Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq sehlooho 156
  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Na ke ’nete kapa ke tšomo?
  • Ke Hobane’ng ha ho ile ha e-ba le Moroallo?
  • Na batho ba ne ba tseba hore ho tl’o ba le Moroallo?
  • Areka ea Noe e ne e le joang?
  • Noe o nkile nako e kae ho haha areka?
  • Areka ea Noe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Nakong ea Moroallo o Moholo—Ke Bo-mang ba Ileng ba Mamela? Ke Bo-mang ba sa Kang ba Mamela?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Moroallo—’Nete Kapa Tšōmo?
    Tsoha!—1997
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq sehlooho 156
Litlou, lithuhlo, litau le linonyana li kena ka arekeng

Na Tlaleho ea Moroallo oa Mehleng ea Noe ke ’Nete Kapa ke Tšomo?

Karabo ea Bibele

Moroallo o bile teng. Molimo o ile a o tlisa e le hore a felise batho ba khopo empa o ile a laela Noe ho haha areka e le hore batho ba lokileng ba pholohe hammoho le liphoofolo. (Genese 6:11-20) Re ka kholiseha hore Moroallo o bile teng hobane tlaleho ea ’ona e fumaneha ka har’a ‘mangolo ’ohle a halalelang a tsoang ho Molimo’ eleng Bibele.—2 Timothea 3:16.

  • Na ke ’nete kapa ke tšomo?

  • Ke hobane’ng ha ho ile ha e-ba le Moroallo?

  • Na batho ba ne ba tseba hore ho tl’o ba le Moroallo?

  • Areka ea Noe e ne e le joang?

  • Noe o nkile nako e kae ho haha areka?

  • Lipale le litšomo tse buang ka moroallo

Na ke ’nete kapa ke tšomo?

Bibele e bontša hore Noe ke motho ea kileng a phela le hore Moroallo o ile oa fela oa e-ba teng ebile ha se tšomo kapa ntho e inahaneloang.

  • Bangoli ba Bibele ba ne ba lumela hore Noe ke motho ea kileng a phela. Ka mohlala, kaha Esdrase le Luka e ne e le bangoli ba Bibele ba neng ba etsa lipatlisiso ka hloko e le hore ba fane ka tlaleho ea histori e nepahetseng, re ka kholoa hore Noe o kile a phela hobane ba mo kenyellelitse lethathamong la leloko la Iseraele. (1 Likronike 1:4; Luka 3:36) Bangoli ba likosepele e leng Matheu le Luka ba kenyellelitse lintho tseo Jesu a ileng a li bua ka Noe le ka Moroallo.—Matheu 24:37-39; Luka 17:26, 27.

    Moprofeta Ezekiele le moapostola Pauluse le bona ba ile ba bua ka Noe e le mohlala oo re ka o etsisang kaha o ne a lokile ebile a e-na le tumelo. (Ezekiele 14:14, 20; Baheberu 11:7) Na e ne e tla ba ntho e utloahalang hore bangoli baa ba re re etsise mohlala oa motho ea neng a sa ka a phela? Ho hlakile hore re ka etsisa mohlala oa Noe le oa banna le basali ba neng ba e-na le tumelo e matla ba hlahang ka Bibeleng hobane ke batho ba kileng ba phela.—Baheberu 12:1; Jakobo 5:17.

  • Bibele e fana ka lintlha tse tobileng ka Moroallo. Tlaleho ea Bibele e buang ka Moroallo e ne e se tšomo hobane ha e qale ka mantsoe a kang “Ba re e ne e re.” Ho e-na le hoo Bibele e fana ka selemo, khoeli le letsatsi leo Moroallo o qalileng ka lona. (Genese 7:11; 8:4, 13, 14) E boetse e a re bolella hore na areka eo Noe a ileng a e haha e ne e le kholo hakae. (Genese 6:15) Lintlha tsena tse hlahang ka Bibeleng li bontša hore Moroallo o bile teng le hore ha se tšomo.—Baheberu 12:1; Jakobo 5:17.

Ke Hobane’ng ha ho ile ha e-ba le Moroallo?

Bibele e re pele ho Moroallo Jehova o ile a bona hore “motho o etsa lintho tse ngata tse mpe.” (Genese 6:5) E tsoela pele hore “lefatše le ne le senyehile mahlong a Molimo oa ’nete ” hobane le ne le tletse ntoa le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.—Genese 6:11; Juda 6, 7.

Bibele e re boholo ba mathata ana a ne a bakoa ke mangeloi a khopo a ileng a theoha leholimong ho tla etsa boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le basali ba lefatšeng. Mangeloi ana a ile a ba le bana ba bitsoang Banefilime, ba ile ba bakela batho mathata a mangata le mesarelo. (Genese 6:1, 2, 4) Molimo o ile a etsa qeto ea ho felisa batho bohle ba khopo e le hore ho sale batho ba lokileng feela ho se na tšusumetso e mpe.—Genese 6:6, 7, 17.

Na batho ba ne ba tseba hore ho tl’o ba le Moroallo?

E. Molimo o ile a bolella Noe se neng se tl’o etsahala ’me a mo laela hore a hahe areka hore a tle a bolokehe le lelapa la hae hammoho le liphoofolo. (Genese 6:13, 14; 7:1-4) Noe o ile a lemosa batho ka timetso e tlang empa ha baa ka ba mo mamela. (2 Petrose 2:5) Bibele e re: “Ha baa ka ba elelloa ho fihlela Moroallo o fihla, o ba hohola kaofela.”—Matheu 24:37-39.

Areka ea Noe e ne e le joang?

Areka e ne e tšoana le lebokose le leholo haholo, e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang 134, bophara ba limithara tse ka bang 22 ’me e le bophahamo ba limithara tse ka bang 13. Areka e ne e entsoe ka lifate ’me e tlotsitsoe ka sekontiri ka ntle le ka hare. E ne e e-na le mekato e meraro le likamore. Ho ne ho e-na le monyako lehlakoreng la areka le fensetere ka holim’a monyako oo. Ho ne ho bonahala eka marulelo a areka a ne a phahame bohareng ho feta mahlakoreng e le hore metsi a se ke a lula marulelong.—Genese 6:14-16.

Setšoantšo se bontšang bolelele ba areka ea Noe, bolelele ba sefofane le bolelele ba tlou

Noe o nkile nako e kae ho haha areka?

Bibele ha e bolele hore na Noe o nkile nako e kae ho haha areka empa ho bonahala ho mo nkile lilemo tse ngata ho e haha. Noe o ne a le lilemo tse fetang 500 ha mora oa hae oa letsibolo a hlaha. Ha ho e-ba le Moroallo o ne a le lilemo li 600.a—Genese 5:32; 7:6.

Ha Molimo a ne a joetsa Noe hore a hahe areka bara ba hae ba bararo ba ne ba se ba holile ba bile ba nyetse ’me mohlomong e bile ka mor’a lilemo tse 50 kapa tse 60. (Genese 6:14, 18) Ho latela khakanyo ena, ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore areka e qetiloe ka mor’a lilemo tse 40 kapa tse 50.

Lipale le litšomo tse buang ka moroallo

Ho na le lipale tse ngata tse tlalehiloeng lefatšeng ka moroallo, le hoja lipale tseo li fapana le tlaleho ea Bibele empa ho na le moo tse ling li tšoanang le tlaleho e fumanoang ka Bibeleng. Ho bonahala eka ha litloholo tsa Noe li ntse li tlala lefatšeng, li ile tsa bua ka pale ea Moroallo ’me hamorao ho bonahala eka pale ena e ile ea fetoha. Ha re hlahlobe mehlala e latelang.

Tšomo ea Bagerike: Ho na le Banna le basali ba ileng ba pholoha moroallo eaba ba laeloa hore ba ikatise ka hore ba akhele majoe ka mor’a bona eaba majoe ao a fetoha batho.

Tšomo ea Mahindu: Ho na le tlhapi e ileng ea eletsa monna hore moroallo o tl’o timetsa batho, eaba tlhapi eo e laela monna hore a hahe sekepe. Monna o ile a pholoha moroallo hobane tlhapi e ile ea tataisetsa sekepe sebakeng se sireletsehileng.

Tšomo ea Bababilona: Monna le mosali ba ileng ba pholoha moroallo ba ile ba fuoa moputso oa ho se shoe ’me ea e-ba melimo.

Tšomo ea Amerika Bohareng: Monna, mosali le bana ba bona ba ile ba pholoha moroallo ha batho ba bang kaofela ba ile ba fetoha litlhapi.

a E le hore u fumane lintlha tse eketsehileng mabapi le nako eo batho ba e phetseng joaloka Noe, bala sehlooho se re’ng “Na Batho ba Mehleng ea Bibele ba Hlile ba Phetse Nako e Telele Hakaalo?” Molula-Qhooeng oa December 1, 2010.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela