Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/15 leq. 3
  • Na Kannete Motho ke Motho ka Batho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Kannete Motho ke Motho ka Batho?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata bo Ntseng bo Eketseha ba ho Jeoa ke Bolutu—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ho Tšoaseha Pherekanong ea Maikutlo
    Tsoha!—2001
  • U ka Thusoa Ke’ng ha U sa Khone ho Kopana le Batho?
    Lihlooho Tse Ling
  • Lebaka Leo re ke Keng ra Itšehla Thajana ka Lona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/15 leq. 3

Na Kannete Motho ke Motho ka Batho?

RASAENSE ea tummeng ea bitsoang Albert Einstein o ile a re: “Ha re hlahloba bophelo ba rōna le boiteko ba rōna, re potlakela ho bona hore hoo e ka bang liketso tsohle tsa rōna le litakatso, li re bolella hore motho ke motho ka batho.” O ile a eketsa ka ho re: “Re ja lijo tse lenngoeng ke batho ba bang, re apara liaparo tse entsoeng ke batho ba bang, re lula matlung a hahiloeng ke batho ba bang. . . . Motho ke motho ka batho, o itšetlehile ka batho ba bang ba laolang bophelo ba hae nameng le moeeng, ho tloha ha a hlaha ho fihlela a e-shoa.”

Liphoofolong, ho tloaelehile ho bona bolekane ba tlhaho. Litlou li tsamaea ka mehlape, li hlokometse bana ba tsona ka hloko. Litau tse tšehali li tsoma hammoho ebe li ja le tse tona. Litlhapi tse bitsoang lidolfine li bapala hammoho ’me ka linako tse ling li sireletsa liphoofolo tse ling tse tsietsing kapa batho ba sesang ba leng tsietsing.

Leha ho le joalo, bathong, litsebi tsa kahisano li hlokometse tloaelo e itseng e ntseng e ipha matla e hlobaetsang. Ho latela koranta e ’ngoe e hatisoang Mexico, litsebi tse ling tsa kahisano li lumela hore “ho itšehla thajana ka lilemo tse ngata le ho senyeha ha moea oa kahisano ho bile le phello e kotsi bathong ba United States.” Koranta ena e ile ea bolela hore “sechaba sena se tla atleha hafeela se ka etsa phetoho e khōlō e akarelletsang ho khutlela moeeng oa kahisano.”

Bothata bona bo nametse haholo bathong ba phelang linaheng tse ruileng. Tloaelo e hlobaetsang ea hore batho ba bangata ba itšehle thajana e ntse e ja setsi. Batho ba batla ‘bolokolohi’ ’me ba hana ka matla ha ba bang ba ‘kena-kenana le bona.’ Ho ’nile ha boleloa hore boikutlo bona bo entse hore batho ba ferekane maikutlo, ba imeloe likelellong, hape ba ipolaee.

Ntlheng ena Dr. Daniel Goleman o ile a re: “Ho itšehla thajana—e leng maikutlo a hore motho ha a na mang oe! eo a ka ntšanang se inong le eena kapa a mo etsa motsoalle oa hlooho ea khomo—ho ka totisa monyetla oa ho kenoa ke maloetse kapa oa lefu.” Tlaleho e hatisitsoeng koranteng ea Science e ile ea phetha ka hore ho itšehla thajana ‘ho eketsa palo ea batho ba shoang ka tsela eo ho tsuba, khatello e phahameng ea mali, k’holeseterole e eketsehileng, botenya le ho se ithapolle ’mele li bolaeang ka eona.’

Kahoo, ka mabaka a sa tšoaneng, kannete re batho ka batho. Re ke ke ra ba bo-pulumo-ea-seema-noosi. Ebe joale bothata ba ho itšehla thajana bo ka rarolloa joang? Batho ba bangata ba thusitsoe ke eng hore ba thabe bophelong? Sehlooho se latelang se tla araba lipotso tseo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

“Hoo e ka bang liketso tsohle tsa rōna le litakatso, li re bolella hore motho ke motho ka batho.”—Albert Einstein

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela