu la sehlabelo. Kaha ke lijo tsa ho qetela tseo Jesu a ileng a li ja le balateli ba hae ba tšepahalang, batho ba bang ba re ke Lijo Tsa Mantsiboea a ho Qetela. Hape, kaha li qaliloe ke Morena Jesu Kreste ka boeena, ho loketse ha li bitsoa Sejo sa Morena sa Mantsiboea.
Ho theosa le makholo a lilemo, batho ba bangata ba ’nile ba tela bophelo ba bona ka lebaka la seo ba nkang hore ke lintho tseo batho ba ka itellang tsona. Ho tela bophelo ba bona ho ’nile ha thusa batho ba bang ka linako tse itseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na batho bana ba shoele ka boitelo bo babatsehang hakae, ho hang lefu la bona hase la bohlokoa ha le bapisoa le lefu la Jesu Kreste. Ho feta moo, historing ea batho e tletseng likhathatso, ha ho na lefu le ka amang batho ba bangata joaloka lona. Hobane’ng?
E le hore re arabe potso ena le ho u thusa hore u tsebe hore na Sejo sa Morena sa Mantsiboea se u ama joang, re kōpa hore u bale sehlooho se latelang.