Matsoalloa a Mexico a Utloa Litaba Tse Molemo
KA LA 10 November, 2002, sehlopha sa Bamixe, e leng matsoalloa a Mexico, se ile sa bokana San Miguel, Quetzaltepec. Eo ke toropo e ntle e profinseng e ka boroa ea Oaxaca. Sehlopha sena se ne se tlile kopanong ea setereke ea Lipaki Tsa Jehova. Ntlha e khōlō ea lenaneo la hoseng hoo e ne e le tšoantšiso ea Bibele.
Ha mantsoe a qalang a tšoantšiso ea Bibele a utloahala sebuela-hōleng, bamameli ba ile ba hlolloa. Ba ile ba opa liatla, ba bangata ba bona ba ne ba lla. Tšoantšiso eo e ne e etsoa ka puo ea Semixe! Ha e fela, ba bangata ba ile ba leboha haholo ka tlhohonolofatso ena eo ba neng ba sa e lebella. E mong o itse: “E ne e le lekhetlo la pele ke utloisisa tšoantšiso. E ile ea nkama pelo.” E mong a re: “Joale leha nka shoa, ke tla be ke thabile hobane Jehova o mphile monyetla oa ho mamela tšoantšiso ka puo ea ka.”
Se ileng sa etsahala hoseng hoo e ne e le karolo ea boiteko bo matla bo neng bo sa tsoa qalisoa ke Lipaki Tsa Jehova tsa Mexico ba ho finyella matsoalloa a moo ka litaba tse molemo tsa ’Muso.—Matheu 24:14; 28:19, 20.
Jehova o Ile a Mamela Lithapelo
Ho na le batho ba ka holimo ho 6 000 000 bao e leng matsoalloa a Mexico—bao ha e le bona feela, ba lekaneng hore e ka ba sechaba, sechaba se nang le mekhoa e fapa-fapaneng le se buang lipuo tse sa tšoaneng tse 62. Puo ka ’ngoe ho tseo tse 15 e buuoa ke batho ba ka holimo ho ba 100 000. Matsoalloa a fetang 1 000- 000 ha a bue Sepanishe, seo e leng puo ea molao ea Mexico. ’Me ho ba buang Sepanishe, ba bangata ba ka ithuta ’nete ea Bibele habonolo ka puo ea habo bona. (Liketso 2:6; 22:2) Ba bang ba ithutile Bibele ’me ba bile teng libokeng tsa Bokreste ka botšepehi ka lilemo tse ngata, empa kutloisiso ea bona e ntse e fokola. Kahoo e se e le nako ba ntse ba rapella hore ba be le molaetsa oa ’nete ka lipuo tsa habo bona.
Ho sebetsana le bothata bona, ka 1999 ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico e ile ea qala ho etsa litokisetso tsa ho tšoara liboka tsa phutheho ka lipuo tsa matsoalloa a moo. Ho ile ha thehoa le lihlopha tsa bafetoleli. Ka selemo sa 2000, tšoantšiso ea kopano ea setereke e ile ea etsoa ka Semaya ’me hamorao ea etsoa ka lipuo tse ling tse ’maloa.
Mohato o latelang e bile oa ho qalisa mosebetsi oa ho fetolela lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse nolofalletsang motho ho ithuta Bibele. Ho ile ha qaloa ka hore ho fetoleloe bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka Sehuave, Semaya, Semazatec, Setotonac, Setzeltal le Setzotzil. Likhatiso tse eketsehileng li ile tsa latela, ho akarelletsa le khatiso e tloaelehileng ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Semaya. Likhatiso tse ling li boetse li rekotiloe lik’haseteng. E le hore ho rutoe matsoalloa a moo ho bala le ho ngola ka puo ea habo ’ona, ho ntse ho lokisoa bukana e reng Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola e tla sebelisoa sebakeng seo. Hona joale ho hlahisoa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse 15 tsa matsoalloa a moo, ’me hamorao ho tla latela likhatiso tse eketsehileng.
‘Ho Etsa Boiteko Bohle’
Mosebetsi oa phetolelo ha oa ka oa e-ba bonolo. Lebaka le leng la sena ke hore, ho na le lingoliloeng tse fokolang haholo tse hatisitsoeng ka lipuo tsa matsoalloa a Mexico. Maemong a mangata, ho fumana libuka tse hlalosang mantsoe e ’nile ea e-ba bothata. Ho boetse ho na le lipuo tse ngata tse nyenyane tse tsoileng lipuong tse ling tse khōlō. Ka mohlala, bonyane puong ea Sezapotec ho tsoile lipuo tse hlano tse nyenyane. Lipuo tsena li fapane haholo hoo Mazapotec a tsoang libakeng tse sa tšoaneng a sa khoneng ho utloisisana.
Ho feta moo, haeba puo e itseng e se na melao e behiloeng, bafetoleli ba tlameha ho iketsetsa ea bona. Sena se hloka hore ho etsoe lipatlisiso tse ngata le hore ho botsoe batho ba bang. Ha ho makatse ha qalong ba bangata ba bona ba ile ba ikutloa joaloka Élida, oa sehlopha sa puo ea Sehuave! Oa hopola: “Ha ke ne ke memeloa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico bakeng sa mosebetsi oa phetolelo, ke ne ke e-na le maikutlo a mabeli a sa tšoaneng—ke ne ke thabile ke bile ke tšohile.”
Bafetoleli ba boetse ba lokela ho ithuta ho sebelisa k’homphieutha, ho etsa kemiso ea mosebetsi oa bona le ho tseba mekhoa ea ho fetolela. Ka sebele, mosebetsi ona e bile phephetso e khōlō ho bona. Ba ikutloa joang ka oona? Gloria, eo e leng setho sa sehlopha sa puo ea Semaya, o re: “Ha re tsebe hore na re reng ho hlalosa thabo ea rōna ea hore ebe re kentse letsoho mosebetsing oa ho fetolela likhatiso tsa Bibele ka puo ea habo rōna ea Semaya.” Molebeli oa Lefapha la Phetolelo o re ka bafetoleli: “Takatso ea ho ba le likhatiso tsa Bibele ka lipuo tsa habo bona e matla haholo hoo ba etsang boiteko bohle hore ba hlōle phephetso ena.” Na boiteko ba bona bo hlahisitse litholoana?
“Kea Leboha, Jehova!”
Tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing o etsoang tšimong ea matsoalloa a sebaka sena e ’nile ea bonahala. Palo ea ba bang teng libokeng tsa Bokreste le likopanong e imenne habeli. Ka mohlala, ka 2001, Lipaki tse 223 tse buang Semixe li ile tsa kopana ho keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Empa kakaretso ea ba bileng teng e bile ba 1 674—e leng palo e menang ea Lipaki ka makhetlo a supa le halofo!
Hona joale batho ba bang ba amohelang ’nete ba khona ho e utloisisa hantle li sa tloha feela. Mirna o hopola se ileng sa mo etsahalla pele liboka li tšoaroa ka Semaya. O re: “Ke ile ka kolobetsoa ka mor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tharo. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho kolobetsoa, empa bonneteng ke ne ke hlile ke sa utloisise linnete tsa Bibele hantle kamoo ke neng ke lokela ho li utloisisa kateng. Ke nahana hore lebaka ke hobane puo ea ka ke Semaya ’me ke ne ke sa utloisise Sepanishe hantle. Ho ile ha nkuka nako hore ke utloisise ’nete hantle.” Kajeno, eena le monna oa hae ba thabela ho ba karolo ea sehlopha sa phetolelo sa Semaya.
Ka liphuthehong, bohle ba thaba haholo ha ba fumana likhatiso ka lipuo tsa habo bona. Ha ho ne ho lokolloa bukana e sa tsoa fetoleloa ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ka Setzotzil, mosali ea neng a qalile ho ba teng libokeng tsa Bokreste o ile a e kopa ka matsoho eaba oa hoeletsa o re: “Kea leboha, Jehova!” Litlaleho li bontša hore liithuti tse ngata tsa Bibele li tsoetse pele ka potlako ho fihlela li fihla boemong ba ho kolobetsoa, bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong ba ntse ba tsosolosoa ’me hona joale barab’abo rōna ba bangata ba Bakreste ba ikutloa ba tšoanelehela ho amohela boikarabelo ka phuthehong. Beng ba matlo ba bang ba thabela haholoanyane ho amohela lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tsa habo bona le ho ithuta tsona.
Ka nako e ’ngoe, Paki e ’ngoe e ne e il’o khanna thuto ea Bibele, empa seithuti se ne se le sieo lapeng. Ha monna a tla monyako, morali’abo rōna o ile a re o lakatsa ho mo balla ho itseng bukaneng. Monna enoa o ile a araba a re: “Ha ke batle letho.” Morali’abo rōna o ile a mo bolella ka Setotonac hore bukana ena e ngotsoe ka puo ea habo bona. Ha monna eo a utloa seo, o ile a nka benche eaba o lula fatše. Ha morali’abo rōna a ntse a mo balla, nako le nako o ne a re, “Ke ’nete. E, ke ’nete.” Hona joale o ba teng libokeng tsa Bokreste.
Profinseng ea Yucatán, monna eo mosali oa hae e leng Paki o ne a hanyetsa ’nete ’me ka linako tse ling o ne a otla mosali oa hae ha a fihla lapeng a e-tsoa libokeng. Eitse ha liboka li qala ho tšoaroa ka Semaya, morali’abo rōna o ile a etsa qeto ea ho mema monna oa hae. O ile a tla ’me a li thabela haholo. Hona joale o ba teng kamehla libokeng, o khanneloa thuto ea Bibele, ’me ho hlakile hore ha a sa otla mosali oa hae.
Monna ea buang Setotonac o ile a bolella Lipaki tse peli hore ha ho mohla a neng a kile a rapela hobane moprista oa K’hatholike o ile a mo bolella hore Molimo o mamela lithapelo tse etsoang ka Sepanishe feela. Ha e le hantle, o ile a tlameha ho lefa moprista hore a rapelle Matotonac. Lipaki li ile tsa hlalosa hore Molimo o mamela lithapelo tse etsoang ka lipuo tsohle, eaba li mo neha bukana ea Setotonac, eo a ileng a e amohela ka thabo e khōlō.—2 Likronike 6:32, 33; Pesaleme ea 65:2.
“Kualtsin Tajtoua”
Ba thabisitsoe ke liketsahalo tsena, bahoeletsi ba bangata ba ’Muso ba ikitlaelletsa ho ithuta puo e ’ngoe ea matsoalloa a moo kapa ho ntlafatsa tsebo ea bona ka puo e ’ngoe eo ba seng ba ntse ba e tseba. Sena ke sona seo molebeli oa potoloho ea sebeletsang liphutheho tse hlano tsa Senahuatl tse ka leboea ho Puebla a se etsang. O re: “Bana ba neng ba tloaetse ho robala libokeng ba lula ba falimehile haholo ebile ba mamela ka hloko ha ke bua ka Senahuatl. Qetellong ea seboka se seng, moshanyana ea lilemo li ’nè o ile a tla ho ’na eaba o re: ‘Kualtsin tajtoua’ (u bua hamonate). Seo se ile sa etsa hore ke se ke sa ikoahlaea ka boiteko boo ke bo entseng.”
Ka sebele tšimo ea puo ea matsoalloa a sebaka sena e “soeufetse bakeng sa kotulo,” ’me bohle ba e sebetsang ba ikutloa ba matlafetse haholo. (Johanne 4:35) Roberto, ea neng a hlophisa lihlopha tsa phetolelo, o akaretsa seo ka mantsoe a reng: “E bile phihlelo e sa lebaleheng ho bona meokho ea thabo e keleketla lifahlehong tsa bara le barali babo rōna ha ba ntse ba mametse ’nete ka puo ea habo bona ba bile ba e utloisisa. Ho nahana ka sena ho etsa hore ke bipetsoe ke thabo.” Ha ho pelaelo hore, ho thusa batho bana ba tšepahalang hore ba emele ’Muso ho boetse ho thabisa pelo ea Jehova.—Liproverbia 27:11.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Tseba ba Bang ba Bafetoleli
● “Batsoali ba ka ba nthutile ’nete ho tloha ha ke sa le monyenyane. Ka masoabi, ha ke le lilemo li 11, Ntate o ile a tlohela phutheho ea Bokreste. Lilemo tse peli hamorao, ’Mè o ile a re lahla kherehloa. Kaha re ne re le bana ba bahlano ’me e le ’na e moholo, ke ile ka tlameha ho jara boikarabelo ba ’Mè, le hoja ke ne ke sa ntse ke kena sekolo.
“Bara le barali babo rōna ba moea ba ne ba re tšehelitse ka lerato, empa bophelo bo ne bo le boima. Ka linako tse ling ke ne ke ee ke ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke etsahalloa ke lintho tse tjee? Ke sa le monyenyane haholo!’ Ke ka thuso ea Jehova feela ke ileng ka khona ho mamella. Ka mor’a ho qeta sekolong se phahameng, ke ile ka ba mosebeletsi oa nako e tletseng ’me seo se ile sa nthusa haholo. Ha ho ne ho thehoa sehlopha sa phetolelo sa Senahuatl, ke ile ka memeloa ho ba karolo ea sona.
“Hona joale Ntate o khutletse ka phuthehong ’me baena ba ka le likhaitseli tsa ka ba sebeletsa Jehova. Ho lula ke tšepahala ho Jehova e bile ho putsang haholo. O hlohonolofalitse lelapa leso haholo.”—Alicia.
● “Ngoanana e mong oa Paki eo ke neng ke kena sekolo le eena o ile a fana ka puo e buang ka tšimoloho ea bophelo. Ke ne ke le sieo tlelaseng eo ’me ke ne ke amehile ka hore ke tla hlōloa ho araba lipotso tsa taba eo tlhahlobong, kahoo ke ile ka mo kōpa hore a ntlhalosetse taba eo. Kamehla ke ne ke ntse ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba e-shoa. Eitse ha a ’neha buka ea Creationa le ho ithaopela ho nkhannela thuto ea Bibele, ke ile ka lumela. Morero oa ’Mōpi le lerato la hae li ile tsa nkama haholo.
“Ha ke qeta sekolo, ke ile ka ba le monyetla oa ho ba mosuoe ea rutang lipuo tse peli, Sepanishe le Setzotzil. Empa seo se ne se tla hloka hore ke fallele hōle, ke rute litlelase tse eketsehileng ka mafelo-beke ke be ke lahleheloe ke liboka tsa Bokreste. Ho e-na le hoo, ke ile ka sebetsa joaloka sehahi.
Ntate, eo e neng e se Paki, ho hang ha aa ka a rata qeto ea ka. Hamorao, ha ke ntse ke le pula-maliboho, ho ile ha thehoa sehlopha se neng se tla fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka Setzotzil. Ke ile ka susumeletseha hore ke kopanele mosebetsing oo.
“Kea bona hore ha bara le barali babo rōna ba e-na le likhatiso ka lipuo tsa habo bona seo se etsa hore ba ikutloe ba ratoa ebile ba e-na le seriti. Seo se khotsofatsa haholo. Ke ikutloa ke hlomphiloe haholo ka kabelo eo ke nang le eona.”—Humberto.
● “’Mè o ile a re siea ha ke le lilemo li tšeletseng. Ha ke sa le mocha, Ntate o ile a qala ho ithuta le Lipaki Tsa Jehova. Ka letsatsi le leng morali e mong oabo rōna o ile a ithaopela ho nkhannela thuto ea Bibele e neng e akarelletsa keletso bakeng sa bacha. Joaloka mocha ea neng a se na ’mè, ke ile ka nahana hore eo ke eona ntho eo ke neng ke hlile ke e hloka. Ke ile ka kolobetsoa ha ke le lilemo li 15.
“Ka 1999, Ntate o ile a bolaoa ke batho ba bang ba khopo ba neng ba batla mobu oa hae. Ke ne ke sithabetse haholo. Ke ile ka tepella maikutlo haholo ’me ke ne ke ikutloa ke se ke sa batle ho phela. Empa ke ile ka lula ke rapela Jehova hore a mphe matla. Molebeli ea tsamaeang le mosali oa hae ba ile ba nkhothatsa haholo. Kapele ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla.
“Ka lekhetlo le leng ke ile ka bona ba bang ba neng ba tsamaile lihora tse tšeletseng hore feela ba tl’o utloa puo ea metsotso e 20 ka Setotonac, le hoja liboka tse ling kaofela li ne li tšoeroe ka Sepanishe, seo ba neng ba sa se utloisise. Kahoo, ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke memeloa ho tla thusa ho fetolela likhatiso tsa Bibele ka Setotonac.
“Ke ne ke atisa ho bolella Ntate toro ea ka ea ho ea sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. O ile a mpolella hore seo se ne se ke ke sa khoneha bakeng sa ngoanana oa lesoha e mocha. O tla thaba hakaakang ha a tsoha bafung ’me a fumana hore ke ile ka atleha ho fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka puo ea habo rōna!”—Edith.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e hatisitsoe ka 1985 ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Litho tsa sehlopha sa phetolelo tsa Setzotzil li tšohla lentsoe leo ho leng thata ho le fetolela