Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 5/15 leq. 3
  • Tlaleho e Hapang Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlaleho e Hapang Maikutlo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlaleho ea Noe—Na ea re Ama?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Areka ea Noe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 5/15 leq. 3

Tlaleho e Hapang Maikutlo

RICHARD E. BYRD oa mofuputsi, o ile a etela Antarctic ka makhetlo a mahlano ho tloha ka 1928 ho fihlela ka 1956. Ka ho ngola lintlha tsa letsatsi le letsatsi le ho etsa tlaleho e nepahetseng ea maeto a bona a sefofane, eena le bafuputsi-’moho le eena ba ile ba tseba hore na meea e fokela hokae, ba etsa limmapa ’me ba fumana boitsebiso bo bongata ka k’honthinente ea Antarctic.

Maeto a Byrd a bontša bohlokoa ba ho ngola litlaleho. Libukeng tsena tseo ho ngoloang litlaleho ho tsona ho ngoloa tlaleho e qaqileng ea leeto la sekepe kapa la sefofane. Boitsebiso bona bo ka sebelisoa hamorao ho hlahloba se etsahetseng kapa ho sekaseka boitsebiso bo ka sebelisoang maetong a tlang.

Bibele e fana ka tlaleho e hapang maikutlo ea Moroallo oa mehleng ea Noe. Moroallo oo oa lefatše lohle o ile oa nka nako e fetang selemo. Ha Noe, mosali oa hae, bara ba bona ba bararo le basali ba bona ba lokisetsa Moroallo, ba ile ba qeta lilemo tse 50 kapa tse 60 ba haha areka—e leng sekepe se seholo se ka bang limithara tse 133,5 x 22,3 x 13,4. Morero oa areka e ne e le ofe? E ne e le ho pholosa batho ba itseng le liphoofolo Moroallong.—Genese 7:1-3.

Ha e le hantle, buka ea Bibele ea Genese e na le seo ho ka thoeng ke tlaleho ea Noe ea se etsahetseng ho tloha ha Moroallo o qala ho fihlela ha eena le lelapa la hae ba tsoa ka arekeng. Na e na le ntho ea bohlokoa bakeng sa rōna kajeno?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela