“Ho Phethela Lithuto Tsa ka Tsa Sekolo ka Tsela e Molemohali eo ke Neng ke sa e Lebella”
MOSUOE oa sekolo se phahameng sa Spain o ile a ngola a re: “Ka lilemo tse fetang lekholo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bontša bonngoe ba sebele, botšepehi bo se nang sekoli ’me habohlokoa le ho feta, li ile tsa bontša tumelo e ke keng ea senyeha.” Ke eng e ileng ea susumetsa mosuoe enoa—ea latolang hore Molimo o teng—hore a bue mantsoe ao?
Lintho li ile tsa qala ha Noemí, e leng seithuti sekolong se phahameng ebile e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, a ne a abetsoe hore a ngole moqoqo oo e neng e le karolo ea tlhahlobo ea makhaola-khang ea lithuto tsa hae tsa sekolo. O ile a etsa qeto ea ho bua ka sehlooho se reng “Batho ba Neng ba Qhoaela Lesela le Pherese le Likhutlo li Tharo Pusong ea Bonazi.”
Ke hobane’ng ha a ile a khetha sehlooho seo? Noemí oa hlalosa: “Kaha mosuoe enoa o ne a tla hlahloba mosebetsi oa ka, ke ile ka nahana hore ke sebelise monyetla ona ho mo pakela. Pale ea kamoo Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane ea Bonazi li ileng tsa khomarela botšepehi ba tsona kateng e ne e nkamme maikutlo. Ke ne ke lumela hore batho ba bang le bona ba tla e thabela.”
Mosebetsi oa Noemí o ile oa ama batho ba bangata haholo ho feta kamoo a neng a lebeletse kateng. Ka la 5 October, 2002, o ile a hapa khau tlhōlisanong ea sechaba ea patlisiso ea saense le ea lithuto tse mabapi le batho ka lebaka la moqoqo oa hae o ngotsoeng. Likhau tsa tlhōlisano ena li fanoa ke lekhotla la baahloli la litsebi tse 20 tse tsoang liunivesithing tse tummeng tsa Spain.
Pilar del Castillo, e leng letona la thuto la Spain ke eena ea ileng a fa Noemí khau ea hae. Noemí o ile a sebelisa monyetla oo ho fa letona lena k’hasete ea video e bitsoang Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault. Letona leo le ile la amohela mpho ena ntle ho tikatiko.
Motsaneng oa habo Noemí oa Manresa, koranta ea sebaka seo e ile ea bua ka seo Noemí a neng a se finyeletse lithutong tsa hae ’me ea pheta lintlha tsa moqoqo oa hae. Ka nako e tšoanang, mosuoe-hlooho oa sekolo seo Noemí a kenang ho sona o ile a kōpa Noemí hore a mo fe kopi ea moqoqo oa hae o ngotsoeng e le hore a o kenyelletse lenaneong la ho keteka lilemo tse 75 sekolo seo se phahameng se le teng.
Noemí o re: “Ena ke tsela e molemohali eo ke neng ke sa e lebella eo ka eona ke ileng ka phethela lithuto tsa ka tsa sekolong se phahameng. Ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke bala karolo ea mantsoe ao mosuoe oa ka, e leng Monghali Jorge Tomás Calot, a ileng a a ngola ha a ne a kenyelletsa tlaleho ea ka:
“‘Ke motho ea latolang hore Molimo o teng, empa nka lakatsa ho kholisoa ka ho feletseng hore ho na le Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa, ea susumetsang barapeli ba hae hore ba be le ‘lerato la makhonthe la moahelani.’’”