Ho Phutheha ‘Khubung ea Lefatše’
Na u kile ua utloa mantsoe a reng “Te Pito o Te Henua”? Ka puo ea Serapa Nui, e leng puo e neng e buuoa qalong Sehlekehlekeng sa Easter, a bolela “Khubu ea Lefatše.” Ke’ng se entseng hore kopano e tšoareloang moo e be e ikhethang hakaalo?
KE SEBAKA se ka thōko, se hlollang le se ikhethang. Ana ke a mang a mantsoe a sebelisetsoang ho hlalosa Sehlekehleke sa Easter, kapa sa Rapa Nui kamoo baahi ba sona ba se bitsang kateng. Ke ’nete hore ke sebaka se ka thōko, se hare Leoatleng la Pacific Boroa, lik’hilomithara tse 3 790 ho tloha Santiago, Chile. Se ile sa fetoha profinse ea Chile ka la 9 September, 1888.
Sehlekehleke sena se likhutlo li tharo se boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 166, se hlahisitsoe ke libaka tse tharo tseo pele e neng e le libaka tse foqohang seretse se chesang. Ha e le hantle, joaloka lihlekehleke tse ling tse ngata tsa Pacific, se bōptjoa ke litlhōrō tsa lithaba tse ngata tsa litonanahali tse ka tlas’a metsi. Sehlekehleke sohle se phatlalalitsoe hore ke seemahale sa tlhaho. Ha ho pelaelo hore se tumme ka liemahale tsa sona tse hlollang tsa majoe, tse tsejoang ka hore ke moai.a
Ntle ho ponahalo e ntle le libaka tse tummeng historing, Sehlekehleke sa Easter se na le lijo tse ngata tse ikhethang tse lutlisang mathe. Sebaka seo se hlahisa litholoana tse kang liphaenapole, li-avocado, li-papaya le mefuta e robong ea libanana. ’Me leoatle le hlahisa mefuta e mengata ea litlhapi le lijo tse ling tse tsoang leoatleng.
Boemo ba leholimo bo itekanetse Sehlekehlekeng sa Easter, seo ho sona pula e lulang e na ho bile ho e-na le mookoli, e leng ho etsang hore baeti ba hahloe ke moea o hloekileng le ho bona botle bo hlollang. Hona joale, se na le baahi ba ka bang 3 800. Baahi ba sona ba kajeno ba tsoa ho batho ba pele ba ho fihla moo, ba tsoakane le batho ba Europe, Chile le libaka tse ling. Bahahlauli ba makholo ba tsoang Europe le Asia ba etela sehlekehlekeng seo, e leng ho etsang hore bohahlauli e be karolo ea bohlokoa moruong.
Ho Hlongoa Peō ea Pele ea ’Muso
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1982 (ea Senyesemane) e ile ea tlaleha: “Ka nako e telele re bile le mohoeletsi a le mong Sehlekehlekeng sa Easter. O ne a thusoa moeeng ke ho ngollana le morali e mong oabo rōna oa moromuoa lekaleng [la Chile]. Le hoja a se a khutletse Chile, re na le tlaleho ea batho ba entseng peeletso ea Molula-Qhooa sehlekehlekeng seo. Ho ileng ha re makatsa ke hore ka April 1980 re ile ra letsetsoa ke motho ea thahasellang ea lulang hōle a batla ho tseba hore na Sehopotso se ketekoa neng. Joale hamorao selemong sona seo banyalani ba bang ba tsoang Valparaiso ba ile ba fallela moo, ’me ba ’nile ba khannela batho ba thabelang lithuto tsa Bibele. Ka April 1981 ho ile ha tšoaroa Sehopotso ka lekhetlo la pele sehlekehlekeng seo, ’me ha e-ba teng batho ba 13. Re thaba hakaakang hore ebe ‘litaba tse molemo’ li ntse li kenella sebakeng se ka thōko joalo!”
Hamorao, ka la 30 January, 1991, lekala le ile la romela banyalani ba bo-pula-maliboho ba khethehileng sehlekehlekeng seo, e leng Dario le Winny Fernandez. Mor’abo rōna Fernandez o re: “Leeto la lihora tse hlano ka sefofane le ile la re tlisa sebakeng se seng se ka thōko-thōko polaneteng ena, bathong bao setso sa bona se nang le liphiri tse ngata.” Hang-hang ho ile ha hlophisoa liboka le mosebetsi oa boboleli ka thuso ea mor’abo rōna oa sebakeng seo le morali e mong oabo rōna ea neng a sa tsoa fihla moo le bana ba hae ba babeli. Ho sa tsotellehe khatello ea lelapa, cheseho e feteletseng ea bolumeli le mekhoa e meng ea bophelo eo batho ba Polynesia ba e tloaetseng, ba ile ba bona tlhohonolofatso ea Jehova boitekong ba bona. Mora le Morali oabo rōna Fernandez ha e sa le bo-pula-maliboho ba khethehileng, empa ba ntse ba le moo sehlekehlekeng, ba hōlisa mora oa bona, ea hlahetseng moo. Hona joale, ho na le bahoeletsi ba 32 ba nyakaletseng ba ’Muso. Ba bang ba bona ke matsoalloa a Rapa Nui, ’me ba bang ba lula moo sehlekehlekeng kapa ba falletse teng ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea baboleli ba ’Muso.
Ho Etsoa Litokisetso Tsa Kopano ea Potoloho
Kaha sehlekehleke seo se hōle le k’honthinente, ka makhetlo a mararo ka selemo phutheho e ne e fumana litheipi tsa video tsa lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng, la kopano ea potoloho le la kopano ea setereke. Empa ho elella qetellong ea 2000, Komiti ea Lekala Chile e ne e nahana taba ea hore ho tšoaroe kopano ea pele ea mofuta oa eona moo. Qetellong, ho ile ha etsoa qeto ea ho tšoara kopano ea potoloho ka November 2001, ’me ha mengoa bara le barali babo rōna ba lekanyelitsoeng ba tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa Chile ho ea ba teng ketsahalong eo e ikhethang. Ka lebaka la matsatsi ao lifofane li tsamaeang ka ’ona, kopano eo e ne e tla tšoaroa ka Sontaha le Mantaha.
Baeti ba 33 ba menngoeng ba ile ba thabela taba ea ho etela sehlekehlekeng seo ho ea ba teng kopanong ea pele ea potoloho ea ho tšoareloa sebakeng seo se hōle. Ka mor’a leeto la nako e telele ka sefofane ho tšela Leoatle la Pacific, baeti ba ile ba hlasimoloha ha ba amoheloa ke barab’abo rōna ba moo ba neng ba ba emetse boema-fofane. Baeti ba ile ba amoheloa ka meqhaka e metle ea lipalesa (lifaha tse entsoeng ka lithunthung), e leng mpho e tloaelehileng sehlekehlekeng seo. Ka mor’a moo ba ile ba isoa moo ba tla fihlela teng, ’me ka mor’a ho bontšoa sehlekehleke seo ho se hokae, bohle ba neng ba tlil’o ba le karolo lenaneong la kopano ba ile ba kopana Holong ea ’Muso.
Phatlalatso e Tsoang Mohloling o sa Lebelloang
Ha ba tsamaea ka koloi ba le tseleng e eang kopanong, baeti ba bang ba ile ba makala ha ba utloa moruti e mong oa moo a bua ka ketelo ea bona seea-le-moeeng. O ile a re bahahlauli ba tsoang k’honthinenteng ba ne ba tlil’o etela batho malapeng a bona ba bua ka bofelo bo tlang ba lefatše. Le hoja a ne a phehella litho tsa pharishe ea hae hore li se ke tsa mamela baeti bao, phatlalatso ea hae e ile ea thusa ho phatlalatsa hore ho na le sehlopha se seholo sa Lipaki Tsa Jehova sehlekehlekeng seo. Sena se ile sa tsosa thahasello ho baahi ba sehlekehleke. Matsatsing a latelang, baeti ba ile ba qoqisana le bona ka bohlale ka molaetsa o khothatsang oa litaba tse molemo.
Kopano ea Qala
Sontaha hoseng, barab’abo rōna ba moo ba ne ba eme monyako Holong ea ’Muso ba emetse ho amohela baeti ha ba fihla letsatsing la pele la kopano. “Iorana Koe! Iorana Koe!” “Lea amoheloa!” Baralib’abo rōna ba bang ba ne ba apere Sepolynesia ’me ho ea ka tloaelo ea moo ba khabisitse moriri ka lipalesa tse ntle.
Ka mor’a lehlaso le monate la ’mino, batho ba lekholo ba ile ba bina hammoho pina e reng “Tieang Matla, Le Sa Sisinyehe!” ka tsela e neng e e-s’o ka e utluoa sehlekehlekeng seo. Barab’abo rōna ba moo ba ile ba sekisa meokho ha molula-setulo a amohela bohle ba tlileng a bua puo ea moo, e leng Serapa Nui. Nakong ea khefu ea motšehare, Lipaki tse tharo tse ncha li ile tsa tšoantšetsa boinehelo ba tsona ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing. Ha lenaneo la letsatsi la pele le fela, bohle ba ne ba ikutloa ba atamelane haholoanyane le Jehova le mokhatlo oohle oa bara ba motho.—1 Petrose 5:9.
Ho Paka Hoseng
Ka lebaka la maemo a ikhethang sehlekehlekeng seo, lenaneo la letsatsi la bobeli la kopano ea potoloho le ile la qala ka mor’a nako ea lijo tsa motšehare. Ka hona, baeti ba ile ba nka monyetla ka seo ’me ba sebelisa nako ea hoseng ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ba ile ba fumana liphihlelo life?
Mosali e mong ea seng a hōlile ea nang le bana ba robeli o ile a bolella Lipaki hore a ke ke a buisana le tsona kaha ke Mok’hatholike. Ka mor’a hore li mo hlalosetse hore li batla ho buisana le eena ka mathata a amang motho e mong le e mong, a kang a tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mathata a lelapa, o ile a lumela ho mamela.
Mosali e mong oa moo ea seng a hōlile o ile a hlokela banyalani ba bang ba Lipaki botsoalle. O ile a re ba e’o buisana le batho ba k’honthinenteng ba tšoarang ba bang ka sehlōhō. Banyalani bao ba ile ba mo bolella hore molaetsa oa ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ o fuoa e mong le e mong le hore morero oa bona oa ho tla moo sehlekehlekeng ke ho ba teng kopanong e tlang ho thusa bohle ho hōlisa lerato ho Molimo. (Matheu 24:14) Ba ile ba mo botsa hore na o ne a ke ke a rata ho phela nako e telele maemong a paradeise, a kang a teng moo sehlekehlekeng empa ho se na ho kula le lefu. Ka mor’a ho buisana le eena ka hore na mekoti e hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang sehlekehlekeng seo e bile teng ka lilemo tse kae, o ile a nahanisisa kamoo bophelo bo leng bokhutšoanyane kateng ’me a botsa: “Ke hobane’ng ha re phela nako e khutšoanyane hakaale?” O ile a makala ha a bala Pesaleme ea 90:10.
Ka eona nako eo, Lipaki li ile tsa utloa batho ba buela holimo ka ntlong e ’ngoe e haufi. Le hoja li ne li sa utloisise seo ba se buang, mosali eo o ile a li bolella hore baahelani bao baa rohakana ebile ba re bona ha ba batle ho eteloa ke Lipaki. Leha ho le joalo, mosali enoa e ne e le nua, kapa mosetsana e moholo lapeng leo. Kaha ntate oa hae o ne a se a hlokahetse, e ne e le eena ea lokelang ho etsa qeto ea hore na ke sefe se molemong oa lelapa. Moo beng ka eena ba ntseng ba utloa, o ile a emela barab’abo rōna a bua sehahabo bona ’me ka mosa a amohela lingoliloeng tseo ba mo fang tsona. Hamorao bekeng eona eo, ha a feta Lipaki ka koloi, o ile a re khaitseli ea hae e emise koloi. Le hoja e ne e bonahala e sa thaba, o ile a re barab’abo rōna ba tsamaee hantle a ba a ba lakaletsa katleho mosebetsing oa bona.
Le hoja qalong baahi ba bang ba sehlekehlekeng moo ba ne ba bonahala eka ba hanyetsa molaetsa o boleloang ke Lipaki tse tsoang k’honthinenteng, baeti ba ile ba bona ka ho hlaka hore batho ba Rapa Nui ke batho ba mosa le ba botsoalle ka tlhaho. Ba bangata ba bona ba ile ba mamela litaba tse molemo ba thabile. Ha e le hantle, ho Lipaki tse 20 tse kolobelelitsoeng sehlekehlekeng seo tse 6 ke baahi ba teng. E mong oa bona o utloile ’nete ea Bibele ka lekhetlo la pele a mametse a le ka kamoreng ha mosali oa hae a khanneloa thuto ea Bibele. Hona joale eena le mosali oa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng, ’me monna ke mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong.
Lenaneo la Moea le Tsoela Pele
Lenaneo la letsatsi la bobeli le ile la qala ka mor’a nako ea lijo tsa motšehare. Bara le barali babo rōna ba moo ba 32 le baeti ba 33 ba ile ba boela ba kopana le batho ba bang ba ’maloa ba thabelang. Batho ba ka bang lekholo ba ile ba mamela lenaneo leo, ho akarelletsa puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Kamoo Lerato le Tumelo li Hlōlang Lefatše Kateng.” Ha e le hantle, ba neng ba le teng ba ile ba bona bopaki bo phelang ba lerato le teng ho batho ba Jehova, esita le ba litso tse sa tšoaneng.—Johanne 13:35.
Nakong ea kopano ea potoloho, molebeli oa potoloho le molebeli oa setereke ba ile ba tšoara seboka se khethehileng le ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba bararo ba kamehla sehlekehlekeng seo ba ile ba kopana le baeti bao e leng bo-pula-maliboho ba kamehla kapa ba khethehileng. Bohle ba ile ba matlafala haholo.
Letsatsing le hlahlamang, bara ba bang babo rōna ba moo ba bontšang baeti sebaka ba ile ba ba bontša sehlekehleke. Ba ile ba ea koaring eo ho chekoang moai ho eona, ba ea le libakeng tse foqohang seretse se chesang moo ho neng ho tšoareloa litlhōlisano tsa boholo-holo teng, ba ea le lebōpong le letle la Anakena le nang le lehlabathe le lesehla, leo batho ba pele moo sehlekehlekeng ba fihletseng ho lona.b
Monyetla oa ho qetela oa ho ba le barab’abo rōna ba moo e ne e le Thutong ea Buka ea Phutheho. Ka mor’a seboka, Lipaki tsa moo li ile tsa makatsa ba li etetseng ka lijo tsa moo. Ka mor’a moo, bara le barali babo rōna ba apere sehahabo bona, ba ile ba tantša ka sehahabo bona ka bokhabane. Baeti le bara le barali babo rōna ba Rapa Nui, ba ne ba kholisehile hore boiteko bohle bo entsoeng ho lokisetsa kopano eo e ne e sa ba ba lefeela.
Bohle ba neng ba etile ba ile ba ikutloa ba atamelane haufi le bara le barali babo rōna ba sebakeng se ka thōko bao ba neng ba qetile beke e monate le bona. Ho ile ha e-ba thata ho tloha sehlekehlekeng seo. Ba tla lula ba ananela metsoalle e mecha eo ba e fumaneng hammoho le khothatso ea moea eo ba e fumaneng. Boema-fofane, barab’abo rōna ba moo ba ile ba roesa baeti lifaha tseo ba li entseng ka likhetla.
Ha baeti ba tsamaea, ba ile ba tšepisa: “Iorana! Iau he hoki mai e Rapa Nui ee,” e bolelang hore: “Sala hantle! Ke tla khutlela ho uena, Rapa Nui.” E, ba labalabela ho boela ba etela metsoalle ea bona eo ba sa tsoa e fumana le litho tsa lelapa labo bona la moea Sehlekehlekeng sa Easter se ka thōko, se hlollang, se ikhethang le se nang le batho ba botsoalle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea June 22, 2000, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Mokoting o hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang Rano Raraku, ho na le mengolo e mengata majoeng. Ba neng ba batla ho busa sehlekehlekeng seo ba ne ba qala tlhōlisano ea bona Rano Kau. Ba neng ba hlōlisana ba ne ba theoha selomong, ba sesa ho ea ho se seng sa lihlekehleke tse nyenyane, ba tla le lehe la nonyana ea moo, ba sesa ho khutlela sehlekehlekeng se seholo, ebe ba hloa leralla ba tla le lehe leo le sa pshatleha.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Ho Paka Sehlekehlekeng
Lilemo tse ka bang peli pele ho kopano ena e hopolehang, molebeli oa potoloho le mosali oa hae ba ne ba ile ba etela sehlekehlekeng seo ’me ba bile le liphihlelo tse ngata tse thabisang. Ka mohlala, u ka inahanela kamoo ba ileng ba makala kateng ha morali’abo rōna ea neng a ba isa moo ba il’o fihlela teng a ba hopotsa hore ba ne ba ithuta Bibele le eena hoo e ka bang lilemo tse 16 tse fetileng e sa le mocha karolong e ka boroa ea Chile. Hamorao peō eo e ile ea beha litholoana Rapa Nui.
Ba ile ba boela ba e-ba le phihlelo ena e tšehisang: Mong’a lebenkele le rekisang lintho tse bolokoang e le khopotso o ile a amohela Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang le buka e thusang ho ithuta Bibele ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Ha ba khutlela ho eena, o ile a ba bolella hore a ke ke a khona ho bala Bibele eo. Ba ne ba mo sietse Bibele ea Sefora, eseng ea Sepanishe! Ba ile ba rarolla bothata boo kapele, ’me ka thuso ea Lipaki tsa moo le ka ho sebelisa Bibele ka puo ea habo, a fumana hore ha e le hantle ebile ha ho thata hakaalo ho utloisisa Bibele.
[’Mapa o leqepheng la 22]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SEHLEKEHLEKE SA EASTER
CHILE
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ba babeli ho ba ileng ba kolobetsoa kopanong ea potoloho
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Mothipoloha o sebakeng se foqohang seretse se chesang Rano Raraku; setšoantšo se ka hare: Tholoana ea naheng e bitsoang “guayaba” e hōlang moo sehlekehlekeng