Keketseho e Thabisang Sehlekehlekeng se Setle
BATHO ba etelang Taiwan ba khahloa haholo ke letlobo le ntseng le eketseha le tlokomang le apesitseng sehlekehleke sena. Nakong ea kotulo, raese e nyenyane e ’mala o motle o motala, ea fetoha ’me e ba le ’mala o motle oa khauta. Meru e teteaneng le e tlokomang e apesitse lithaba. Ho fapana le metseng e meholo e tletseng sephethephethe, botala ba limela bo masimong le lithabeng bo khatholla haholo. Ha e le hantle, ke bona bo ileng ba susumelletsa motho oa pele oa Linaha tsa Bophirimela ea ileng a bona sehlekehleke sena ho se reha Ilha Formosa, kapa “Sehlekehleke se Setle.”
Ka sebele Taiwan ke sehlekehleke se setle empa se senyenyane—se bolelele ba lik’hilomithara tse 390 ’me moo se leng sephara haholo, se bophara ba lik’hilomithara tse 160. Karolo e khōlō ea sehlekehleke sena e na le melollope ea lithaba. Yü Shan (Thaba ea Morrison) e telele ho feta Thaba ea Fuji ea Japane kapa Thaba ea Cook ea New Zealand. Lithaba tse bohareng li pota-potiloe ke libataolo tse tšesaane tse fihlang lebōpong la leoatle, ’me baahi ba Taiwan ba bangata haholo ba fetang limilione tse 22 hona joale, ba khobokellane teng.
Keketseho ea Mofuta o Mong
Leha ho le joalo, ho na le keketseho ea mofuta o mong e ntseng e totobala haholoanyane Taiwan—ke keketseho ea mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. E bonahala ka cheseho eo batho, ba baholo le ba banyenyane, ba e bontšang hang feela ha ba tseba Jehova, Molimo oa ’nete. Ho khahla e le kannete ho bona palo e eketsehang ea batho ba sebetsang ka cheseho ho thusa ba bang hore ba ithute ka Jehova le merero ea hae.
Keketseho ena e hloka hore ho atolosoe mehaho. Ka December 1990, ho ile ha rekoa setša e le hore ho hahuoe ofisi ea lekala e khōloanyane ea Lipaki Tsa Jehova. Mohaho oa pele, o neng o le Taipei, o ne o se o le monyenyane haholo bakeng sa ho sebeletsa bahoeletsi ba ’Muso ba 1 777 ba neng ba le teng Taiwan ka nako eo. Ka mor’a mosebetsi o ileng oa nka lilemo o etsoa ka mafolofolo ke baithaopi ba baholo le ba banyenyane, ba lichabeng tse ling le ba Taiwan, mehaho e metle e mecha e Hsinwu e ne e loketse ho sebelisoa ka August 1994. Nakong eo ho ne ho e-na le batho ba 2 515 ba neng ba bolela litaba tse molemo tse tsoang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Hona joale, lilemo tse fetang tse leshome hamorao, palo ena e eketsehile ka makhetlo a fetang a mabeli, e ka holimo ho 5 500, ’me khoeli le khoeli hoo e ka bang kotara ea batho bana e kopanela mosebetsing oa ho bolela evangeli ka nako e tletseng. Ba bonahalang haholo ke bahlankana le baroetsana ba tšoanang le ‘marotholi a khathollang a phoka’ ea hoseng.—Pesaleme ea 110:3.
Bacha ba Bangata ba Kopanela Tšebeletsong ea Jehova
Bahoeletsi ba bangata ba litaba tse molemo ba chesehang ba banyenyane haholo. Ba bang ba kena likolo tsa mathomo. Ka mohlala, toropong e ’ngoe e karolong e ka leboea ea Taiwan, banyalani ba bang ba ile ba mengoa ka lekhetlo la pele hore ba be teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, moo Lipaki Tsa Jehova li ithutang mokhoa oa ho ruta batho ba bang linnete tsa Bibele. Banyalani bana ba ile ba hlolloa ha ba bona moshanyana e monyenyane ea bitsoang Weijun, a bala Bibele sethaleng hamonate ho feta batho ba bangata ba baholo. Joale, libokeng tse ling tseo ba ileng ba ea ho tsona, ba ile ba khahloa haholo ke hore le bana ba kenang likolo tsa tlhokomelo ea bana ba banyenyane ba fana ka likarabo tse utloahalang. Banyalani bana ba ile ba bolela kamoo bana ba banyenyane ba itšoarang hantle kateng Holong ea ’Muso.
Ebe ke hobane’ng ha bana baa ba tebisa likelello thutong ea Bibele naheng ee ea Bobuddha le Botao? Ke kahobane batsoali ba bona ba Bakreste ba sebelisitse melao-motheo ea Bibele ’me ba entse hore ho be le bophelo bo thabisang ba lelapa bo thehiloeng kamanong le Jehova. Kaha batsoali ba Weijun ba leka hore thuto ea lelapa ea Bibele le tšebeletso ea tšimo li thabise, moholoane oa moshanyana enoa le khaitseli ea hae e se e le Lipaki tse kolobelitsoeng. Haufinyane ha Weijun a ne a kōpa ho ba ’moleli oa litaba tse molemo, ’mè oa hae o ile a bolela hore khoeling eo Weijun o ne a se a tsamaisitse limakasine tse ngata ho ba feta lapeng. Ho hlakile hore o rata ho bua ka ’nete, ho fana ka litlhaloso libokeng le ho bolella ba bang seo a ithutileng sona.
Ha ba Ntse ba Hōla
Bana baa ba etsa joang ha ba ntse ba hōla? Ba bangata ba bontša hore ba rata Jehova le tšebeletso e le kannete. Ka mohlala, Huiping ke seithuti. Ka letsatsi le leng mosuoe oa hae o ile a bolela hore ho na le batho ba bolumeli bo bong ba sa lumeleng ho tšeloa mali empa ha a tsebe hore na ke bolumeli bofe. Qetellong ea thuto eo, Mokreste enoa e monyenyane o ile a hlalosetsa mosuoe oa hae hore bolumeli boo ke ba Lipaki Tsa Jehova le hore na ke hobane’ng ha li sa tšeloe mali.
Mosuoe e mong o ile a bontša video ea maloetse a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate. Video ena e ne e bua ka 1 Bakorinthe 6:9, empa mosuoe enoa o ile a bolela hore Bibele ha e nyatse bosodoma. Le hona mona Huiping o ile a bolella mosuoe enoa hore na Molimo o ikutloa joang ka bosodoma.
Nakong eo Shuxia a neng a lokisetsa tlaleho e buang ka pefo ea ka lapeng, Huiping, ea sehlopheng se le seng le eena, o ile a mo fa Tsoha! ea November 8, 2001 eo sekoahelo sa eona se nang le sehlooho se reng, “Thuso Bakeng sa Basali ba Shapuoang” a ba a mo hlalosetsa hore e na le boitsebiso bo bongata bo thehiloeng Bibeleng bo buang ka taba ena. Qetellong, Shuxia e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Hona joale eena le Huiping ba bolella batho ba bang litaba tse molemo.
Bakreste ba bangata ba kenang sekolo ba fumana hore ho thata hore ba tsejoe e le batho ba phelang ka melao-motheo ea Bibele. Ho thata haholo metseng e menyenyane ea mahaeng. Zhihao o ile a thulana le khatello ea lithaka ka lebaka la tumelo ea hae le ka lebaka la mosebetsi oa boboleli. O re: “Ke ne ke ferekana hoo ke neng ke tšaba ho teana le liithuti-’moho le ’na ha ke le tšimong. Ka linako tse ling, ke ne ke songoa ke tse leshome!” Ka letsatsi le leng, mosuoe o ile a kōpa Zhihao hore a behe puo e mabapi le bolumeli ba hae ka tlelaseng. O re: “Ke ile ka rera ho qala puo ea ka ka Genese khaolo 1 ’me ka mor’a moo ke bue ka lipotso tse kang: Ke mang ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona? Hona motho o bile teng joang? Kapele feela ha ke qala ho bala Bibele, liithuti tse ling li ile tsa qala ho ntšeha, li re ke lumela lintho tsa lefeela. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ka ba ka qeta puo ea ka. Ka mor’a moo, ke ile ka ba le monyetla oa ho bua le tse ling tsa liithuti-’moho le ’na ka mosebetsi oa rōna le ka tumelo ea rōna. Hona joale, ha li mpona ke le tšimong, ha li sa ntšeha!”
Zhihao o tsoela pele o re: “Kaha batsoali ba ka ke Lipaki, re buisana ka temana ea letsatsi hoseng ho hong le ho hong. Hape re ithuta Bibele le ho ba teng libokeng kamehla. Ke ka lebaka leo ke khonang ho sebetsana le bohle ba ka ’nang ba batla ho ntšoma ha ke ntse ke leka ho bolella ba bang linnete tse khathollang tsa Bibele.”
Tingmei ke seithuti sekolong sa mosebetsi oa matsoho sa basetsana. Ka lekhetlo le leng eena le liithuti-’moho le eena ba ile ba mengoa hore ba ee pikiniking le bashemane ba sekolo se seng sa bashemane. O ile a bona kotsi ea hore ho tla ba le boitšoaro bo bobe setsoalleng se joalo eaba o hana ho ea. O ile a mengoa ka makhetlo a mangata, le hoja a ne a buile le liithuti-’moho le eena ka boitsebiso bo molemo bo tsoang bukeng e bitsoang Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang.a Banana bana ba ile ba mo tšeha, ba bolela hore o siuoe ke linako. Leha ho le joalo, bohlale ba ho latela melao-motheo ea Bibele bo ile ba bonahala kapele ha ngoanana e mong a ima ’me a ntša mpa. Tingmei o re: “Ho etsa seo Jehova a se laelang ho nkentse hore ke be le letsoalo le letle. Ka lebaka leo, ke thabile ebile ke khotsofetse haholo.”
Ho Hlōla Lintho Tse Sitisang Keketseho
Motsoalle e mong oa hlooho ea khomo oa Tingmei ke Ruiwen. Ha Ruiwen a sa le monyenyane, o ne a sa rate ho ea libokeng tsa Bokreste le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, eitse ha a bona phapang pakeng tsa lerato la ’nete la batho ba phutheho ea habo le setsoalle se sa tebang sa liithuti-’moho le eena, o ile a kholiseha hore ho hlokahala hore a etse liphetoho tse itseng bophelong ba hae. Ruiwen o ile a qala ho bolella liithuti-’moho le eena litaba tse molemo ha a hlokomela hore na ho hlokahala hore a etse’ng. O ile a qala ho sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang, a sebetsa lihora tse fetang tse 50 ka khoeli tšimong. Ka mor’a moo o ile a qala bopula-maliboho ba kamehla, a sebetsa lihora tse fetang tse 70 ka khoeli tšimong. Ruiwen o re: “Ke haelloa ke mantsoe a ho leboha Jehova. Ha aa ka a ntela. Le hoja ke ile ka etsa lintho tse ileng tsa mo soabisa, o ile a ’na a nthata. ’Mè le batho ba bang ka phuthehong ba ile ba nthata ka tsela e tšoanang. Kaha ke khanna lithuto tse hlano tsa Bibele, ke nahana hore ke etsa mosebetsi o khotsofatsang ka ho fetisisa.”
Sekolong se seng se phahameng sa mahaeng, bana ba babeli ba Lipaki ba ile ba abeloa hore ba emele sekolo tlhōlisanong ea tantši ea setso. Ha bacha bana ba Lipaki ba tsebisoa hore na tlhōlisano eo ke ea mofuta ofe, ba ile ba nahana hore ha ba ka kopanela ho eona ba tla be ba siteloa matsoalo a bona a Bokreste. Eitse ha ba leka ho hlalosa maikutlo a bona le ho kōpa hore ba se ke ba kopanyelletsoa, kōpo ea bona e ile ea hanoa. Ho e-na le hoo, mesuoe e ile ea ba bolella hore kaha ba ne ba abetsoe ho etsa seo, ba tlameha ho ea. Kaha bacha bana ba Lipaki ba ne ba ke ke ba sekisetsa, ba ile ba kena Inthaneteng eaba ba ngolla lefapha la thuto, ba hlalosa bothata ba bona. Le hoja bacha bana ba sa ka ba arabeloa ka ho toba, ka mor’a nakoana sekolo seo se ile sa fumana taelo ea hore se se ke sa qobella mang kapa mang hore a kopanele tlhōlisanong eo. Bacha bana ba babeli ba ile ba thaba hakaakang ha ba bona hore thuto ea Bibele eo ba neng ba e fumane e koetlisitse matsoalo a bona ebile e ba matlafalitse hore ba emele se nepahetseng!
Esita le ba nang le bokooa bo itseng ba nyakallela ho bolella batho ba bang ka tšepo eo ba nang le eona ea Bibele. Minyu o hlahile a shoele litho. Kaha o sitoa ho sebelisa matsoho a hae, o phetla maqephe a Bibele ka leleme ebe o fumana temana eo a batlang ho e bala. Ha a beha lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, o paqama sofeng e nyenyane ’me mothusi oa hae o lula setulong se tlaase e le hore a mo tšoarele sebuela-hole. Ka sebele hoa thabisa ho bona boiteko boo Minyu a bo etsang ba ho lokisetsa lipuo tsena!
Ha Minyu a ne a batla ho ba mohoeletsi oa ’Muso, barali ba bang babo rōna ba phutheho ea habo ba ile ba ithuta ho paka ka thelefono e le hore ba tle ba mo thuse. O penya linomoro ka leleme ’me baralib’abo rōna bona ba mo thusa ho ngola tlaleho ea batho bao a ba letselitseng. O thabela mosebetsi ona hoo e seng e le pula-maliboho e thusang, ’me o sebelisa founo ha a bua le batho ba bang ka ’Muso oa Molimo ka lihora tse 50 ho isa ho tse 60 khoeli le khoeli. O fumane batho ba bang ba amohelang lingoliloeng tsa Bibele le ba mo lumellang hore a buisane le bona hape. Hona joale o khanna lithuto tsa Bibele tse tharo le batho bao a ba fumaneng ka tsela ena.
Ke ’nete hore joaloka marotholi a phelisang a phoka, bahlankana le baroetsana ba liphutheho tse 78 tsa Lipaki Tsa Jehova tsa Taiwan ba ikemiselitse ebile ba chesehela ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso tse phelisang ho batho ba limilione ba sehlekehleke sena. Sena ke karolo e nyenyane feela ea ho phethahala ha boprofeta ba Bibele lefatšeng ka bophara ha bo re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pesaleme ea 110:3) Bacha baa ke khothatso e kaakang ho batho ba baholo ba sebetsang ’moho le bona, ’me ho feta tsohle ba thabisa Jehova Molimo, Ntate oa bona oa leholimo hakaakang!—Liproverbia 27:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]
HO HLOKAHALA LIHOLO TSE LING HAPE TSA ’MUSO
Kaha bahoeletsi baa eketseha Taiwan, ho thata ho ba le Liholo Tsa ’Muso tse lekaneng. Hobane’ng? Hobane ntle ho libakeng tse ling tsa mahaeng, litša tsa ho haha Liholo Tsa ’Muso li batla li felile. Ntle ho moo, theko ea litša e phahame haholo, ’me melao ea litša e thata. Litoropong tse khōlō le metseng e meholo, ntho feela e ka etsoang ke hore ho rekoe liofisi ebe li fetoloa Liholo Tsa ’Muso. Empa siling ea liofisi tse ngata e tlaase haholo, rente ea teng e holimo, ha ho kene mang le mang feela, kapa ho na le mabaka a mang a etsang hore li se ke tsa tšoaneleha hore li ka sebelisoa e le Liholo Tsa ’Muso.
Leha ho le joalo, lilemong tsa morao tjena, Lipaki Tsa Jehova tsa Taiwan li khonne ho fumana Liholo Tsa ’Muso tse ’maloa tse ncha. Kaha Lipaki li ikemiselitse ho sebelisa menehelo ea tsona ho lefella litšenyehelo tse eketsehang esita le ho ithuta mahlale a eketsehileng a ho haha, li tsoela pele ho batla litša.