Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 10/15 maq. 16-20
  • Lentsoe la Jehova le Utloahala ‘Naheng ea Lintsu’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lentsoe la Jehova le Utloahala ‘Naheng ea Lintsu’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Ketelo ea Moromuoa ea Tsebahalang
  • Lintho li Qala ka Mokhoa o Thahasellisang Mehleng ea Kajeno
  • Naha e Latolang Boteng ba Molimo
  • Ho ba Sebete ho sa Tsotellehe Mahloriso
  • Tšepo ea Hore Lintho li Tla Loka
  • Bo-pula-maliboho ba Chesehang ba Tsoang Linaheng Tse Ling ba Etella Pele Mosebetsing
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 10/15 maq. 16-20

Lentsoe la Jehova le Utloahala ‘Naheng ea Lintsu’

“NAHA ea Lintsu.” Ke kamoo Maalbania a bitsang naha ea ’ona kateng ka Sealbania. Naha ena e lutseng pel’a Leoatle la Adriatic Hloahloeng ea Balkan, e pakeng tsa Greece le naha eo pele e neng e bitsoa Yugoslavia. Le hoja ho e-na le likhopolo tse ngata mabapi le hore na Maalbania a tsoa hokae, bo-rahistori ba bangata baa lumela hore Maalbania le puo ea ’ona a tsoa ho Baillyrikame ba boholo-holo, bao The Encyclopædia Britannica e bolelang hore setso sa bona se qalile khale ka 2000 B.C.E.

Botle ba tlhaho ba Albania bo akarelletsa lithaba tse matsaranka tse holimo ka leboea, le mabōpo a nammeng a nang le lehlabathe le lesoeu ka boroa ho Leoatle la Adriatic. Leha ho le joalo, ntho e ntle ka ho fetisisa naheng ena ke makhabane a batho ba eona. Ke batho ba nang le botsoalle le ba amohelang baeti, ba mahlahahlaha ebile ba bua ka cheseho, ba ithuta kapele ebile ba labalabela ho ntša maikutlo a bona ka mokhoa o sehlahlo.

Ketelo ea Moromuoa ea Tsebahalang

Ha ho pelaelo hore lilemong tse makholo tse fetileng, botho bo ipiletsang ba batho bana le botle ba naha ea bona li ile tsa khahla mohahlauli e mong ea khethehileng. Hoo e ka bang ka 56 C.E., moapostola Pauluse ea neng a etela libaka tse ngata haholo o ile a ngola a re: “Ho ea fihla Ilyrikame ke [boletse] ka ho phethahetseng litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” (Baroma 15:19) Karolo e ka boroa ea Ilyrikame ke seo kajeno e leng karolo e bohareng le e ka leboea ea Albania. Pauluse o ne a ngola a le Korinthe, Greece, ka boroa ho Ilyrikame. Ha a ne a re o boletse ka ho phethahetseng “ho ea fihla Ilyrikame” o ne a bontša hore o ile a fihla moeling oa Ilyrikame kapa o ile a fihla sebakeng seo ka bosona. Ho sa tsotellehe hore na o fihlile hokae, e lokela ebe o ile a bolela sebakeng seo hona joale e leng karolo e ka boroa ea Albania. Kahoo Pauluse ke eena motho oa pele ea ileng a qala mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso Albania.

Ho ile ha feta lilemo tse makholo. Mebuso e ile ea ema ea ba ea oa. Mebuso ea linaha tse ling e ile ea busa karolo ena e nyenyane ea Europe ho fihlela Albania e fumana boipuso ka 1912. Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao, molaetsa oa ’Muso oa Jehova o ile oa utloahala hape Albania.

Lintho li Qala ka Mokhoa o Thahasellisang Mehleng ea Kajeno

Ka bo-1920, baahi ba seng bakae ba Maalbania ba neng ba faletse United States ba neng ba kopanela le Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng ka nako eo, ba ile ba khutlela Albania ho ea bolella ba bang ka lintho tseo ba neng ba ithutile tsona. Har’a bona ho ne ho e-na le Nasho Idrizi. Batho ba bang ba ile ba mamela. E le hore ho hlokomeloe batho bana ba eketsehileng ba thahasellang, ka 1924 ofisi ea Romania e ile ea abeloa hore e hlokomele mosebetsi oa boboleli Albania.

Thanas Duli (Athan Doulis) ke e mong oa ba ileng ba ithuta ka Jehova naheng ea Albania lilemong tseo. Oa hopola: “Ka 1925 ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo tse hlophisitsoeng Albania, hammoho le Liithuti Tsa Bibele le batho ba thahasellang ba neng ba hasa-hasane libakeng tse ka thōko ho pholletsa le naha ena. Lerato leo ba neng ba ratana ka lona le ne le fapane haholo . . . le la batho ba ba potolohileng!”a

Ho ne ho le thata ka ho fetisisa ho tsamaea hobane litsela li ne li le mpe. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba chesehang ba ile ba etsa mosebetsi oo o thata. Ka mohlala, Areti Pina o ile a kolobetsoa ka 1928 lebōpong le ka boroa la Vlorë, a le lilemo li 18. O ne a nyolosa a theosa le lithaba tse matsaranka a ntse a bolela a tšoere Bibele ka letsoho. E ne e le setho sa phutheho e matla ea Vlorë mathoasong a bo-1930.

Ka 1930 mosebetsi oa boboleli Albania o ile oa tsamaisoa ke ofisi ea lekala ea Athene, Greece. Ka 1932 molebeli ea tsamaeang ea tsoang Greece o ile a etela Albania bakeng sa ho ea khothatsa barab’abo rōna le ho ba matlafatsa. Boholo ba batho ba neng ba ithuta ’nete ea Bibele mehleng eo ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela leholimong. Ba ile ba hlomphuoa libakeng tsohle kahobane ba ne ba tumme ka hore ke batho ba hloekileng le ba lokileng. Bara bana babo rōna ba ne ba atleha haholo mosebetsing oa bona. Ka 1935 le ka 1936, ho ile ha tsamaisoa lingoliloeng tsa Bibele tse ka bang 6 500 Albania.

Ka letsatsi le leng, Nasho Idrizi o ile a bapala e ’ngoe ea lipuo tsa J. F. Rutherford ka keramafono bohareng ba motse oa Vlorë. Batho ba ile ba koala likhoebo tsa bona ’me ba tla ho tla mamela ha Mor’abo rōna Idrizi a toloka ka Sealbania. Mesuoe eo ea pele ea Bibele e ile ea putsoa ka lebaka la cheseho ea eona. Ka 1940 ho ne ho e-na le Lipaki tse 50 Albania.

Naha e Latolang Boteng ba Molimo

Ka 1939, Mafascista a Italy a ile a hapa naha. Lipaki Tsa Jehova ha lia ka tsa hlola li amoheloa ka molao, ’me mosebetsi oa tsona oa ho bolela ka ’Muso o ile oa thibeloa. Nakoana ka mor’a moo, masole a Jeremane a ile a futuhela naha. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, ho ile ha busa moeta-pele e mong ea matla oa sesole, ea bitsoang Enver Hoxha. Mokha oa hae oa Bokomonisi o ile oa hlōla likhetho ka 1946, ’me e ile ea e-ba tona-khōlō. Lilemo tse ileng tsa latela li ile tsa bitsoa nako ea tokoloho, empa bakeng sa batho ba Jehova e ile ea e-ba nako ea khatello.

’Muso o ile oa hloea bolumeli hanyane ka hanyane. Lipaki Tsa Jehova tsa Albania li ile tsa hana ho nka lihlomo tsa ba tsa hana ho kopanela lipolotiking tumellanong le boemo ba tsona ba ho ba Bakreste ba sa nkeng lehlakore. (Esaia 2:2-4; Johanne 15:17-19) Ba bangata ba ile ba kenngoa chankaneng, ba se na lijo kapa lintho tseo ba hlileng ba li hlokang bophelong. Maemong a mangata baralib’abo bona ba moea ba neng ba sa koalloa chankaneng ba ne ba ba hlatsoetsa liaparo ba bile ba ba phehela.

Ho ba Sebete ho sa Tsotellehe Mahloriso

Mathoasong a bo-1940, Frosina Xheka, eo ka nako eo e neng e sa le mocha ’me a lula motsaneng o haufi le Përmet, o ile a utloela ka lintho tseo Paki e ’ngoe e lokisang lieta e bitsoang Nasho Dori e neng e li ruta likhaitseli tsa hae.b Ba boholong ba ne ba se ba qala ho tšoara Lipaki Tsa Jehova ka thata, empa se ileng sa utloisa batsoali ba Frosina bohloko ke hore tumelo ea hae e ne e e-ba matla le ho feta. “Ba ne ba pata lieta tsa ka ’me haeba ke ne nka ea libokeng tsa Bokreste, ba ne ba nchapa. Ba ile ba leka ho nqobella hore ke nyalane le motho ea sa lumelang. Eitse ha ke hana, ba nteleka lapeng. Lehloa le ne le khetheha tsatsing leo. Nasho Dori o ile a kōpa Mor’abo rōna Gole Flloko oa Gjirokastër hore a nthuse. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore ke lule ha hae. E ne e se e le lilemo tse peli likhaitseli tsa ka li koaletsoe chankaneng ka lebaka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore. Eitse ha li lokolloa, ka fallela Vlorë hore ke e’o lula le tsona.

“Mapolesa a ile a leka ho nqobella hore ke kopanele mesebetsing ea bopolotiki. Ke ile ka hana. A ile a ntšoara, a nkisa ka phaposing e ’ngoe, eaba aa mpota-pota. Lepolesa le leng le ile la ntšosa la re: ‘Na ua tseba hore na re ka u etsa’ng?’ Ke ile ka le araba ka re: ‘U ka etsa feela seo Jehova a u lumellang hore u se etse.’ Le ile la nkaraba la re: ‘Ua hlanya! Tsamaea!’”

Lilemong tsena kaofela barab’abo rōna ba Albania ba ’nile ba bontša moea o tšoanang oa ho tšepahala. Ka 1957 ho ile ha finyelloa tlhōrō ea bahoeletsi ba ’Muso ba 75. Mathoasong a bo-1960, ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e ile ea lokisetsa hore John Marks, e leng moahi oa Albania ea neng a faletse United States, a etele Tiranë ho ea thusa ho hlophisa mosebetsi oa Bokreste moo.c Empa, kapele feela Luçi Xheka, Mihal Sveci, Leonidha Pope le bara ba bang babo rōna ba ikarabellang ba ile ba isoa likampong tsa mosebetsi o boima.

Tšepo ea Hore Lintho li Tla Loka

Pele ho 1967 bolumeli kaofela bo ne bo sa ratoe ho hang Albania. Hamorao ha boa ka ba hlola bo lumelloa. Ha ho moprista oa Mok’hatholike, oa Moorthodox, kapa oa Momosleme ea neng a lumeletsoe ho etsa litšebeletso tsa bolumeli. Likereke le mehaho ea borapeli ea Mamosleme e ile ea koaloa kapa ea fetoloa libaka tsa boikoetliso ba ’mele, limusiamo, kapa limmaraka. Ha ho motho ea neng a lumeletsoe ho ba le Bibele. Ha ho motho ea neng a lumeletsoe ho bolela hore o lumela ho Molimo.

Ho ne ho hlile ho le thata ho etsa mosebetsi oa boboleli le ho tšoara liboka. Le hoja Lipaki li ne li qalikane, li ile tsa etsa sohle se matleng a tsona e le hore li ka sebeletsa Jehova. Ho tloha lilemong tsa bo-1960 ho isa ho bo-1980, palo ea Lipaki e ile ea theoha haholo. Leha ho le joalo, li ne li le matla moeeng.

Qetellong ea lilemo tsa bo-1980, boemo ba lipolotiki ba Albania bo ile ba fetoha hanyane ka hanyane. Lijo le liaparo li ne li haella. Batho ba ne ba sa thaba. Liphetoho tse khōlō tse ileng tsa etsahala Europe Bochabela li ile tsa ama le Albania mathoasong a bo-1990. Ka mor’a lilemo tse 45 tsa puso ea khatello, ’muso o mocha o ile oa lumella hore ho boele ho be le tokoloho ea bolumeli.

Ka taelo e tsoang ho Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, kapele-pele liofisi tsa makala tsa Austria le Greece li ile tsa qala ho iteanya le barab’abo rōna ba Albania. Barab’abo rōna ba Bagerike ba neng ba tseba Sealbania ba ile ba isa lingoliloeng tse neng li sa tsoa fetoleloa tsa Bibele Tiranë le Berat. Barab’abo rōna ba sebakeng sena, bao pele ba neng ba qhalakane, ba ile ba thaba haholo ha ba kopana ka lekhetlo la pele le Lipaki tse tsoang linaheng tse ling.

Bo-pula-maliboho ba Chesehang ba Tsoang Linaheng Tse Ling ba Etella Pele Mosebetsing

Mathoasong a 1992, Sehlopha se Busang se ile sa lokisetsa hore Michael eo ’mè oa hae e neng e le Moalbania le mosali oa hae Linda DiGregorio, bao e neng e le baromuoa ba fallele Albania. Ba ile ba teana le Lipaki tse hōlileng tse tšepahalang, e le hore ba li thuse hore li boele e be karolo ea lelapa la machaba la moea. Ka November ho ile ha fihla sehlopha se sebetsang ka thata sa bo-pula-maliboho ba khethehileng kapa baevangeli ba nako e tletseng ba Mataliana ba 16, hammoho le bo-pula-maliboho ba bane ba Bagerike. Ho ile ha hlophisoa hore ho be le thupelo ea puo ho ba thusa hore ba ithute Sealbania.

Bophelo bo ne bo le thata bakeng sa bo-pula-maliboho bana ba tsoang linaheng tse ling. Ka linako tse ling motlakase o ne o khaoha. Mariha ho ne ho bata ebile pula e e-na. Batho ba ne ba ema meleng lihora tse ngata e le hore ba fumane lijo le lintho tse ling tseo ba neng ba hlile ba li hloka bophelong. Empa, bothata bo boholohali boo barab’abo rōna ba neng ba talimane le bona e ne e le hore ba tla fumana joang mehaho e neng e ka lekana matšoele a batho ba thahasellang ba neng ba amohela ’nete!

Bo-pula-maliboho ba neng ba leka ka matla ho bua Sealbania ba ile ba lemoha hore ho bua puo ka mokhoa o phethahetseng ke e ’ngoe feela ea lintho tse hlokahalang. Mosuoe e mong oa Bibele ea nang le phihlelo o ile a re ho bona: “Ha ho hlokahale hore re bue puo ea makhonthe e le hore re bososele le ho aka barab’abo rōna ka mofuthu. Maalbania a tla haptjoa ke lerato la lōna le tsoang pelong, eseng puo ea makhonthe. Le se ke la khathatseha, a tla le utloisisa.”

Ka mor’a thupelo ea pele ea puo, bo-pula-maliboho bana ba ile ba qala ho sebetsa Berat, Durres, Gjirokastër, Shkodër, Tiranë le Vlorë. Liphutheho li ile tsa thehoa ka potlako metseng ena. Ka nako eo Areti Pina o ne a ntse a le Vlorë, ’me a se a le lilemong tsa bo-80 ebile a kula. Ho ile ha romeloa bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng hore ba e’o sebetsa le Areti tšimong. Batho ba ne ba maketse ha ba utloa batho ba tsoang linaheng tse ling ba bua Sealbania, ’me ba ne ba re: “Baromuoa ba malumeli a mang ba re qobella hore re ithute Senyesemane kapa Setaliana haeba re batla hore re ithute ntho e itseng. E tlameha ebe le re rata e le kannete ’me le re tšoaretse molaetsa oa bohlokoa hobane le ithutile Sealbania hantle!” Areti o ile a phetha tsela ea hae ea lefatšeng ka January 1994, o ne a ntse a bolela ka cheseho ho fihlela khoeling ea hae ea ho qetela. Cheseho eo eena le bo-pula-maliboho ba bang ba ileng ba e bontša e ile ea putsoa. Ka 1995 ho ile ha thehoa phutheho bocha motseng oa Vlorë. Kajeno, ho na le liphutheho tse tharo tse hōlang tse tšoarehileng ka mosebetsi oa ho bolela motseng oo o koung ea likepe.

Ho pholletsa le naha, batho ba ne ba lapile moeeng ’me ke ba seng ba kae feela ba neng ba hloile bolumeli. Ka cheseho ba ne ba amohela ntho leha e le efe le ho bala lingoliloeng tsohle tse thehiloeng Bibeleng tseo ba neng ba li fuoa ke Lipaki. Bacha ba bangata ba ile ba qala ho ithuta le ho hatela pele ka potlako.

Naheng ena ka bophara liphutheho le lihlopha tse ka holimo ho 90 li tsoela pele “ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.” (Liketso 16:5) Lipaki tse 3 513 tsa Albania li sa ntse li e-na le mosebetsi o moholo oo li lokelang ho o etsa. Ka March 2005, batho ba 10 144 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste. Ho buisana le batho bana ba ratang baeti mosebetsing oa boboleli ho ile ha qetella ka hore ho khannoe lithuto tsa Bibele tse ka holimo ho 6 000. Ho hlakile hore batho ba likete ba tla rua molemo Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa tsoa lokolloa ka Sealbania. Ka sebele, lentsoe la Jehova lea utloahala ‘Naheng ea Lintsu’ ’me Jehova oa tlotlisoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa pale ea bophelo ea Thanas Duli, bona Molula-Qhooa oa Senyesemane oa December 1, 1968.

b Bakeng sa pale ea bophelo ba Nasho Dori, bona Molula-Qhooa oa January 1, 1996.

c Bakeng sa pale ea bophelo ea mosali oa John Marks, e leng Helen, bona Molula-Qhooa oa January 1, 2002.

[Lebokose le leqepheng la 20]

KHOHLANO EA MERABE EA FELA KOSOVO!

Ho ne ho buuoa khafetsa ka Kosovo qetellong ea bo-1990. Nakong eo ho ne ho tsekoa meeli ebile ho e-na le lehloeo le tebileng la merabe le ileng la baka ntoa e ileng ea etsa hore linaha tse ling li kenelle.

Ha ntoa e ntse e kupa Linaheng Tsa Balkan, Lipaki tse ngata li ile tsa tlameha ho balehela linaheng tsa boahelani. Ha ntoa e kokobela, sehlotšoana sa Lipaki se ile sa khutlela Kosovo, se ikemiselitse ho kena temeng. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Maalbania le ba Mataliana ba ile ba ithaopela ho fallela Kosovo ho ea thusa baahi ba moo ba 2 350 000. Liphutheho tse ’nè hammoho le lihlopha tse tšeletseng tse mafolofolo, tseo ka kakaretso li nang le bahoeletsi ba 130, li sebeletsa Jehova sebakeng sena.

Ho ile ha tšoaroa kopano e khethehileng ea letsatsi le le leng motseng oa Priština ka nako ea selemo ka 2003, ’me ho ne ho e-na la batho ba 252. Har’a batho bana ho ne ho e-na le Maalbania, Magypsy, Majeremane, Maserbia le Mataliana. Ha puo ea kolobetso e fela, sebui se ile sa botsa lipotso tse peli. Ho ile ha ema batho ba bararo e le hore ba li arabe: e ne e le Moalbania, Mogypsy le Moserbia.

Bamameli ba ile ba hlaba litlatse ha ba utloa bakolobetsuoa ba bararo ba buela hong ba re: “Va!,” “Da!,” le “Po!” Ba ile ba hakana. Ba ne ba fumane tharollo bakeng sa lehloeo le tebileng la morabe le neng le hlasetse naha ea habo bona.

[’Mapa o leqepheng la 17]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leoatle la Mediterranean

ITALY

ALBANIA

GREECE

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Bacha ba Lipaki ba etsisa cheseho ea batho ba baholo

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Areti Pina o ile a sebeletsa ka botšepehi ho tloha ka 1928 ho fihlela a hlokahala ka 1994

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Sehlopha sa pele sa bo-pula-maliboho ba tsoang linaheng lisele se neng se kenetse thupelo ea puo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Eagle: © Brian K. Wheeler/VIREO

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela