Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na hore ebe Davida le banna ba hae ba ile ba ja mahobe a nyehelo, ho bontša hore maemong a thata motho a ka tlōla molao oa Molimo ntle ho kotlo?—1 Samuele 21:1-6.
Ho ea ka Levitike 24:5-9, mahobe a nyehelo a neng a behoa ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe a ne a jeoa ke baprista feela. Molao-motheo oa sena ke hore, mahobe ao a ne a halalela ebile e ne e le lijo tsa banna ba neng ba etsa mosebetsi oa Molimo—e leng baprista. Ho a fa basebetsi feela ba tloaelehileng kapa ho a jella monate feela ho ne ho tla be ho fosahetse ka ho feletseng. Leha ho le joalo, moprista Akimeleke ha aa ka a etsa letho le phoso ha a ne a fa Davida le banna ba hae bohobe ba pontšo.
Kamoo ho bonahalang kateng, Davida o ne a phetha kabelo e khethehileng eo a neng a e filoe ke Morena Saule. Davida le banna ba hae ba ne ba lapile. Akimeleke o ile a fumana hore bonneteng ba ne ba hloekile ka mokhoa o laetsoeng. Le hoja bonneteng ho ja ha bona mahobe a nyehelo ho ne ho le khahlanong le molao, ho ne ho lumellana le tšebeliso ea motheo ea bohobe ba pontšo. Ho nahana ka taba ena ho ile ha lumella Akimeleke hore a nke molao oo o sa amane le taba ena. Jesu Kreste ka boeena o ile a sebelisa ketsahalo ena ho hlakisa hore ho ne ho fosahetse hore ebe tlhaloso ea Bafarisi e ne e qobella batho ho sebelisa molao oa Sabatha ka tsela e sa tenyetseheng ho sa hlokahale.—Matheu 12:1-8.
Leha ho le joalo, se boletsoeng ka holimo ha se bolele hore molao oa Molimo o ka tlōloa ha maemo a le thata. Ka mohlala, ho ile ha hlaha boemo boo ho bonahalang bo ne bo tebile ba ha bahlabani ba Baiseraele ba ne ba loantša Bafilista. Morena Saule o ne a ile a re: “Ho rohakoe motho ea jang bohobe pele ho shoalane le ho fihlela ke iphetelitse ho lira tsa ka!” Bibele e re: “Letsatsing leo ba ’na ba bolaea Bafilista.” Masole ao a ne a khathalitsoe ke ntoa a bile a lapile, ‘batho ba ile ba qala ho hlabela liphoofolo fatše, le ho jelella le mali.’ (1 Samuele 14:24, 31-33) Ba ile ba siteloa Jehova ka ho tlōla molao oa hae tabeng ea mali. Liketso tsa bona li ne li sa lumellane le tsela e le ’ngoe feela eo Molimo a neng a laetse hore mali a sebelisoe ka eona, e leng ho ‘koahela’ libe. (Levitike 17:10-12; Genese 9:3, 4) Ka mohau, Jehova o ile a amohela mahlabelo a khethehileng molemong oa ba neng ba entse sebe.—1 Samuele 14:34, 35.
E, Jehova o lebeletse hore re mamele melao ea hae maemong ’ohle. Moapostola Johanne o re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.”—1 Johanne 5:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Mahobe a macha a nyehelo a ne a behoa ka har’a Tabernakele ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe