“Pime” e Tiisa Bonnete ba Histori ea Bibele
LENTSOE “pime” le hlaha hang feela ka Bibeleng. Matsatsing a Morena Saule, Baiseraele ba ne ba e-ea ho litei tsa tšepe tsa Bafilista hore li leotse lithulusi tsa bona tsa tšepe. Bibele e re: “Tefello ea ho leotsa ea e-ba pime bakeng sa mehoma le bakeng sa mehoma e kang peke le bakeng sa lisebelisoa tse meno a mararo le bakeng sa lilepe le bakeng sa ho tiisa tsenene ea likhomo.”—1 Samuele 13:21.
Pime e ne e le eng? Karabo ea potso eo e ile ea lula e le lekunutu ho fihlela ka 1907 C.E. ha lejoe la pele la ho bekha la pime le ne le epolloa motseng oa boholo-holo oa Gezere. Bafetoleli ba Bibele ba mehleng ea pele ba ne ba thatafalloa ho fetolela lentsoe “pime.” Ka mohlala, King James Version, e ile ea fetolela 1 Samuele 13:21 tjena: “Empa ba ne ba e-na le feile bakeng sa lipeke, le bakeng sa likara, le bakeng sa lifereko, le bakeng sa lilepe, le bakeng sa ho leotsa litsenene.”
Kajeno litsebi lia tseba hore pime e ne e le tekanyo ea ho bekha boima eo ka karolelano e neng e le ligramo tse 7,82, kapa hoo e ka bang karolo ea bobeli ho tse tharo ea shekele, e leng tekanyo ea motheo ea Seheberu ea ho bekha boima. Bafilista ba ne ba lefisa Baiseraele tekanyo ea pime ea likotoana tsa silevera bakeng sa ho leotsa lithulusi tsa bona. Mokhoa oa ho lekanya oa shekele o ile oa khaotsa ho sebelisoa ha ’muso oa Juda le motse-moholo oa oona, Jerusalema, o ne o oa ka 607 B.C.E. Kahoo tekanyo ea pime e paka bonnete ba histori ba taba e ngotsoeng ea Seheberu joang?
Litsebi tse ling li bolela hore litemana tsa Mangolo a Seheberu, ho akarelletsa le buka ea Samuele oa Pele, li ngotsoe mehleng ea Bagerike le ea Baroma, esita le ho tloha lekholong la bobeli ho ea ho la pele la lilemo B.C.E. Ka hona, ho boleloa hore “. . . ‘ha li na bopaki ba histori,’ kapa ha li thuse ho fana ka boitsebiso ba ’nete ba histori ba ‘Bibele’ kapa ba ‘Iseraele ea boholo-holo,’ boo ka bobeli e leng feela boqapi ba kajeno ba Sejuda le ba Bokreste ba lingoliloeng.”
Leha ho le joalo, ha William G. Dever, moprofesa oa thuto ea ho epolla lintho tsa khale ea Linaha Tse Nang le Mekhoa ea Bochabela le oa thuto e mabapi le batho a bua ka tekanyo ea pime e boletsoeng ho 1 Samuele 13:21, o re: “Ho ne ho ke ke ha etsahala hore ebe [ke] ‘ntho e iqapetsoeng’ ke bangoli ba neng ba phela nakong ea Bagerike le ea Baroma lilemo tse makholo ka mor’a hore litekanyo tsena tsa ho bekha boima li nyamele le ho lebaloa. Ha e le hantle, karolo ena ea temana ea Bibele . . . e ne e ke ke ea utloisisoa ho fihlela qalong ea lekholo la bo20 la lilemo A.D., ha ho ne ho sibolloa mehlala ea pele ea sebele ea thuto ea ho epolla lintho tsa khale, e neng e e-na le lentsoe la Seheberu pîm.” Moprofesa o tsoela pele ka ho re: “Haeba litlaleho tsa Bibele kaofela ke ‘boqapi ba bongoli’ ba mehla ea Bagerike le ea Baroma, ho tlile joang hore pale ee ka ho khetheha e be Bibeleng ea Seheberu? Ke ’nete hore e mong a ka ’na a hanyetsa a re, taba ea pîm ‘ke ntlha e le ’ngoe e nyenyane.’ Seo ke ’nete; empa joalokaha ho tsebahala, ‘histori e entsoe ka lintlha tse ngata.’”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Tekanyo ea ho bekha boima ea pime e ne e ka ba likarolo tse peli ho tse tharo tsa shekele