Ke Eng eo U ka Ratang ho e Botsa Molimo?
LEFATŠENG ka bophara batho ba ipotsa lipotso tse tebileng ka bophelo. Na le uena u ipotsa lipotso tse joalo? Ba bangata ba ile ba botsa baruti lipotso tsena empa ha baa ka ba fumana likarabo tse khotsofatsang. Ba bang ba ile ba thuisa ka lipotso tsena boinotšing. Ba bang ba rapella tataiso. Na ho ka etsahala hore Molimo a arabe lipotso tse u tsietsang? Tse ling tsa lipotso tseo ba bangata ba ’nileng ba bolela hore ba ka lakatsa ho li botsa Molimo ke tsena.
Hantle-ntle u mang, Molimo?
Tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka Molimo e susumetsoa ke setso sa bona, bolumeli ba batsoali ba bona ’me mohlomong le ke seo bona ka bobona ba se khethang. Ba bang ba bitsa Molimo oa bona ka lebitso; ba bang ba re feela Molimo. Na hoa tsotelleha hore na ba re’ng? Na ho na le Molimo a le mong oa ’nete ea itšenolang ho rōna le ea re senolelang lebitso la hae?
Ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko bo bokaale?
Haeba motho a ipaketse bokuli kapa bofutsana ka lebaka la ho se natse lintho kapa ka lebaka la boitšoaro bo bobe, a ka ’na a tletleba. Empa e ka ’na eaba o tseba hantle hore na ke hobane’ng ha a utloa bohloko.
Leha ho le joalo, ba bangata ba utloa bohloko bo boholo empa ba sa etsa letho. Ba bang ba na le maloetse a sa foleng. Ba bang ba loana le mathata ao ho bonahalang eka ba ke ke ba a hlōla hore ba fumanele malapa a bona bolulo le lijo tse lekaneng. Ba bangata ba hlaseloa ke tlōlo ea molao, ntoa, pefo eo e leng kobo-anela, likoluoa tsa tlhaho, kapa ho hloka toka ha ba boholong.
Hoa utloahala hore ebe ba bangata baa botsa, ba re: ‘Ke hobane’ng ha maemo a tjee a atile hakaale? Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko bo bokaale?’
Ke phelela’ng? Morero oa bophelo ke ofe?
Tsena ke lipotso tseo hangata batho ba bangata ba tsielehileng bao bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi bo sa ba khotsofatseng, ba ipotsang tsona. Ba bang ba bangata ba lumela hore ka tsela e itseng Molimo o khetha esale pele tsela eo motho e mong le e mong a tla phela ka eona. Na ho joalo? Haeba ka sebele Molimo a na le morero o khethehileng ka uena, ha ho pelaelo hore u ka rata ho o tseba.
Libukeng tsohle tse teng lefatšeng, ho na le buka e le ’ngoe e ipolelang ka ho hlaka hore e bululetsoe ke Molimo. Joalokaha u ne u ka lebella hore ho be joalo, buka ena e fumaneha ka lipuo tse ngata ho feta buka leha e le efe e kileng ea ngoloa kaha ke molaetsa oo ka sebele o tsoang ho Molimo ’me o ea ho batho bohle. Buka ena ke Bibele e Halalelang. Ka hare ho eona, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, e leng Molimo ka boeena, o senola hore na ke mang le hore na lebitso la hae ke mang. Na u tseba lebitso leo? Na ua tseba hore na Bibele e re Molimo ke Motho oa mofuta ofe? Na ua tseba hore na e re Molimo o hloka eng ho uena?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Mountain: Chad Ehlers/Index Stock Photography