Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 3/8 maq. 3-4
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
  • Tsoha!—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?
    Tsoha!—2002
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—2002
  • Bana ba Sekolo Nigeria ba Hlohonolofalletsoa Botšepehi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 3/8 maq. 3-4

Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?

“Ho qeta letsatsi le le leng le tichere e hloahloa ho molemo ho feta a sekete u ithuta u khothetse.”—Maele a Sejapane.

NA U sa hopola tichere e neng e u khahla haholo sekolong? Kapa haeba u sa kena sekolo, na u na le tichere eo u e ratang haholo? Haeba ho joalo, ke hobane’ng?

Tichere e hloahloa e etsa hore barutoana ba itšepe ’me e etsa hore ho ithuta e be mosebetsi o thahasellisang. Motho e mong ea lilemo li 70 oa Engelane o hopola ka lerato tichere ea hae ea Senyesemane ha a sa kena sekolo Birmingham. “Monghali Clewley o ile a etsa hore ke lemohe hore ke na le bokhoni boo ke neng ke sa tsebe hore ke na le bona. Ke ne ke le lihlong ke bile ke itšaba, leha ho le joalo, o ile a nkoetlisetsa ho bapala tlhōlisanong ea tšoantšiso ea sekolo. Selemong sa ka sa ho qetela, ke ile ka hapa khau ea tšoantšiso. Ntle ho khothatso ea hae, nka be ke sa ka ka khona. Ntho e nkutloisang bohloko feela ke hore ha kea ka ka hlola ke mo bona lilemong tsa morao bakeng sa hore ke mo lebohe ka ho itella barutoana ba hae.”

Margit, mosali ea thabileng ea lilemong tsa bo-50 oa Munich, Jeremane, o re: “Ho ne ho e-na le tichere eo ke neng ke e rata ka ho khetheha. E ne e e-na le tsela e ntle ea ho hlalosa lintho tse thata ka mokhoa o bonolo. E ne e re khothalletsa hore re botse lipotso haeba re sa utloisise ho itseng. E ne e sa itšene, ho e-na le hoo, e ne e e-na le botsoalle. Seo se ile sa eketsa thabo ea rōna lithutong.”

Peter oa Australia o hopola tichere ea lipalo eo a reng “e ile ea re thusa ho bona bohlokoa ba seo re neng re ithuta sona ka ho etsa mehlala e sebetsang. Ha re ne re ithuta trigonometry, e ile ea re bontša hore na re ka lekanya bophahamo ba mohaho joang ntle le hore re o thetse, re sebelisa feela melao-motheo ea trigonometry. Ke sa hopola ke khotsetsa ka pelong ke re, ‘Joale hona ke bohlale ba mahlale!’”

Pauline oa Engelane ka leboea o ile a bolella tichere ea hae a re: “Lipalo lia ntlhōla.” Tichere e ile ea mo botsa: “U rata ho ntlafatsa? Nka u thusa.” O tsoela pele: “Likhoeling tse latelang, e ile ea lebisa tlhokomelo e khōlō ho ’na, ea ba ea nthusa le ha sekolo se tsoile. Ke ne ke tseba hore e batla hore ke atlehe—hore ea tsotella. Sena se ile sa etsa hore ke sebetse ka thata, ’me ke ile ka ntlafatsa.”

Angie oa Scotland, eo hona joale a leng lilemong tsa bo-30, o hopola Monghali Graham, tichere e neng e mo ruta histori. “O ne a etsa hore histori e thahasellise haholo! O ne a pheta liketsahalo joalokaha eka ke pale ’me o ne a chesehela sehlooho se seng le se seng. O ne a e phelisa.” O boetse o hopola ka lerato Mofumahali Hewitt, tichere ea hae e neng e se e hōlile ha a qala ho kena sekolo. “O ne a le mosa ’me a tsotella. Ka letsatsi le leng ha re le ka tlelaseng, ke ile ka ea ho eena ho ea mo botsa potso. O ile a nkuka. A etsa hore ke utloe hore o hlile oa ntsotella.”

Timothy oa Greece ka boroa, o hlalosa kananelo ea hae. “Le kajeno ke sa ntse ke hopola tichere ea ka ea saense. E ile ea fetola ka ho feletseng tsela eo ke neng ke nka lefatše ka eona le bophelo bo mpotolohileng. E ne e etsa hore tlelaseng ea eona re hlolloe le ho tsota. E ile ea etsa hore re be le tabatabelo ea ho tseba ho eketsehileng le ho rata ho utloisisa lintho.”

Ramona oa California, U.S.A., ke mohlala o mong. Oa ngola: “Tichere ea ka sekolong se phahameng e ne e rata Senyesemane. Cheseho ea eona e ne e tšoaetsa haholo! E ne e etsa hore le likarolo tse thata li bonahale eka li bonolo.”

Jane oa Canada, o ile a bua ka cheseho ka tichere e neng e ba ruta boikoetliso ba ’mele, e neng e “e-na le likhopolo tse ngata tsa boikhathollo le ho ithuta. E ne e re tlosa sekolong ’me e re rute ho thelelisa lehloeng libakeng tse ka thōko le ho cheha litlhapi leqhoeng. Re bile ra etsa le liphaphatha, tsa mofuta o itseng oa bohobe ba Maindia, mollong oo re neng re o besitse moo re neng re robala teng litenteng. Sena sohle e bile phihlelo e tsotehang bakeng sa ngoanana ea sa tloaelang ho tsoa ka tlung ea lulang a honametse libuka!”

Helen ke mofumahatsana ea lihlong ea hlahetseng Shanghai ’me a kena sekolo Hong Kong. Oa hopola: “Ha ke le sehlopheng sa bohlano, ho ne ho e-na le tichere e bitsoang Monghali Chan, e neng e re ruta boikoetliso ba ’mele le ho taka. Ke ne ke le ’mele o monyenyane ’me ke ne ke hlōleha ho bapala volleyball le basketball. E ne e sa ntlotlolle. E ne e ntlohella hore ke bapale badminton le lipapali tse ling tse neng li sa nthatafalle. E ne e nahanela ’me e le mosa.

“Hoa tšoana le ka ho taka—ke ne ke sa khone ho taka lintho kapa batho. Kahoo, e ile ea re ke take lipatrone kaha tsona ke ne ke e-na le bokhoni ho tsona. Kaha ke ne ke le monyenyane ho barutoana ba bang, e ile ea nkholisa ka mabaka hore ke tlameha ho pheta sehlopha seo. Sena e bile phetoho e khōlō ho keneng ha ka sekolo. Ke ile ka itšepa haholoanyane ’me ka etsa tsoelo-pele e ntle. Ke tla lula ke e leboha.”

Ke matichere afe a bonahalang a khahla barutoana haholo? William Ayers o arabela potso ena bukeng ea hae ea To Teach—The Journey of a Teacher: “Ka holim’a tsohle, ho ruta ho hloahloa ho hloka hore tichere e be e nahanang ka hloko, e tsotellang le e inehetseng bophelong ba barutoana. . . . Ho ruta ho hloahloa hase taba ea mekhoa kapa litaele tse itseng tse khethehileng, merero kapa liketso. . . . Ha e le hantle botichere e mpa feela e le taba ea lerato.” Ka hona, tichere e atlehang ke efe? O re: “Ke tichere e neng e u ama pelo, tichere e neng e u utloisisa kapa e neng e u tsotella joaloka motho, tichere eo lerato la eona la ho itseng—ekaba ’mino, lipalo, Selatine, lik’haete—le neng le fetela barutoaneng ’me le ba susumetsa.”

Ntle ho pelaelo, matichere a mangata a ’nile a bolelloa ke barutoana le ke batsoali ba bona hore baa ba leboha ’me ka tsela eo, a tiea moko hore a tsoele pele a ruta ho sa tsotellehe mathata. Ntho e le ’ngoe e tšoanang ka boholo ba lipolelo tsena ke thahasello ea sebele le mosa o bontšoang ke matichere ho barutoana.

Ke ’nete hore hase matichere ’ohle a nang le litšobotsi tse ntle joalo. Ka lehlakoreng le leng, hangata matichere le ’ona a ba tlas’a likhatello tse ngata tse khinang seo ba neng ba ka se etsetsa barutoana. Sena se re lebisa potsong ea hore na ke hobane’ng ha batho ba khetha mosebetsi o thata hakaale?

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

“Ha e le hantle botichere e mpa feela e le taba ea lerato”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela