Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 4/1 maq. 30-31
  • Liberia—Keketseho ea ’Muso ho sa Tsotellehe Ntoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liberia—Keketseho ea ’Muso ho sa Tsotellehe Ntoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Ho Thusa ba Hlokang
  • Ho Arabela Litabeng Tse Molemo
  • Ho Fetola Boikutlo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 4/1 maq. 30-31

Liberia—Keketseho ea ’Muso ho sa Tsotellehe Ntoa

NTOA ea lehae e ’nile ea kupa Liberia ka lilemo tse fetang leshome. Bohareng ba 2003, marabele a ne a fohlile a ba a fihla motse-moholo, Monrovia. Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ile tsa tlameha ho baleha malapeng, ka linako tse ling ka makhetlo-khetlo. Batho ba ne ba hapeloa thepa khafetsa-khafetsa.

Ka masoabi, batho ba likete ba ile ba bolaoa ntoeng e kupang motse-moholo. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki tse peli, mora le morali oabo rōna. Bara ba bang babo rōna ba ile ba sebetsana joang le bothata boo, hona ho ile ha etsoa eng ho ba thusa?

Ho Thusa ba Hlokang

Nakong eohle ea tlokotsi, ofisi ea lekala ea Liberia ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea hlophisa liphallelo bakeng sa ba hlokang thuso. Ho ile ha fanoa ka lijo, thepa e hlokahalang ea ka tlung le meriana. Nakong eo marabele a neng a laola sebaka se koung, lijo li ne li haella. Lekala le ne le ile la bonela sena pele ’me le ne le e-na le lintho tse hlokahalang bakeng sa Lipaki tse likete tse peli tse neng li balehetse Liholong Tsa ’Muso tse fapa-fapaneng motseng oo. Barab’abo rōna ba ile ba aba lijo ka hloko e le hore li tle li tšoarelle ho fihlela kou e boetse e buloa. Ho ile ha romeloa meriana ka sefofane ke lekala la Belgium le la Sierra Leone, ’me liaparo tsa romeloa ka sekepe ke lekala la Brithani le la Fora.

Le hoja boemo e ne e le bo sithabetsang, barab’abo rōna ba ile ba lula ba e-na le tšepo ’me ba le morolo. Mantsoe a builoeng ke e mong ea balehileng lehaeng la hae ka makhetlo a mararo a tšoana le a builoeng ke ba bang ba bangata. O ile a re: “Ana ke ’ona maemo ao re bolellang batho ka ’ona; re phela matsatsing a ho qetela.”

Ho Arabela Litabeng Tse Molemo

Ho sa tsotellehe pherekano e teng hohle naheng, Lipaki li ntse li fumana litholoana tse babatsehang tšimong. Ka January 2003, ho bile le tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso e phahameng ho feta tsohle ea ba 3 879, ’me ka February ba khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 15 227.

Batho ba arabela ka potlako litabeng tse molemo. Mohlala oa sena ke se etsahetseng motseng o mong o karolong e ka boroa-bochabela naheng eo. Phutheho e ile ea hlophisa ho tšoarela Sehopotso sa lefu la Kreste motseng oa Bewahn, oo motho a tsamaeang lihora tse ka bang hlano ho ea fihla ho oona ha a tloha moo ka tloaelo ho kopaneloang teng. Pele barab’abo rōna ba ea motseng oo ho ea memela batho ho tla Sehopotsong, ba ile ba fa ramotse oa Bewahn sememo. Eitse ha a se fumana, a nka Bibele ea hae, a ea ho baahi ba motse, a ba balla lengolo le bontšitsoeng sememong seo, ’me a ba memela ho tla Sehopotsong. Kahoo ha bahoeletsi ba fihla, ba fumana hore ba se ba ntse ba fokolelitsoe mosebetsi! Ramotse o ile a tla Sehopotsong le bana ba hae hammoho le basali ba hae ba babeli. Ka kakaretso ho ile ha e-ba teng batho ba 27. Ka mor’a moo, ramotse o ile a itokolla Kerekeng ea Methodiste, a qala ho ithuta le Lipaki, ’me o tšepisitse ho fana ka setša bakeng sa kaho ea Holo ea ’Muso.

Ho Fetola Boikutlo

Tsela eo barab’abo rōna ba itšoarang ka eona le eona e ’nile ea atleha ho fetola tsela eo bahanyetsi ba bang ba talimang ’nete ka eona. Ka mohlala, nahana ka monna e mong ea bitsoang Opoku. Mosebeletsi e mong oa pula-maliboho ea khethehileng o ile a kopana le eena tšebeletsong ea tšimo ’me a mo bontša makasine ea Molula-Qhooa. Opoku o ile a rata sehlooho se seng ka makasineng eo empa o ne a se na chelete. Pula-maliboho eo o ile a mo hlalosetsa hore ha e rekisoe, a mo siela makasine eo ’me a lokisetsa ho boela a mo etela. Ha pula-maliboho eo a etsa leeto la ho boela, Opoku o ile a mo botsa a re: “Na ua ntseba? Boholo ba batho ba lōna motseng oa Harper baa ntseba. Ke ne ke atisa ho leleka bana ba lōna sekolong!” A ntan’o hlalosa hore e ne e le mosuoe-hlooho oa sekolo se phahameng motseng oo le hore o ne a hlorisa bana ba Lipaki Tsa Jehova hobane ba sa lumelise folakha.

Leha ho le joalo, seo Lipaki Tsa Jehova li se entseng ka makhetlo a mararo ho bontša lerato la Bokreste se ile sa etsa hore Opoku a boele a hlahlobe boikutlo ba hae. La pele, o ile a bona Lipaki li hlokomela mora e mong oabo tsona ea neng a kula haholo. Li ile tsa ba tsa lokisetsa hore a fumane phekolo naheng e ’ngoe ea boahelani. Opoku o ile a nahana hore mora eo oabo rōna ea kulang ke “motho ea hlaheletseng” har’a Lipaki empa a utloa hore ke Paki feela e tloaelehileng. La bobeli, lilemong tsa bo-1990, Opoku e ne e le mophaphathehi Côte d’Ivoire. Ka letsatsi le leng o ne a nyoriloe, ’me a ea ho mohlankana e mong ho ea reka metsi. Opoku o ne a e-na le chelete e kopaneng feela ’me mohlankana eo a se na chenche, kahoo a fa Opoku metsi a sa mo lefise. Ha mohlankana eo a fa Opoku metsi, o ile a mo botsa a re: “Na u nahana hore ho tla ke ho be le nako eo ka eona batho ba kang ’na le uena ba tlang ho etsetsana lintho ba sa batle chelete?” Opoku o ile a nahana hore mohlankana eo e tlameha ebe ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me eena a lumela hore ho fela ho le joalo. O ile a khahloa ke ho fana ha mora enoa oabo rōna ka seatla se bulehileng le ke mosa oa hae. Qetellong, Opoku o ile a bona hantle hore o na le maikutlo a fosahetseng ka Lipaki le hore ho hlokahala hore a fetole pono ea hae ha pula-maliboho eo ea khethehileng a ithaopela ho mo fa makasine a sa mo lefise. O tsoetse pele hantle moeeng ’me hona joale ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.

Le hoja barab’abo rōna ba Liberia ba ntse ba tobana le maemo a thata haholo, ba tšepile Molimo ’me ka botšepehi ba bolela litaba tse molemo tsa maemo a ntlafetseng tlas’a puso e lokileng ea ’Muso oa Molimo. Jehova a ke ke a lebala mosebetsi oo ba o etsang ka boikitlaetso le lerato leo ba le bontšang bakeng sa lebitso la hae.—Baheberu 6:10.

[Limmapa tse leqepheng la 30]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

MONROVIA

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Nakong ea tlokotsi, batho ba Jehova ba fana ka thuso ea moea le ea lintho tse bonahalang ho ba e hlokang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela