Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/15 maq. 9-12
  • ‘Ho Bolella Baholehuoa Tokollo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Bolella Baholehuoa Tokollo’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Makhoba a Lithethefatsi e ba Bakreste
  • Linokoane Tse Thatafetseng Lipelo Lia Fetoha
  • Ba Boholong Baa li Ananela
  • Melemo ha e Felle Feela ka Har’a Chankana
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/15 maq. 9-12

‘Ho Bolella Baholehuoa Tokollo’

HA JESU a qala tšebeletso ea hae, o ile a bolela hore karolo ea thōmo ea hae e ne e le ho ‘bolella baholehuoa tokollo.’ (Luka 4:18) Kaha Bakreste ba ’nete ba latela mohlala oa Monghali oa bona, ba bolella “batho ba mefuta eohle” litaba tse molemo tsa ’Muso, tse ba lokollang botlamuoeng ba moea le tse ba thusang ho lokisa bophelo ba bona.—1 Timothea 2:4.

Kajeno, mosebetsi ona o akarelletsa ho pakela baholehuoa ba sebele—e leng batho ba kentsoeng chankaneng ka lebaka la litlōlo tsa molao tse sa tšoaneng le ba ananelang tokollo ea moea. Thabela tlaleho ena e buang ka mesebetsi ea ho paka ea Lipaki Tsa Jehova lichankaneng tsa Ukraine le libakeng tse ling Europe.

Makhoba a Lithethefatsi e ba Bakreste

Lilemong tse 38 tseo Serhiia a li phetseng, tse 20 tsa tsona o li qetile a le chankaneng. Le sekolo o se qetile a le chankaneng. O re: “Lilemong tse ngata tse fetileng, ke ile ka koalloa chankaneng ka lebaka la polao, ’me ke sa saletsoe ke lilemo tse itseng tseo ke lokelang ho li qeta chankaneng. Chankaneng mona ke ne ke ikentse ’mampoli, batšoaruoa ba bang ba ne ba ntšaba.” Na see se ile sa etsa hore a ikutloe a lokolohile? Che. Serhii o ile a qeta lilemo tse ngata e le lekhoba la lithethefatsi, joala le koae.

Joale motšoaruoa-’moho le eena o ile a mo bolella ’nete ea Bibele. E ile ea tšoana le leseli le khanyang lefifing. Likhoeling li se kae feela, o ile a tlohela lintho tseo a neng a li lemalletse, ea e-ba ’moleli oa litaba tse molemo eaba oa kolobetsoa. Hona joale Serhii o phathahane chankaneng, o sebeletsa Jehova ka nako e tletseng. O thusitse linokoane tse supileng hore li fetole litsela tsa tsona ’me e be barab’abo ba moea. Ba tšeletseng ba bona ba lokolotsoe, empa Serhii eena o ntse a le chankaneng. Sena ha se mo khopise hobane o thabela hore ebe o khona ho thusa ba bang hore ba lokolohe botlamuoeng ba moea.—Liketso 20:35.

E mong oa batho bao Serhii a neng a ithuta le bona chankaneng ke Victor, eo pele a neng a rekisa lithethefatsi ebile e le lekhoba la tsona. Ha Victor a lokolloa chankaneng, o ile a hatela pele moeeng ’me qetellong o ile a fumana lengolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Ukraine. Hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng Moldova. Victor o re: “Ke qalile ho tsuba ha ke le lilemo li 8, ka sebelisa joala hampe ha ke le lilemo li 12 ’me ha ke le lilemo li 14 ka sebelisa lithethefatsi. Ke ne ke batla ho fetola bophelo ba ka, empa mofufutso oa ka o ne o tsoela boeeng joaloka oa ntja. Joale ka 1995, nakong eo ’na le mosali oa ka re neng re rera ho khaohana le metsoalle ea ka e mebe, motho e mong ea kotsi ea kulang kelellong o ile a hlaba mosali oa ka ka thipa a mo bolaea. Ke ile ka sulafalloa ke bophelo. ‘Ebe mosali oa ka o hokae hona tjee? Ho etsahala’ng ha motho a e-shoa?’ Ke ile ka ’na ka ipotsa lipotso empa ke sa fumane likarabo. Ke ile ka ikhothatsa ka ho sebelisa lithethefatsi haholo. Ke ile ka tšoaroa ke ntse ke rekisa lithethefatsi eaba ke ahloleloa ho hlola lilemo tse hlano chankaneng. Ha ke ntse ke le moo, Serhii o ile a nthusa hore ke fumane likarabo tsa lipotso tseo. Ke ne ke lekile ka makhetlo ho tlohela lithethefatsi, empa ke Bibele feela e ileng ea nthusa hore ke atlehe. Lentsoe la Molimo le matla hakaakang!”—Baheberu 4:12.

Linokoane Tse Thatafetseng Lipelo Lia Fetoha

Vasyl ha a e-s’o ka a sebelisa lithethefatsi, empa o ne a le kholehong. Oa hlalosa: “Ke ne ke rata papali ea kickboxing haholo. Ke ne ke ikoetliselitse ho otla batho empa ke sa ba ntše maqeba.” Vasyl o ne a amoha batho lintho ka mabifi. “Ke ile ka kena chankaneng ka makhetlo a mararo, ’me seo se ile sa etsa hore mosali oa ka a ntlhale. Lilemong tse hlano tsa ho qetela tsa kahlolo ea ka, ke ile ka tloaela ho bala lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Sena se ile sa ntšusumeletsa hore ke bale Bibele, empa ke ne ke ntse ke tšoarehile ka ntho eo ke neng ke e rata haholo—e leng papali ea kickboxing.

“Leha ho le joalo, ka mor’a ho qeta likhoeli tse tšeletseng ke ntse ke bala Bibele, ho ile ha etsahala phetoho e itseng ho ’na. Ha ke hlōtse ntoa, ke ne ke sa ikutloe ke khotsofetse joaloka pele. Kahoo ke ile ka qala ho hlahlobisisa bophelo ba ka ke sebelisa Esaia 2:4 ’me ka hlokomela hore haeba ke sa fetole tsela eo ke nahanang ka eona, ke tla qeta bophelo bohle ba ka ke le chankaneng. Kahoo ke ile ka lahla thepa eohle ea ka ea ho loana eaba ke qala ho lokisa botho ba ka. Ho ne ho se bonolo, empa ho thuisa le thapelo li ile tsa nthusa hore butle-butle ke tlohele mekhoa ea ka e mebe. Ka linako tse ling, ke ne ke kōpa Jehova ka likhapha hore a mphe matla a ho tsoela mekhoa ea ka. Qetellong, ke ile ka atleha.

“Ka mor’a ho lokolloa chankaneng, ke ile ka boelana le lelapa la ka. Hona joale ke sebetsa morafong oa mashala. Mosebetsi ona o mpha nako e lekaneng ea ho kopanela mosebetsing oa boboleli le mosali oa ka le ho phetha mesebetsi ea ka ea phutheho.”

Mykola le metsoalle ea hae ba ile ba utsoetsa libanka tse ’maloa tsa Ukraine. Sena se ile sa fella ka hore a ahloleloe lilemo tse leshome chankaneng. Pele a koalloa chankaneng, o ne a kile a ea kerekeng hanngoe feela—ha a ne a il’o etsa litokisetso tsa ho utsoetsa kereke eo. Ha aa ka a atleha, empa ho ea moo ho ile ha etsa hore Mykola a lumele hore e tlameha ebe Bibele e tletse lipale tse tenang tse buang ka baprista ba Orthodox, likerese le matsatsi a phomolo a bolumeli. O re: “Ha ke tsebe hantle hore na ke ne ke kenoe ke eng, empa ke ile ka qala ho bala Bibele. Ke ile ka hlolloa ha ke fumana hore e bua lintho tse fapaneng hōle le tseo ke neng ke li nahanne!” O ile a kōpa hore a khanneloe thuto ea Bibele eaba o kolobetsoa ka 1999. Hona joale ha motho a mo sheba, ho thata hore a lumele hore mohlanka enoa ea sebeletsang ea ikokobelitseng e kile ea e-ba lesholu le kotsi le le hlometseng le utsoang chelete libankeng!

Vladimir o ne a ahloletsoe lefu. Ha a ntse a letetse ho bolaoa, o ile a rapela Molimo ’me a tšepisa hore o tla Mo sebeletsa haeba a ke ke a bolaoa. Khabareng, molao o ile oa fetoloa, ’me kahlolo ea hae ea lefu ea fokotsoa hore e be ea ho hlola bophelo bohle chankaneng. E le hore a boloke tšepiso ea hae, Vladimir o ile a qala ho batla bolumeli ba ’nete. O ile a kenela thupelo ea ho ithuta Bibele ka ngollano ’me kereke ea Adventist ea mo fa lengolo la diploma, empa o ne a sa khotsofala.

Empa, ka mor’a ho bala makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! laebraring ea chankana, Vladimir o ile a ngolla ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Ukraine, a kōpa hore ho be le motho ea mo etelang. Ha barab’abo rōna ba sebakeng seo ba mo etela, o ne a se a ntse a ipitsa Paki a bile a bolela litaba tse molemo chankaneng. O ile a thusoa hore a tšoanelehele ho ba mohoeletsi oa ’Muso. Ha ho ne ho ngoloa taba ena, Vladimir le ba bang ba supileng ba chankaneng eo ba ne ba ntse ba letetse ho kolobetsoa. Empa ba na le bothata. Kaha batšoaruoa ba ahloletsoeng ho hlola chankaneng bophelo bohle ba kenngoa ka liseleng ho latela litumelo tsa bona tsa bolumeli, Vladimir le batšoaruoa-’moho le eena ba bolumeling bo tšoanang. Ebe joale ba tla pakela mang? Ba bolella balebeli ba chankana litaba tse molemo ebile ba ngola mangolo.

Nazar o ile a tloha Ukraine eaba o fallela Czech Republic, moo a ileng a kena kenkeng e ’ngoe ea masholu. Sena se ile sa etsa hore a hlahleloe chankaneng ka lilemo tse tharo le halofo. Ha a ntse a le chankaneng, o ile a amohela Lipaki Tsa Jehova tse neng li mo etetse li tsoa motseng oa Karlovy Vary, a ithuta ’nete, eaba o tlohela mekhoa ea hae ea pele ka ho feletseng. Ha e mong oa balebeli ba tšireletso a bona phetoho eo Nazar a e entseng, o ile a re ho batho ba leng ka seleng e le ’ngoe le Nazar: “Haeba kaofela ha lōna le ne le ka tšoana le Moukraine enoa, qetellong le ’na ke ne ke tla batla mosebetsi o mong.” E mong o ile a re: “Lipaki tsena Tsa Jehova li hlile li tseba mosebetsi oa tsona. Motho o kena chankaneng e le senokoane, ’me o tsoa e le motho ea hlomphehang.” Hona joale Nazar o khutletse hae. O ile a ithuta ho betla mapolanka a ba a nyala, ’me eena le mosali oa hae ba tšebeletsong ea nako e tletseng. O leboha hakaakang hore ebe Lipaki li ile tsa mo etela ha a le chankaneng!

Ba Boholong Baa li Ananela

Hase batšoaruoa feela ba lebohang mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Miroslaw Kowalski, e leng ’muelli oa chankana e ’ngoe ea Poland, o itse: “Re thabela ketelo ea tsona haholo. Batšoaruoa ba bang ba hōletse maemong a utloisang bohloko. Mohlomong ha ho mohla ba kileng ba tšoaroa joaloka batho. . . . Thuso [ea Lipaki] ke ea bohlokoa haholo hobane ha re na batho ba lekaneng le barupeli ba lekaneng [ba ka thusang batšoaruoa].”

Molebeli oa chankana e ’ngoe ea Poland o ile a ngolla ofisi ea lekala, a kōpa hore Lipaki li sebetse haholoanyane chankaneng ea hae. Hobane’ng? O ile a hlalosa: “Haeba baemeli ba Watchtower ba ka etela sebaka sena khafetsa ba ka thusa batšoaruoa hore ba be le mekhoa e amohelehang sechabeng, ka tsela eo ba thibela mabifi har’a batšoaruoa.”

Koranta e ’ngoe ea Ukraine e ile ea tlaleha ka motšoaruoa e mong ea neng a tepelletse maikutlo ea neng a batla ho ipolaea empa Lipaki Tsa Jehova tsa mo thusa. Tlaleho eo e re: “Hona joale, monna enoa o ntse a hlaphoheloa maikutlong hanyane ka hanyane. O boloka molao oa chankana ebile o behela batšoaruoa ba bang mohlala.”

Melemo ha e Felle Feela ka Har’a Chankana

Melemo ea mosebetsi o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova ha e felle feela ka har’a chankana. Batšoaruoa ba tla ’ne ba rue molemo ka mor’a hore ba lokolloe. E se e le lilemo joale Bakreste ba babeli, e leng Brigitte le Renate, ba ntse ba thusa batho ka tsela ena. Koranta ea Jeremane, e bitsoang Main-Echo Aschaffenburg, e tlaleha tjena ka bona: “Ha batšoaruoa ba qeta ho lokolloa, [Brigitte le Renate] ba ba hlokomela ka likhoeli tse tharo kapa tse hlano, ba ntse ba ba khothatsa hore ba fumane morero bophelong . . . . Ba se ba tsejoa ka molao e le liofisiri tsa baithaopi tse behileng leihlo boitšoaro ba batho bao e neng e le batlōli ba molao. . . . Ba boetse ba sebelisana hantle le basebeletsi ba chankana.” Batho ba ’maloa ba se ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ka lebaka la thuso ea mofuta ona.

Esita le liofisiri tsa chankana li rua molemo mosebetsing oa thuto ea Bibele o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. Ka mohlala, Roman e ne e le majoro oa sesole ebile e le setsebi sa kelello chankaneng ea Ukraine. Eitse ha Lipaki li mo etela ha hae, a lumela ho ithuta Bibele. O ile a hlokomela hore Lipaki li ne li sa lumelloa ho iteanya le batšoaruoa ba moo a neng a sebetsa teng. Kahoo o ile a kōpa molebeli oa chankana ho mo lumella hore a sebelise Bibele ha a ntse a sebetsa le batšoaruoa. O ile a mo lumella, ’me batšoaruoa ba ka bang leshome ba ile ba thabela seo. Kamehla Roman o ne a arolelana le batšoaruoa bana tsebo ea hae e ntseng e hōla ea Bibele, ’me boiteko ba hae bo ile ba hlahisa liphello tse babatsehang. Batšoaruoa ba bang, ba ile ba hatela pele ’me ea e-ba Bakreste ba kolobelitsoeng ha ba qeta ho lokolloa. Ha Roman a bona matla a Lentsoe la Molimo, o ile a ikitlaetsa haholoanyane thutong ea hae. O ile a tlohela ho sebetsa sesoleng eaba o tsoela pele ka mesebetsi ea hae ea thuto ea Bibele. Hona joale o kopanela mosebetsing oa boboleli le motho eo e kileng ea e-ba motšoaruoa.

Motšoaruoa e mong o ile a ngola a re: “Mona re phela ka Bibele, ka likhatiso tsa Bibele le ka thuto ea Bibele.” Mantsoe ana a bontša hantle hore ho ntse ho hlokahala lingoliloeng tsa Bibele lichankaneng tse ling. Phutheho e ’ngoe ea Ukraine e tlaleha tjena ka mosebetsi oa thuto ea Bibele o etsoang chankaneng ea sebaka seo: “Batsamaisi ba leboha haholo lingoliloeng tseo re fanang ka tsona. Re ba fa likopi tse 60 tsa tokollo ka ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha!” Phutheho e ’ngoe eona e ngotse tjena: “Re hlokomela chankana e nang le lilaebrari tse nyenyane tse 20. Re file laebrari ka ’ngoe likhatiso tsa rōna tse sebelisoang haholo. E ne e ka ba mabokose a 20 a lingoliloeng.” Chankaneng e ’ngoe, balebeli ba hlokomela faele ea rōna ea limakasine tse leng laebraring e le hore batšoaruoa ba ka rua molemo makasineng ka ’ngoe.

Ka 2002 ofisi ea lekala ea Ukraine e ile ea theha Lefapha la Lichankana. Ho fihlela hona joale, lefapha lena le khonne ho iteanya le lichankana tse 120 ’me le abetse liphutheho hore li li hlokomele. Khoeli le khoeli ho fumanoa mangolo a ka bang 50 a tsoang ho batšoaruoa, bongata ba bona ba kōpa lingoliloeng kapa hore ba khanneloe thuto ea Bibele. Lekala le ba romella libuka, limakasine le libukana ho fihlela barab’abo rōna ba sebaka seo ba iteanya le bona.

Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Lulang le hopotse ba litlamong tsa chankana.” (Baheberu 13:3) O ne a bua ka ba neng ba le chankaneng ka lebaka la tumelo ea bona. Kajeno, Lipaki Tsa Jehova li hopola ba leng lichankaneng, li etela lichankana li bile li ‘bolella baholehuoa tokollo.’—Luka 4:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lebota la chankana L’viv, Ukraine

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Mykola

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Vasyl le mosali oa hae, Iryna

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Victor

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela