Ho Hlōla Litšitiso Panama
“PANAMA e tšoana le borokho bo kopanyang lefatše.” Lilemong tse mashome a mahlano tse fetileng, polelo ena e ne e sebelisoa lenaneong le ratoang haholo la seea-le-moea naheng eo ea Amerika Bohareng. Kajeno polelo ena e hlalosa kamoo ba bangata ba ikutloang kateng ka naha eo.
Panama e hokahanya k’honthinente ea Amerika Leboea le ea Amerika Boroa. Ho feta moo, ho na le borokho bo tummeng bo hahiloeng holim’a Kou ea Panama bo hokahanyang Amerika Leboea le Amerika Boroa. Borokho boo bo entsoeng ka tsela ea boenjiniere bo hlollang, bo haola le naha ’me bo hokahanya leoatle la Atlantic le la Pacific. Borokho bona bo lumella hore likepe tse tsoang likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše li tšelele moo li eang teng ka lihora tse seng kae, athe haeba bo ne bo le sieo li ne li tla nka matsatsi a mangata kapa libeke. Ka sebele Panama e fetohile borokho ba bohlokoa bo hokahanyang likarolo tse ngata tsa lefatše.
Borokho bo Nang le Mefuta e Mengata ea Batho
Panama e boetse e na le mefuta e mengata ea batho ba lichaba tse sa tšoaneng le ba litso tse sa tšoaneng. Batho bana, hammoho le lihlopha tse ngata tsa matsoalloa a moo, ba entse hore ho be le sechaba se nang le mefuta e mengata se qhalakaneng naheng ena eohle e ntle. Leha ho le joalo, na hoa khoneha ho hlōla mathata a bakoang ke ho tsoakana ha batho ba maemo a sa tšoaneng, ba litso tse sa tšoaneng, ba malumeli a sa tšoaneng le ba buang lipuo tse sa tšoaneng, esita le ho hlahisa batho ba nang le monahano le morero o tšoanang o thehiloeng linneteng tsa bohlokoa tsa Lentsoe la Molimo?
Ehlile hoa khoneha ho etsa joalo. Mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng ho Baefese 2:17, 18 a bontša hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo—bao ka ho tšoanang e neng e le Bajuda le Balichaba—ba ile ba khona ho etsa seo ka lebaka la sehlabelo sa Kreste se kopanyang batho. Pauluse o ile a ngola a re: “[Jesu] o ile a tla ’me a bolela litaba tse molemo tsa khotso ho lōna, ba hōle, le khotso ho ba haufi, hobane ka eena rōna, lichaba tse peli, re na le katamelo ho Ntate ka moea o le mong.”
Ka ho tšoanang, kajeno Lipaki Tsa Jehova li phatlalatsa “litaba tse molemo tsa khotso” Panama ho batho le lihlopha tse tsoang libakeng tse hōle le ba malumeli a sa tšoaneng. Ka hona, bonngoe bo thabisang bo ba teng har’a ba ‘atamelang’ Jehova. Ka lebaka leo, Panama ho thehiloe liphutheho tse buang lipuo tse sa tšoaneng tse tšeletseng—e leng Sepanishe, Secantonese, Puo ea Matsoho ea Panama, Senyesemane, le lipuo tse ling tse peli tsa sebakeng seo, e leng Sekuna le Sengobere (Seguaymi). Hoa khothatsa ho hlokomela kamoo batho ba buang lipuo tsena ba kopaneng kateng borapeling ba Jehova.
Ho Hlōla Litšitiso Comarca
Bangobe ke bona ba bangata ka ho fetisisa merabeng e robeli ea matsoalloa a Panama. Ba ka ba 170 000, ’me bongata ba bona ba lula sebakeng se seholo seo haufinyane tjena se ileng sa khethoa hore ba lule ho sona, se bitsoang comarca. Karolo e khōlō ea sebaka sena e na le matsaranka a lithaba tse tletseng meru tseo motho a fihlang ho tsona ha a tsamaea ka maoto feela, haesita le libaka tse ntle tse pel’a mabōpo tseo ho fihloang ho tsona ka sekepe. Hangata metse e hahoa pel’a linōka, tse etsang hore batho ba tsamaee habonolo le ho tsamaisa thepa habonolo, hape ho hahiloe metse le pel’a mabōpo a leoatle. Batho ba bangata ba lulang comarca ba iphelisa ka ho lema kofi masimong a lithabeng, ka ho tšoasa litlhapi kapa ka ho lema. Ba bangata ba kena likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Leha ho le joalo, ho na le ba bang bao e leng litho tsa bolumeli ba sebakeng seo bo bitsoang Mama Tata. Ba bang ba ea ho bo-sukia (linohe) ho ea phekoloa ha ba kula kapa ba nahana hore ba khathatsoa ke meea e mebe. Le hoja ba bangata ba bua Sepanishe, puo eo ba e utloisisang haholo ke Sengobere.
Ho Soka Liketsoana ka Morero oa ho Finyella Lipelo
Lipaki Tsa Jehova lia hlokomela hore ho bohlokoa ho thusa batho hore ba ithute ’nete ka tsela eo ba tla e utloisisa ’me e be e finyelle lipelong tsa bona. Sena se ka ba susumetsa hore ba etse liphetoho tse hlokahalang bophelong ba bona e le hore ba mamele melao-motheo ea Bibele. Ka hona, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba abetsoeng ho sebetsa libakeng tse sa tšoaneng tse robeli tikolohong eo ba ithutile Sengobere ba se rutoa ke Lipaki tsa moo tse buang Sengobere.
Liphutheho tse 14 tse bileng teng sebakeng seo li bontša hore ho ntse ho e-na le monyetla o moholo oa hore ho be le khōlo e eketsehileng. Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng, Dimas le Gisela, banyalani bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba abeloa ho ea sebeletsa phuthehong e nyenyane e nang le bahoeletsi ba ka bang 40 tikolohong e lebōpong la leoatle ea Tobobe. Ho ne ho se bonolo hore ba tloaele ho tsamaea ka seketsoana khafetsa e le hore ba bolele litaba tse molemo ho batho ba ikokobelitseng ba lulang haufi le Lebōpo la Leoatle la Atlantic. Dimas le Gisela ba ile ba ithuta hore metsi a khutsitseng a leoatle a ka fetoha ka tšohanyetso hore e be maqhubu a kotsi haholo. Hangata ba ne ba opeloa ke liphaka le mekokotlo ka mor’a ho soka seketsoana ba tloha motseng o mong ba leba ho o mong. Bothata bo bong hape e ne e le ba ho ithuta puo ea sebakeng seo. Leha ho le joalo, boitelo ba bona le ho phehella li ile tsa ba tlisetsa melemo ka 2001 ha batho ba 552 ba ne ba tlile Sehopotsong sa lefu la Kreste.
Ha u feta koung ea leoatle ea Tobobe, u fihla motseng oa Punta Escondida. Ka nako e itseng, ho kile ha e-ba le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba neng ba tsamaea ka seketsoana kamehla ba feta koung eo, ha maemo a leholimo a ne a ba lumella—ba e-ea libokeng Tobobe, ’me litlaleho li ne li bontša hore ho ne ho e-na le monyetla o moholo oa hore ho thehoe phutheho e ncha sebakeng sena. Ho nahannoe ka seo, Dimas le Gisela ba ile ba kōptjoa hore ba fallele Punta Escondida. Pele ho feta lilemo tse peli, sehlopha sa Punta Escondida se ile sa fetoha phutheho e mafolofolo e nang le bahoeletsi ba 28, ’me karolelano ea ba bang teng sebokeng sa puo ea phatlalatsa beke le beke ke ba 114. Ka 2004, phutheho eo e ncha e ile ea thaba haholo ha batho ba 458 ba ne ba tlile Sehopotsong sa lefu la Kreste.
Ho Hlōla Bothata ba ho se Tsebe ho Bala le ho Ngola
Ho hlōla bothata ba ho se tsebe ho bala le ho ngola, ho thusitse batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang hore ba be le kamano e haufi le Jehova. Ho bile joalo ka Fermina, mosali e mong e mocha oa lithabeng tsa comarca. Lipaki tsa baromuoa tse neng li sebetsa sebakeng sena se thōko moo a lulang teng li ile tsa hlokomela hore o thabela molaetsa oa ’Muso haholo. Ha a fuoa monyetla oa hore a ithute Bibele, o ile a re a ka rata ho ithuta ka ho eketsehileng. Leha ho le joalo, o ne a e-na le bothata. O ne a tseba ho bua Sepanishe le Sengobere, empa o ne a sa tsebe ho bala le ho ngola lipuo tseo. Moromuoa e mong o ile a ithaopela ho mo ruta ho bala le ho ngola, a sebelisa bukana e bitsoang Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola.a
Fermina e ne e le seithuti se hloahloa, a lokisetsa lithuto tsa hae ka cheseho, a etsa mosebetsi oohle oa ho ithuta oo a lokelang ho o etsa a le mong, a bile a khothaletse ho ithuta mopeleto oa mantsoe. Pele selemo se fela, o ne a se a hatetse pele hoo a neng a khona ho ithuta bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo!* Eitse ha ho hlophisoa liboka, Fermina o ile a qala ho tla libokeng. Leha ho le joalo, kaha lelapa la Fermina le ne le futsanehile, o ne a thatafalloa haholo ho lefella lipalangoang hore a ee libokeng le bana ba hae. Ha moromuoa e mong a hlokomela maemo a Fermina, o ile a etsa tlhahiso ea hore a nahane ka ho etsa mese ea setso ea basali ba Bangobe ’me a e rekise. Fermina o ile a etsa joalo. Le hoja a ne a ntse a e-na le litlhoko tse ling, o ne a etsa bonnete ba hore chelete eo a e fumanang ha a rekisitse mese eo, o e sebelisetsa feela ho ea libokeng tsa Bokreste. Hona joale eena le lelapa la hae ba falletse sebakeng se seng, ’me o ntse a tsoela pele moeeng. Ba thabetse hore ebe ha baa hlōla bothata ba ho se tsebe ho bala le ho ngola feela, empa habohlokoa le ho feta ba thabetse hore ebe ba tsebile Jehova.
Ho Hlōla Bothata ba ho Ruta ba sa Utloeng Litsebeng
Panama, malapa a mangata a nang le batho ba sa utloeng litsebeng a atisa ho hlajoa ke lihlong. Ka linako tse ling batho ba joalo ba sa utloeng litsebeng ba tingoa monyetla oa ho fumana thuto ea mofuta leha e le ofe. Ba bangata ba sa utloeng litsebeng ba ikutloa hore baa khetholloa, kaha ho thata haholo ho buisana le bona.
Ka hona, ho ile ha totobala hore ho ne ho lokela hore ho etsoe ho hong e le hore litaba tse molemo li fihle le ho batho ba sa utloeng litsebeng. Ka khothaletso ea molebeli ea tsamaeang, sehlopha se chesehang sa bo-pula-maliboho le ba bang se ile sa etsa qeto ea ho ithuta Puo ea Matsoho ea Panama. Tsebo ea bona ea ho sebetsana le maemo a sa tšoaneng e ile ea ba tlisetsa melemo e meholo.
Ho ella bofelong ba selemo sa 2001, ho ne ho thehiloe sehlopha sa puo ea matsoho Panama City. Ba neng ba e-ba teng sebokeng e ne e le ba ka bang 20. Ha bara le barali babo rōna ba ntse ba ipabola ka puo eo, ba ile ba khona ho pakela ba bangata bao ka lekhetlo la pele ba ileng ba “utloa” ’nete ea Bibele ka puo ea bona. Lipaki tse ngata tse neng li e-na le bana ba sa utloeng litsebeng le tsona li ile tsa ea libokeng tseo ’me tsa hlokomela hore bana ba tsona ba ne ba utloisisa lithuto tsa Bibele habonolo ebile ba chesehela ’nete haholo. Hangata batsoali ba ne ba ithuta puo ea matsoho, ’me ka tsela eo ba buisana le bana ba bona hantle. Batsoali ba ne ba ka thusa bana ba bona moeeng ’me lelapa le ne le matlafatsoa. Phihlelo ea Elsa le morali oa hae Iraida e bontša sena ka ho hlaka.
Paki e neng e sebetsa le sehlopha sa puo ea matsoho e ile ea utloela ka Iraida, eaba ea mo etela ’me e mo siela bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!b Iraida o ile a thaba haholo ka seo a neng a ithutile sona litšoantšong tse bontšang lefatše le lecha. Paki e ile ea qalisa ho ithuta Bibele le Iraida ka bukana eo. Ha ba qetile ho ithuta bukana eo, ba ile ba sebelisa bukana e bitsoang Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?* Mothating oo, Iraida o ile a qala ho kōpa ’mè oa hae hore a mo thuse ho lokisetsa le ho mo hlalosetsa boitsebiso boo.
Elsa o ne a e-na le mathata a mabeli: Kaha e ne e se Paki, o ne a sa tsebe ’nete ea Bibele, ebile a sa utloisise puo ea matsoho. O ne a boleletsoe hore ha aa lokela ho buisa morali oa hae ka puo ea matsoho empa hore morali oa hae o ne a lokela ho ithuta ho bua ka molomo. Ka lebaka leo, o ne a sa khone ho buisana hantle le morali oa hae. Kaha kōpo ea Iraida ea hore a mo thuse e ile ea mo ama maikutlo, Elsa o ile a kōpa Paki e ’ngoe phuthehong hore e mo rute Bibele. Elsa o ile a re: “Ke ile ka etsa kōpo eo molemong oa morali oa ka, kaha ke ne ke e-s’o ka ke bona Iraida a thabetse ntho leha e le efe hakaalo.” Elsa o ile a kopanela thutong le morali oa hae, a ba a ithuta le puo ea matsoho. Ha Elsa a ntse a qeta nako e ngata a thusa morali oa hae, puisano ea bona e ile ea ntlafala lapeng. Iraida o ile a qala ho hloaea batho bao a tloaelanang le bona ’me a kopanela le phutheho. Hona joale ’mè le morali ba tla libokeng tsa Bokreste kamehla. Elsa o sa tsoa kolobetsoa, ’me Iraida le eena o hatela pele o habile ho kolobetsoa. Elsa o bolela hore joale o qala ho tseba morali oa hae le hore joale ba ka buisana ka lintho tse ngata tsa bohlokoa ho bona ka bobeli.
Sehlopha sa puo ea matsoho, se ileng sa fetoha phutheho ka April 2003, hona joale se hōlile hoo se nang le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 50, ’me ba fetang 50 ba ba teng libokeng. Ba sa utloeng litsebeng ba etsa karolo e fetang ea motho a le mong ho ba bararo. Ho ntse ho thehoa lihlopha tse ling tsa puo ea matsoho metseng e meraro e ka ntle ho motse-moholo, Panama City. Le hoja ho sa ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa tšimong ena ea puo ea matsoho, ha ho pelaelo hore ho nkiloe bohato ba bohlokoa ba hore ho be le puisano pakeng tsa batho ba tšepahalang ba sa utloeng litsebeng le ’Mōpi oa bona ea lerato, Jehova Molimo.
Liphello tse joalo li bontša se hlileng se etsahalang naheng eohle ea Panama. Le hoja batho ba teng ba e-na le litso tse sa tšoaneng, lipuo, le limelo, ba bangata ba kopane borapeling ba Molimo a le mong feela oa ’nete. Ho sa tsotellehe mathata a ka bang teng a lipuo, ’nete ea Lentsoe la Jehova e boleletsoe batho ka katleho naheng ena, eo ba bangata ba e talimang e tšoana le “borokho ba lefatše.”—Baefese 4:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Limmapa tse leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
LEOATLE LA CARIBBEAN
PANAMA
Tobobe
LEOATLE LA PACIFIC
Kou ea Panama
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Basali ba Makuna ba tšoere masela a khabisang
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Moromuoa o ruta mosali oa Mongobe
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Lipaki tse tsoang Ngobe li palama seketsoana li ea kopanong e khethehileng ea letsatsi le le leng
[Litšoantšo tse leqepheng la 11]
’Nete ea Bibele e hlōla mathata a litso le lipuo tse sa tšoaneng Panama
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Thuto ea “Molula-Qhooa” ka puo ea matsoho
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Elsa le morali oa hae Iraida ba thabela ho buisana ka tsela e molemo
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 8]
Ship and Kuna women: © William Floyd Holdman/Index Stock Imagery; village: © Timothy O’Keefe/Index Stock Imagery