Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 10/15 maq. 3-4
  • Na ka Sebele re ka Tseba Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ka Sebele re ka Tseba Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a Bibele
  • Ho Rua Tsebo—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Moloko oa Batho o Hloka Tsebo ea Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tsoelang Pele le mo Mamela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Tsebo e Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 10/15 maq. 3-4

Na ka Sebele re ka Tseba Molimo?

“Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka . . . Molimo a le mong feela oa ’nete.”—Johanne 17:3.

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a bua ka mokhoa o tsotehang a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!” Eaba o phaella ka ho re: “Likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa fuputsoa hakaakang!” (Baroma 11:33) Ho latela mantsoe aa, na re lokela ho etsa qeto ea hore batho ba ke ke ba khona ho fumana bohlale le tsebo ea Molimo, e leng se bolelang hore ho ke ke ha khoneha hore ba mo tsebe ba be ba tsebe le merero ea hae?

Bo-rafilosofi ba bang ba bolumeli ba lumela hore ho ke ke ha khoneha hore re tsebe Molimo. Mabapi le monahano o joalo, The Encyclopedia of Religion e re: “Molimo o phahametse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re ka e tsebang ka eena. . . . Molimo a ke ke a rehoa lebitso kapa a hlalosoa. Lebitso leha e le lefe kapa tlhaloso e tsamaea le bofokoli, ’me Molimo o bo phahametse . . . Ha aa lokela ho tsejoa, kaha a ke ke a tsejoa.”a

Ho ea ka makasine ea Newsweek, batho ba bangata ba mekhatlo eo e seng ea bolumeli ba sekametse “khopolong e ncha e tloaelehileng” ea ho lumela hore, ha e le hantle, “ho na le ’nete e le ’ngoe feela, ’me ’nete ena ke hore ha ho na ’nete.”

Leha ho le joalo, ba bangata ha ba e-s’o fumane likarabo lipotsong tse amanang le morero oa bophelo. Ba bona mathata a hlomolang pelo a bakoang ke bofuma, boloetse le pefo. Ba ferekana haholo ka lebaka la ho hloka botsitso ho teng bophelong. Ba ka ’na ba labalabela ho fumana likarabo, empa ha ba sa li fumane, ba ka ’na ba phetha ka hore ehlile ha li eo. Ka lebaka leo, batho ba joalo ba bangata ba tsoile bolumeling bo hlophisitsoeng ’me ba ipatlela mokhoa oa ho atamela Molimo—haeba le teng ba ntse ba lumela hore o teng.

Maikutlo a Bibele

Batho ba nang le pono e ntle ka Bibele ’me ba rata ho amohela Jesu Kreste e le ’Muelli oa Molimo ba lokela ho thahasella ho tseba maikutlo a Bibele. Mohlomong u sa hopola hore ka nako e ’ngoe Jesu o ile a bua ka litsela tse peli, e leng ‘tsela e isang timetsong, e pharaletseng le e khōlō’ le ‘tsela e patisaneng e isang bophelong.’ O ile a hlalosa kamoo re ka tsebang ba tsamaeang litseleng tseo, a re: “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.” Ka litholoana tsa mofuta ofe? Eseng ka seo ba se buang, empa ka seo ba se etsang, joalokaha Jesu a ile a hlakisa a re: “Hase e mong le e mong ea reng ho ’na, ‘Morena, Morena,’ ea tla kena ’musong oa maholimo, empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.” Ha hoa lekana ho bolela feela hore re lumela ho Molimo. Re lokela ho etsa thato ea Molimo. Hoa utloahala hore re lokela ho qala ka ho ba le tsebo e nepahetseng ea hore na thato ea Molimo ke eng.—Matheu 7:13-23.

Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore batho ba ka khona ho fumana tsebo ka Molimo. O ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ho hlakile hore re ka fumana bohlale le tsebo tseo Molimo a li senolang—empa hafeela re ikitlaetsa hore re li batle. Leha ho le joalo, ba etsang joalo Molimo o ba fa mpho ea bophelo bo sa feleng, kahoo ruri boikitlaetso boo ke ba bohlokoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Maikutlo a joalo a teng le lineanong tsa bolumeli tsa Bohindu, Botao le Bobuddha.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Jesu o ile a re tsela e patisaneng e isa bophelong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela