Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/1 leq. 32
  • Na re Lokela ho Ipiletsa ho Mangeloi Hore a re Thuse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho Ipiletsa ho Mangeloi Hore a re Thuse?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/1 leq. 32

Na re Lokela ho Ipiletsa ho Mangeloi Hore a re Thuse?

NA HO loketse ho ipiletsa ho mangeloi ha motho a tsielehile? Batho ba bangata ba nahana joalo. Ha e le hantle, New Catholic Encyclopedia e re: “Motho o rapela . . . mangeloi . . . ka kutloisiso feela ea hore a ka ’na a re buella ho Molimo.” Na re lokela ho ipiletsa ho mangeloi hore a re buelle?

Lentsoe la Molimo le fana ka mabitso a mangeloi a mabeli feela a tšepahalang a Molimo, e leng Mikaele le Gabriele. (Daniele 8:16; 12:1; Luka 1:26; Juda 9) Kaha ho fanoe ka mabitso ana ka Bibeleng, re utloisisa hore lengeloi ka leng ke motho ea ikhethang oa moea ea nang le lebitso, eseng matla feela tjee a se nang sebōpeho. Empa mangeloi a mang a ile a hana ho ipolela mabitso. Ka mohlala, ha Jakobo a ne a kōpa lengeloi le neng le mo etetse hore le ipolele lebitso, le ile la hana ho ipolela. (Genese 32:29; Baahloli 13:17, 18) Bibele ha e thathamise mabitso a mangeloi, ka hona e thibela batho hore ba lebise tlhokomelo e feteletseng ho ’ona.

Har’a e meng ea mesebetsi eo mangeloi a e etsang ke ho tsamaisa melaetsa e tsoang ho Molimo e eang ho batho. Ha e le hantle, mantsoe a qalong a Seheberu le Segerike a fetoletsoeng e le “lengeloi” a bolela “moromuoa.” Empa mangeloi hase babuelli ba fetisetsang lithapelo tsa batho teroneng ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Molimo o khethile hore lithapelo li lebisoe ho eena ka lebitso la Mora oa hae, Jesu Kreste, ea ileng a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo le e kōpang ho Ntate ka lebitso la ka a ka le fa eona.”—Johanne 15:16; 1 Timothea 2:5.

Ha ho mohla Jehova Molimo a phathahaneng hoo a ke keng a re mamela haeba re mo atamela ka tsela e loketseng. Bibele e fana ka tiiso ena: “Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena, bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete.”—Pesaleme ea 145:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela