Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/1 maq. 3-4
  • Ho Lemoha Seo Lipontšo li se Bolelang ke Taba e Tebileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lemoha Seo Lipontšo li se Bolelang ke Taba e Tebileng!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipontšo Tsa Bohlokoa le ho Feta
  • Mahobe le Tomoso
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mahobe le Tomoso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu o Atisa Mahobe Hape o Fana ka Keletso Mabapi le Tomoso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Na U Lemoha Pontšo ea ho ba Teng ha Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/1 maq. 3-4

Ho Lemoha Seo Lipontšo li se Bolelang ke Taba e Tebileng!

“Qalong ke ile ka nahana hore mora oa rōna Andreas o mpa a itšoaretsoe ke hlooho feela. Empa o ile a qala ho felloa ke takatso ea lijo le ho ba le feberu. A tšoaroa ke hlooho e opang haholo, ’me ka qala ho khathatseha. Eitse ha mohats’a ka a fihla hae, ra isa Andreas ngakeng. Ngaka e ile ea hlahloba Andreas ea ntan’o mo fetisetsa sepetlele hang-hang. O ne a sa tšoaroa ke hlooho feela tjee. Andreas o ne a e-na le meningitis. O ile a fuoa meriana ’me ka mor’a nakoana a hlaphoheloa.”—Gertrud, ’mè e mong oa Jeremane.

MOHLOMONG batsoali ba bangata ba kile ba etsahalloa ke se etsahaletseng Gertrud. Ba ile ba elelloa matšoao a bontšang hore e ka ’na eaba ngoana oa bona oa kula. Le hoja e se ho kula ho hong le ho hong ho tebileng, batsoali ha ba hlokomolohe matšoao a bontšang hore bana ba bona baa kula. Ho hlokomela lipontšo le ho nka khato e loketseng ka tsona ho ka etsa phapang e khōlō. Ke taba e tebileng.

Sena ke ’nete le maemong a mang ao e seng a ho kula. Mohlala o mong ke oa tlokotsi ea tsunami e etsahetseng libakeng tse haufi le Leoatle la Indian, ka December 2004. Mekhatlo ea ’muso libakeng tse kang Australia le Hawaii e ile ea hlokomela hore ho bile le tšisinyeho e matla ea lefatše karolong e ka leboea ea Sumatra ’me ea bona esale pele hore boemo boo bo ka ’na ba baka kotsi. Empa ho ne ho se mokhoa oo batho ba libakeng tse kotsing ba ka lemosoang ka oona ebile ho se letho leo ba ka le etsang ka seo. Ka lebaka leo, ho ile ha shoa batho ba fetang 220 000.

Lipontšo Tsa Bohlokoa le ho Feta

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng, o ile a ruta bamameli ba hae ho ela lipontšo hloko le ho nka khato e loketseng. O ne a bua ka taba e ’ngoe ea bohlokoa haholo. Bibele e tlaleha ho re: “Bafarisi le Basaduse ba mo atamela ’me, e le ho mo leka, ba mo kōpa hore a ba bontše pontšo e tsoang leholimong. Ha a araba a re ho bona: ‘Ha shoalane e tšoara le tloaetse ho re, “Boemo ba leholimo bo tla ba botle, kaha leholimo le bofubelu ba mollo”; ’me hoseng le re, “Kajeno boemo ba leholimo e tla ba ba mariha ba pula, kaha leholimo le bofubelu ba mollo, empa le shebahala le le letšo.” Le tseba ho hlalosa ponahalo ea leholimo, empa lipontšo tsa linako le sitoa ho li hlalosa.’”—Matheu 16:1-3.

Ha Jesu a ne a bua ka “lipontšo tsa linako,” o ne a bontša hore Bajuda ba lekholong la pele la lilemo bao a neng a bua le bona ba ne ba lokela ho elelloa hore mehleng eo ea bona metsotso e ne e se e jele babeli. Tsamaiso ea lintho ea Sejuda e ne e le haufi le ho oeloa ke tlokotsi e neng e tla ba ama kaofela. Matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a bua le barutuoa ba hae ka pontšo e ’ngoe—e leng pontšo ea ho ba teng ha hae. Seo a ileng a se bua ketsahalong eo ke sa bohlokoa haholo ho batho bohle kajeno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela