Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/15 maq. 8-11
  • Metsoalle ea Molimo ‘Lihlekehlekeng Tsa Batho ba Botsoalle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Metsoalle ea Molimo ‘Lihlekehlekeng Tsa Batho ba Botsoalle’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Ho Phela Bophelo bo Bonolo
  • Litaba Tse Molemo li Fihla le Libakeng Tse Hōle Haholo
  • Ho Sebelisoa Quest ha ho Batloa
  • Lihlekehleke Tse Tšepisang
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/15 maq. 8-11

Metsoalle ea Molimo ‘Lihlekehlekeng Tsa Batho ba Botsoalle’

Ka 1932 sekepe sa liseile se ile sa tlisa peō ea bohlokoahali Tonga. Motsamaisi oa sekepe seo o ile a fa Charles Vete bukana e bitsoang “Where Are the Dead?” Charles o ne a kholisehile hore o ne a fumane ’nete. Hamorao, ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea amohela kōpo ea Charles ea ho fetolela bukana ena puong ea habo. Ha a qeta mosebetsi ona, o ile a amohela libukana tse 1 000 tse hatisitsoeng eaba o qala ho li aba. Ke kamoo peō ea ’nete ea ’Muso oa Jehova e ileng ea qala ho hasoa kateng ’musong oa Tonga.

’MAPENG oa Pacific Boroa, u tla fumana Tonga ka bophirimela haufi le moo mola oa machaba oa nako o kopanang le Tropic of Capricorn. Sehlekehleke sa eona se seholohali, e leng Tongatapu, se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 2 000 ka leboea-bochabela ho Auckland, New Zealand. Tonga e na le lihlekehleke tse 171, tse 45 tsa tsona li na le baahi. James Cook, mofuputsi ea tummeng oa Lebrithani oa lekholong la bo18 la lilemo o ile a bitsa lihlekehleke tsena tse nyenyane tse hōle, Lihlekehleke Tsa Batho ba Botsoalle.

Ka baahi ba ka bang 106 000, Tonga e na le lihlopha tsa lihlekehleke tse tharo—tse khōlōhali ho tsona ke Tongatapu, Ha’apai le Vava’u. Har’a liphutheho tse hlano tsa sebaka seo tsa Lipaki Tsa Jehova, tse tharo li sehlopheng sa Tongatapu se nang le baahi ba bangata, e ’ngoe e Ha’apai ’me e ’ngoe e Vava’u. Ho thusa batho hore e be metsoalle ea Molimo, Lipaki Tsa Jehova li na le lehae la baromuoa le ofisi ea phetolelo haufi le motse-moholo, Nuku’alofa.—Esaia 41:8.

Ho tloha lilemong tsa bo-1930, Charles Vete o ne a tsejoa haholo e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, le hoja a sa ka a kolobetsoa ho fihlela ka 1964. Ba bang ba ile ba kopanela le eena mosebetsing oa ho paka, ’me ka 1966 ho ile ha hahoa Holo ea ’Muso eo ho eona ho neng ho ka lula batho ba 30. Ka 1970 ho ile ha thehoa phutheho ea bahoeletsi ba ’Muso ba 20 Nuku’alofa.

Ho tloha ka nako eo, ho phethahala ha mantsoe a moprofeta Esaia ho bonahala ka ho hlaka lihlekehlekeng tsa Tonga: “Ba ke ba ise khanya ho Jehova, ’me ba bolele thoriso ea hae lihlekehlekeng.” (Esaia 42:12) Mosebetsi oa ’Muso o ’nile oa tsoela pele ho ata, ’me batho ba bangata ba thusitsoe hore ba be le kamano le Jehova. Kopanong ea setereke Nuku’alofa ka 2003, ho bile le tlhōrō ea ba 407 ba neng ba le teng, ’me ho ile ha kolobetsoa ba 5. Ho bontša hore ho ka ba le keketseho, ho ile ha e-ba le batho ba 621 Sehopotsong ka 2004.

Ho Phela Bophelo bo Bonolo

Leha ho le joalo, hōle le motse-moholo, ho sa ntse ho hlokahala baboleli ba ’Muso ba bangata. Ka mohlala, batho ba 8 500 ba lulang lihlekehlekeng tse 16 tsa sehlopha sa Ha’apai ba lokela ho utloa ho eketsehileng ka ’nete ea Bibele. Lihlekehleke tse ngata tsa Ha’apai li libakeng tse tlaase, tse koahetsoeng ke lifate tsa palema, li bile li na le mabōpo a malelele a nang le lehlabathe le lesoeu. Metsi a leoatle a hlakile ka tsela e ikhethang, hangata motho o khona ho bona ho fihla botebong ba limithara tse 30. Hoa hlolla ho sesa ka har’a mepopotlo ea mahoholi a leoatle le ka har’a mefuta e fetang lekholo ea litlhapi tse mebala-bala tsa linaha tse chesang. Ka kakaretso metse e menyenyane. Le hoja matlo e le a boemo bo tlaase, a hahuoe hore a khone ho ema a tiile nakong ea maholiotsoana a linaha tse chesang.

Lifate tsa breadfruit le tsa mango li fana ka moriti le lijo. Ho bokella lijo le ho li pheha ho nka karolo e khōlō ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ntle ho nama ea kolobe, baahi ba lihlekehleke tsena ba thabela nala ea lihlahisoa tsa leoatle. Lijarete tsa malapa li hlahisa lijalo tse nang le lihoete tse jeoang le meroho. Lifate tsa litholoana tsa mofuta oa lamunu li imelela naheng; ho na le lifate tse ngata tsa kokonate le tsa libanana. Tsebo ea batho ba moo ea meriana ea litlama, ea makhasi, ea makhapetla le ea metso ea lifate e ea le meloko.

Ho hlakile hore letlotlo le thabisang ka ho fetisisa la Ha’apai ke batho ba eona ba botsoalle, ba tšoanelang boemo bo khutsitseng ba sebaka sena. Mona batho ba phela bophelo bo sa rarahanang. Basali ba bangata ba etsa mesebetsi ea matsoho—ba etsa libaskete, masela a tapa le limmete. Ha basali ba Matonga ba ntse ba sebetsa, baa qoqa, baa bina le ho tšeha ha ba ntse ba lutse hammoho ka tlas’a moriti oa sefate, hangata bana ba ntse ba bapala kapa ba robetse thōko mane. ’Me hangata basali ke bona bao ha maqhubu a leoatle a kokobetse ba batlang liphoofotsoana tse nang le likhetla ka har’a mafika le lintho tse ling tse jeoang tse phelang ka leoatleng, hammoho le litlama tsa leoatle tse romotsehang tse etsang salate e hlabosang.

Banna ba bangata ba qeta nako ea bona ba sebetsa lirapeng, ba tšoasa litlhapi, ba betla, ba etsa likepe le ho lokisa matlooa a ho tšoasa litlhapi. Banna, basali le bana ba tsamaea pakeng tsa lihlekehleke ka liketsoana tsa ho tšoasa litlhapi tse koahetsoeng ka holimo ha ba etela beng ka bona, ba ea ngakeng le ha ba il’o hoeba kapa ba rekisa lihlahisoa tsa bona.

Litaba Tse Molemo li Fihla le Libakeng Tse Hōle Haholo

Baromuoa ba babeli le bo-pula-maliboho ba babeli ba ile ba fihlela tikolohong ena e hlollang ka botle nakong ea Sehopotso ka 2002. Lipaki li ne li kile tsa teana le batho ba Ha’apai, ’me batho ba sebaka sena ba ne ba kile ba fumana lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, esita le ho ithuta Bibele le tsona.

Mesuoe ena e mene ea Bibele e ne e e-na le lipakane tse tharo: ho tsamaisa lingoliloeng tsa Bibele, ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele le ho memela ba thahasellang moketeng oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Lipakane tseo tse tharo kaofela li ile tsa finyelloa. Batho ba 97 ba ile ba amohela memo ea ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Jesu. Ba bang ba bona ba ne ba tsamaea ka liketsoana tse bulehileng ho sa tsotellehe pula ea litloebelele le lifefo tse matla. Ka lebaka la boemo ba leholimo bo seng botle, ba bangata ba ile ba robaletsa sebakeng seo Sehopotso se neng se tšoaretsoe ho sona, eaba letsatsing le hlahlamang ba khutlela mahaeng a bona.

Ho ne ho hlokahala hore sebui sa Sehopotso se ikitlaetse haholo. Sebui se seng sa moromuoa se ile sa re: “Ha ho hlokahale hore ke le bolelle hore na ho thata hakae ho fana ka lipuo tse peli tsa Sehopotso ka puo esele mantsiboeeng a le mang. U ka inahanela feela hore na ke ne ke tšoenyehile hakae. Thapelo e ile ea nthusa hakaakang! Ke ile ka hopola mantsoe le lipoleloana tseo ke neng ke sa elelloe hore kea li tseba.”

Ka lebaka la hore baevangeli bana ba ile ba tsosolosa thahasello e neng e le teng lihlekehlekeng tsa Ha’apai, ho ile ha kolobetsoa banyalani ba babeli sebakeng seo. Ketsahalong e ’ngoe, monna e mong ho banyalani bana ba babeli o ile a thahasella lingoliloeng tsa Lipaki ha a ntse a koetlisetsoa ho ba moruti kerekeng ea sebaka seo.

Le hoja e ne e le mafutsana, monna enoa hammoho le mosali oa hae ba ne ba atisa ho nehelana ka chelete e ngata ha mabitso a bona a bitsoa ka kerekeng tšebeletsong ea selemo le selemo ea ho bokella chelete. Paki e ’ngoe e neng e kile ea etela moo e ne e ile ea kōpa monna enoa hore a phetle Bibele ea hae ’me a bale 1 Timothea 5:8. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” Molao-motheo ona oa Bibele o ile oa ama pelo ea monna enoa. O ile a elelloa hore ha a ntse a lumela feela ha kereke e mo batla chelete e ngata, o ntse a hlōleha ho lokisetsa hore ho be le lintho tsa motheo tse hlokahalang bakeng sa lelapa la hae. Tšebeletsong e latelang ea selemo le selemo ea ho bokella chelete, le hoja a ne a e-na le chelete ka pokothong, ha aa ka a lebala 1 Timothea 5:8. Ha ho bitsoa lebitso la hae, ka sebete o ile a bolella moprista hore litlhoko tsa lelapa la hae ke tsona tse tlang pele. Ka lebaka leo, baholo ba kereke ba ile ba bua banyalani bana hampe le ho ba nyatsa phatlalatsa.

Hoba ba ithute Bibele le Lipaki Tsa Jehova, monna enoa le mosali oa hae e ile ea e-ba bahoeletsi ba litaba tse molemo. Monna o re: “’Nete ea Bibele e mphetotse. Ha ke sa le motho ea sehlōhō ebile ha ke sa sotla lelapa la ka. Ha ke sa noa haholo. Batho ba motseng oa heso ba khona ho bona liphetoho tseo ’nete e li entseng bophelong ba ka. Ke tšepa hore le bona ba tla rata ’nete joaloka ’na.”

Ho Sebelisoa Quest ha ho Batloa

Likhoeli tse seng kae ka mor’a Sehopotso sa 2002, sekepe se seng sa liseile se ile sa tlisa thepa ea bohlokoahali sebakeng sena se hōle sa Ha’apai. Seketsoana sena se bitsoang Quest se limithara tse 18 se tsoang New Zealand se ne se tsamaea hohle lihlekehlekeng tsa Tonga. Ka sekepeng ho ne ho palame Gary le Hetty, hammoho le morali oa bona Katie. Ka makhetlo a mabeli ha ba etela moo ba ne ba felehelitsoe ke bara le barali babo rōna ba robong ba Matonga le baromuoa ba babeli. Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa thusa ho tsamaisa seketsoana sena ka mokhoa o hloahloa, ka linako tse ling ba se fetisa har’a mafika a sa bontšoang ’mapeng. Maeto ana a sekepe e ne e se a boithabiso. Ba neng ba le ka sekepeng sena ba ne ba le moo ka morero oa ho ruta ’nete ea Bibele. Ba ile ba akaretsa sebaka se seholo sa leoatle ha ba etela lihlekehleke tse 14. Ho ne ho e-s’o ka ho boleloa litaba tse molemo tsa ’Muso ho tse ling tsa lihlekehleke tseo.

Batho ba ile ba arabela joang? Ka kakaretso, baboleli ba tsamaeang ka sekepe ba ne ba teana le batho ba sehlekehleke sena ba lakatsang ho tseba lintho, ba mofuthu le ba ratang ho amohela baeti. Hang feela ha baahi ba sehlekehleke ba utloisisitse morero oa ketelo, ba ne ba bontša kananelo e tebileng. Lipaki tsena tse neng li etile li ile tsa hlakeloa hore batho ba sehlekehleke sena ba ne ba hlompha Lentsoe la Molimo le hore ba ne ba ela hloko tlhoko ea bona ea moea.—Matheu 5:3.

Ka makhetlo a mangata, baeti bana ba ne ba lula ka tlas’a lifate tse libakeng tse chesang ba pota-potiloe ke batho ba neng ba e-na le lipotso tse ngata tsa Mangolo. Lipuisano tsa Bibele li ne li tsoela pele malapeng ka mor’a shoalane. Baahi ba sehlekehleke se seng ba ile ba kōpa ka tieo Lipaki tse neng li tloha sebakeng seo ba re: “Le se ke la tsamaea! Ke mang ea tla araba lipotso tsa rōna ha le tsamaea?” Paki e ’ngoe e ile ea re: “Kamehla ho ne ho le thata ho siea batho ba bangata hakaalo ba kang linku ba neng ba lapetse ’nete. Ho ne ho jetsoe peō e ngata ea ’nete.” Ha Quest e fihla sehlekehlekeng se seng, Lipaki li ile tsa fumana motho e mong le e mong a apere thapo. Mosali oa ofisiri ea toropo o ne a sa tsoa hlokahala. Ofisiri ena e ile ea leboha barab’abo rōna ka ho tlisa molaetsa oa matšeliso o tsoang ka Bibeleng.

Ho ne ho se bonolo ho fihla lihlekehlekeng tse ling. Hetty o re: “Sehlekehlekeng se seng ho ne ho se na sebaka se loketseng se omileng, haese feela mafika a bophahamo bo fetang mithara a hlaheletseng ka har’a leoatle. Re ne re ka khona ho fihla sebakeng seo feela ka seketsoana sa rōna sa rabara. Pele, re ne re tlameha ho akhella baithaopi ba bangata ba emeng lebōpong la leoatle mekotla ea rōna. Joale, ha seketsoana sena se ntse se nyoloha hore se fihle ntlheng ea lefika, re ne re lokela ho qhomela lefikeng pele se theohela tlaase maqhubung a leoatle.”

Leha ho le joalo, hase e mong le e mong ka sekepeng eo e neng e le senatla. Ka mor’a ho tsamaea ka sekepe ka libeke tse peli, motsamaisi oa sekepe o ile a ngola tjena ka leeto la bona ha ba khutlela sehlekehlekeng se seholo sa Tongatapu: “Re sa ntse re letetsoe ke leeto la lihora tse 18 la sekepe. Re ke ke ra tsamaea re sa emise hobane ba bang ba kulisoa ke leoatle. Re thabile hore ebe re khutlela hae empa re boetse re masoabi haholo hore ebe re siea batho ba bangata hakana ba seng ba utloile molaetsa oa ’Muso. Re ba siea matsohong a Jehova, hore ba thusoe ke moea oa hae o halalelang le mangeloi a hae ho hōla moeeng.”

Lihlekehleke Tse Tšepisang

Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore Quest e tsamaee, bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba baevangeli, e leng, Stephen le Malaki, ba ile ba abeloa ho ea bolela sehlopheng sa lihlekehleke tsa Ha’apai. Ha ba fihla moo ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho ruta Bibele le banyalani ba babeli ba neng ba sa tsoa kolobetsoa. Ho tšoaroa lipuisano tse thabisang ka litaba tsa bolumeli, ’me bahoeletsi ba sebelisa Bibele hamolemo.

Ka la 1 December, 2003, ho ile ha thehoa phutheho Haʹapai, ’me ke ea bohlano Tonga. Har’a ba bang teng ho na le bana ba bangata. Ba ithutile ho mamela ka hloko. Ba lula ba khutsitse ebile ba rata ho fana ka likarabo ha ho e-na le lipotso tse hlokang hore bamameli ba arabe. Molebeli e mong oa potoloho o boletse hore “tsela eo ba tsebang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka eona e bontša hore batsoali ba nka ka ho teba boikarabelo ba bona ba ho ruta bana ba bona ’nete ea Bibele.” Ho hlakile hore ho na le tšepo ea hore lihlekehleke tseo li sa ntsane li ka hlahisa metsoalle e eketsehileng ea Jehova.

Lilemo tse fetang 70 tse fetileng, ha Charles Vete a ne a fetolela bukana e bitsoang Where Are the Dead? ka puo ea habo ea Setonga, o ne a sa tsebe hore na peō ea ’Muso e ne e tla mela ka lipelong tsa batho ba habo ho isa bohōleng bofe. Ho tloha nakong eo ea tšimoloho e nyenyane, Jehova o ntse a hlohonolofatsa ho boleloa ha litaba tse molemo ho ntseng ho ata karolong eo e hōle ea lefatše la rōna. Kajeno, ho ka boleloa ka tieo hore Tonga e har’a lihlekehleke tse hōle tsa leoatle tseo ho ka thoeng li retelehela ho Jehova. (Pesaleme ea 97:1; Esaia 51:5) Hona joale ‘Lihlekehlekeng tsena Tsa Batho ba Botsoalle’ ho na le metsoalle e mengata ea Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Charles Vete, 1983

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ho etsoa lesela la “tapa”

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho ne ho sebelisoa “Quest” ho hasa litaba tse molemo Tonga

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Sehlopha sa bafetoleli, Nukuʹalofa

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 9]

Making tapa cloth: © Jack Fields/CORBIS; background of pages 8 and 9, and fishing: © Fred J. Eckert

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela