Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g01 2/8 maq. 4-5
  • Ho Tšoaseha Pherekanong ea Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoaseha Pherekanong ea Maikutlo
  • Tsoha!—2001
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Kholoe, ho Latola, ho Hlonama
  • Ho Ferekana, ho Tšoenyeha, ho Tšaba
  • Khalefo, Masoabi, Bolutu
  • Ho Ithuta ho ba Bang
  • Boloetse bo sa Foleng—Taba ea Lelapa
    Tsoha!—2000
  • Ho Phela ka Katleho le Boloetse ba Hao—Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ha U Oeloa ke Koluoa ea Bokuli
    Tsoha!—2001
  • Nka Laola Maikutlo a ka Joang?
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2001
g01 2/8 maq. 4-5

Ho Tšoaseha Pherekanong ea Maikutlo

MONNA-MOHOLO e mong oa hopola: “Ka mor’a ho bolelloa hore ke tšoeroe ke lefu le behang bophelo ba ka kotsing, ke ile ka leka ho qhelela thōko tšabo eo ke neng ke e-na le eona, empa maikutlo a ferekaneng a ile a nkimela.” Mantsoe a hae a totobatsa ’nete ea hore ka mor’a hore boloetse bo sisinye motho ’meleng, bo boetse bo mo sisinya le maikutlong. Ho ntse ho le joalo, ho na le batho ba sebetsanang ka katleho le boloetse bo joalo. Ba bangata ba bona ba tla rata ho u tiisetsa hore ho na le litsela tseo ka tsona u ka sebetsanang ka katleho le boletse bo sa foleng. Empa pele re tšohla hore na u ka etsa eng, a re ke re hlahlobeng ka hloko a mang a maikutlo ao u ka ’nang ua ba le ’ona qalong.

Ho se Kholoe, ho Latola, ho Hlonama

Maikutlo ao u nang le ’ona a ka ’na a fapana haholo le a ba bang. Leha ho le joalo, litsebi tsa bophelo bo botle le batho ba kulang baa hlokomela hore hangata batho ba oetsoeng ke koluoa ea bokuli ba ba le maikutlo a tšoanang a ’maloa. Maikutlo a qalang a ho tšoha le ho se kholoe a ka ’na a lateloa ke maikutlo a ho latola: ‘Sena e ke ke ea e-ba ’nete.’ ‘E tlameha ebe ho na le phoso e entsoeng.’ ‘Mohlomong ba fapantse litlhahlobo tsa laboratori.’ Ha a hlalosa tsela eo a ileng a itšoara ka eona ha a tseba hore o tšoeroe ke kankere, mosali e mong o ile a re: “U ikutloa eka u ka ikupetsa ka likobo ’me ua tšepa hore ha u hlahisa hlooho hape, seo sohle se tla be se fetile.”

Leha ho le joalo, ha ’nete e qala ho teba, ho latola ho ka ’na ha lebisa ho hlonameng, e leng boikutlo ba ho hloka thabo bo u kupetsang joaloka leru la timetso e atamelang. Lipotso tse kang, ‘Ke tla phela nako e telele hakae?’ ‘Na ke ahloletsoe hore ke qete bophelo bohle ba ka ke opeloa?’ le tse ling tse tšoanang le tsona li ka ’na tsa u tšoenya. U ka ’na ua lakatsa eka u ka boela morao nakong ea pele u bolelloa se u tšoereng, empa u ke ke. Ka potlako u ka ’na ua iphumana u hateletsoe ke maikutlo a mang a bohloko le a matla. A mang a ’ona ke afe?

Ho Ferekana, ho Tšoenyeha, ho Tšaba

Boloetse bo tebileng bo hlahisa pherekano e khōlō le ho tšoenyeha bophelong ba hao. Monna e mong ea tšoeroeng ke Parkinson’s disease o re: “Ho feto-fetoha ha boemo ba ka ho etsa hore bophelo bo mpherekanye maikutlo haholo ka linako tse ling. Letsatsi ka leng ke lokela ho emela ho bona hore na ho tla etsahala eng.” Boloetse ba hao bo ka boela ba u tšosa. Haeba bo ka u tšoara bo sa ka ba fana ka matšoao, u ka ’na ua ba le tšabo e fetisisang. Leha ho le joalo, haeba u tseba se u tšoereng ka mor’a hore u nke lilemo tse telele u hateletsoe maikutlong ke matšoao ao u sa tsebeng hore na ke a lefu lefe, tšabo e ka ’na ea u nanarela butle u sa lemohe. Pele, u ka ’na ua utloa u imoloha hore bonyane qetellong batho ba tla tseba hore u ne u hlile u kula, e ne e se feela taba ea ho ithepetlisa. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae, ho imoloha hoo ho ka ’na ha lateloa ke ho lemoha ka tšabo se boleloang ke lefu le u tšoereng.

Tšabo ea hore u ke ke ua hlola u itaola le eona e ka ’na ea u tšoenya. Haholo-holo haeba u motho ea nkang bolokolohi e le ba bohlokoa, u ka ’na ua nyarosoa ke khopolo ea ho itšetleha ka ba bang haholoanyane. U ka ’na ua tšoenngoa ke hore boloetse ba hao bo qala ho laola bophelo ba hao le ho u laela nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang.

Khalefo, Masoabi, Bolutu

Ho lemoha hore u sitoa ho itaola ka ho eketsehileng ho ka boela ha hlahisa maikutlo a khalefo. U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ho hlahela ’na? Ke entse eng e etsang hore ke tšoaneloe ke see?’ Koluoa ena ea bokuli bo boholo e ka ’na ea bonahala e hloka toka ebile e se na kelello. U ka boela ua apareloa ke masoabi le ho felloa ke tšepo. Motho e mong ea shoeleng litho oa hopola: “Ke ne ke soabisoa haholo ke hore sena sohle se nketsahaletse ka lebaka la kotsi e hlokang kelello!”

U ka boela ua apareloa ke maikutlo a ho itšehla thajana. Ha motho a itšehla thajana, hoo ho lebisa habonolo ho hlokeng metsoalle. Haeba boloetse ba hao bo u tlama ho lula hae, u ka ’na ua se hlole u khona ho thabela botsoalle le metsoalle ea hao ea khale. Empa, u lakatsa ho ba le batho ho feta leha e le neng pele. Ka mor’a hore u fumane letoto la baeti le ba u founelang, butle-butle palo ea baeti kapa ea ba u founelang e ka ’na ea qepha.

Kaha ho utloisa bohloko ho bona metsoalle e ikhulela thōko, e ka ’na eaba u arabetse phihlelong ena e bohloko ka ho itšehla thajana. Ka ho hlakileng, hoa utloahala hore ka linako tse ling u ka ’na ua hloka nako ea ho ba mong pele u kopana le batho hape. Empa haeba boemong bona u etsa hore u be thōko haholoanyane le batho, u ka ’na ua tloha tabeng ea hore u qheleloa thōko (ha ba bang ba sa tl’o u bona) ’me ua qetella u itšehlile thajana maikutlong (ha uena u sa batle ho bona ba bang). Ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, e ka ’na eaba u loantšana le maikutlo a matla a ho jeoa ke bolutu.a Ka linako tse ling, u ka ba ua ipotsa hore na ebe ho na le mohla u tla tloaela boemo na.

Ho Ithuta ho ba Bang

Leha ho le joalo, ho na le tšepo. Haeba u sa tsoa oeloa ke koluoa ea boloetse, ho na le mehato e sebetsang eo u ka e nkang e ka u thusang hore u boele u khone ho laola bophelo ba hao hape.

’Nete ke hore letoto lena la lihlooho le ke ke la rarolla mathata a hao a boloetse bo sa foleng, ho sa tsotellehe hore na ke afe. Leha ho le joalo, boitsebiso bo fanoeng bo ka u thusa hore u bone litsela tsa ho sebetsana le ’ona ka katleho. Mosali ea tšoeroeng ke kankere o akaretsa maikutlo ao a bileng le ’ona tjena: “Ka mor’a hore ke latole, ke ile ka tleloa ke khalefo e khōlō ’me ka mor’a moo, ka batla hore ke iphumane hape.” Le uena u ka etsa hore u hle u iphumane ka ho retelehela ho batho ba bileng bothateng bo tšoanang le ba hao le ho ithuta ho bona hore na u ka iphumana joang ho latela matla a hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke ’nete hore ba bangata ba ba le maikutlo ana a sa tšoaneng ka tekanyo e fapaneng le ka mekhoa e fapaneng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha ho hlahela ’na? Ke entse eng e etsang hore ke tšoaneloe ke see?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela