Ho Fumana Matlotlo a Moea Guinea
KA LILEMO tse makholo, bafuputsi ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ba batla matlotlo le leruo. Ba sebete ba ileng ba fihla Guinea, Afrika Bophirimela, ba ile ba fumana mefuta e ’meli e fapaneng haholo ea matlotlo—matlotlo a nama le a moea. Naha ena, e nang le litaemane tse ngata, khauta, tšepe le bauxite ea boleng bo phahameng (e leng serafshoa se etsang alominiamo), e na le baahi ba fetang limilione tse robong.
Le hoja malumeli a Bokreste-’mōtoana e se ’ona a ka sehloohong naheng ena, borapeli ke ntho ea bohlokoa ’me batho ba bangata ba ananela matlotlo a moea haholo. Hantle-ntle matlotlo aa ke eng? Ke bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ba hlalositsoeng ho Hagai 2:7 e le “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.”
Matlotlo a Moea
Ho hlokahala boiteko bo matla hore motho a cheke ka har’a mpa ea lefatše a batla matlotlo a patiloeng. Ka ho tšoanang, tšebeletsong ea Bokreste, ho hlokahala boiteko bo tiileng hore motho a fumane matlotlo a moea. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ile oa qaleha karolong e ka har’a naha ea Guinea mathoasong a bo-1950 ’me oa fihla motse-moholo oa teng, e leng Conakry, mathoasong a bo-1960. Hona joale ho na le Lipaki Tsa Jehova tse ka bang 900 liphuthehong le lihlopheng tse 21 naheng ka bophara.
Baromuoa ba ile ba fihla ka 1987 ’me ba sebetsa ’moho le phutheho e le ’ngoe feela e neng e le Conakry. Hona joale ho na le baromuoa ba fetang 20 ba leng motse-moholo le karolong e ka har’a naha. Ba khothatsa liphutheho ka cheseho ’me ba kopanela tšebeletsong le barab’abo rōna ba sebakeng seo.
Luc, ea lulang Conakry, o ile a thaba ha a ne a ithuta Bibele le mohlankana e mong eo e leng ngaka ea bitsoang Albert. Albert o ne a batlile ’nete ea bolumeli likerekeng tse sa tšoaneng, a bile a keneletse le mekhoeng ea ho sebetsana le meea. O ne a roala reng eo a neng a e filoe ke ngaka e buisanang le meea, e mo tiiselitse hore reng eo e ne e tla mo tlisetsa mahlohonolo. Ka mor’a hore a soetsehe haholo ha a ntse a batla bolumeli ba ’nete, Albert o ile a lahla reng eo eaba oa rapela o re: “Molimo, haeba u teng, etsa hore ke u tsebe ’me ke u sebeletse. Ho seng joalo, ke tla iphelela feela kamoo ke ratang kateng.” Nakoana ka mor’a moo, Albert o ne a etetse ha khaitseli ea hae eaba o utloa e mong oa Lipaki Tsa Jehova a ntse a ruta mochan’ae Bibele. Kapele ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore Luc a mo rute Bibele.
Beke le beke, ka thabo Luc o ne a tsamaea lik’hilomithara tse fetang tse hlano ho ea feela, bakeng sa ho ea khanna thuto ea Bibele. Le hoja Luc a ne a sa ruteha, empa Albert, ea neng a e-na le lengolo la univesithi, o ne a khahloa haholo ke tumelo e matla ea Luc Mangolong le kamoo a neng a hlalosa boitsebiso ka tsela e utloahalang kateng. Albert o ile a thaba hakaakang ha a ithuta hore hase molato oa Molimo hore ebe batho ba mahlomoleng, empa ho fapana le moo, Jehova o rerile ho felisa mahlomola ’ohle le ho etsa hore lefatše lena e be paradeise! (Pesaleme ea 37:9-11) Linnete tsa Bibele hammoho le boitšoaro bo botle boo a ileng a bo bona har’a litho tsa phutheho li ile tsa ama Albert pelo.
Leha ho le joalo, feela joalokaha taemane e sa hloekisoang e lokela ho sehoa ka hloko ke setsebi hore e benye, ho ne ho hlokahala hore Albert le eena a hlōle mekhoa e sa lokang ea lefatše e le hore a lumellanye bophelo ba hae le melao e lokileng ea Molimo. O ile a khaotsa ho ea lingakeng tse sebelisanang le meea, a khaotsa ho sebelisa lino hampe ’me a khaotsa le ho becha. Albert o ile a thatafalloa haholo ke hore a tlohele ho tsuba. Eitse qetellong ha a rapela Jehova ka tieo hore a mo thuse, o ile a atleha. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, o ile a tiisa lenyalo la hae. Mosali oa hae o ile a qala ho ithuta Bibele. Hona joale bobeli ba bona ke bahlanka ba Jehova ba kolobelitsoeng.
Martin le eena ke taemane e ’ngoe ea moea. O ile a qala ho ithuta Bibele ha a ne a le Guéckédou a le lilemo li 15. Batsoali ba hae ba Mak’hatholike ba ne ba mo hanela ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba senya libuka tsa Bibele tsa Martin, ba mo otla ’me ba mo leleka lapeng. Feela joalokaha taemane e hlahisoa ka hore k’habone e be tlas’a khatello e matla, ka ho tšoanang lerato la Martin bakeng sa ’nete ea Bibele le ile la tiea ka lebaka la khanyetso eo. Ka mor’a nako, batsoali ba hae ba ile ba thapa eaba o khutlela lapeng. Ke’ng e ileng ea etsa hore batsoali ba hae ba fetole maikutlo a bona? Ba ile ba hlokomela phapang e khōlō pakeng tsa boitšoaro ba Martin le ba banab’abo ba banyenyane, ba neng ba e-na le moea oa borabele ebile ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Kaha ntate oa Martin o ne a kholisehile hore bolumeli bo bocha ba Martin bo ne bo le molemo ho eena, o ile a amohela litho tsa phutheho hore li tle lelapeng la hae. ’Mè oa Martin o ’nile a leboha barab’abo rōna ka makhetlo ka sohle seo ba se entseng hore ba thuse mor’a hae. Martin o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 18, hamorao a ea Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ’me hona joale ke mosebeletsi oa pula-maliboho ea khethehileng.
Matlotlo a Moea a Tsoang Linaheng Tse Ling
Le hoja Guinea e romela boholo ba matlotlo a eona a tlhaho linaheng tse ling, empa matlotlo a mang a eona a moea ke a tsoang linaheng tse ling. Batho ba bangata ba falletse teng ba tsoa lichabeng tse ling tsa Afrika, hangata e le ka mabaka a moruo. Ba bang ba balehetse lintoa tse sehlōhō tse ’nileng tsa kupa ka nako e telele.
Ernestine, ea tsoang Cameroon, o tlile Guinea lilemong tse 12 tse fetileng. O ile a ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a tla libokeng ka lilemo tse ngata empa a sa kolobetsoe. Ka 2003, o ile a seka meokho ha a ne a shebeletse ha batho ba kolobetsoa kopanong ea potoloho ea Lipaki Tsa Jehova. A aparetsoe ke ho ikutloa a le molato, o ile a rapela Jehova a re: “Hona joale ke na le lilemo tse 51, ’me ha ke e-s’o u etsetse letho le molemo. Ke batla ho u sebeletsa.” Ka mor’a moo, Ernestine o ile a nka bohato tumellanong le thapelo ea hae e bontšang boikokobetso. O ile a hlalosetsa monna eo a neng a lula le eena hore ba ne ba ka lula ’moho hafeela ba nyalane ka molao. Monna eo o ile a lumela, eaba hamorao Ernestine o keleketla meokho ea thabo ha a ne a kolobetsoa ka November 2004.
Ho tloha mathoasong a lilemo tsa bo-1990, Guinea e amohetse baphaphathehi ba likete ba tsoang Liberia le Sierra Leone, ho akarelletsa le bahlanka ba Jehova ba makholo. Hang feela ka mor’a hore barab’abo rōna ba fihle kampong ea baphaphathehi, ba lokisetsa hore ho be le liboka kamehla, ba hlophisa mosebetsi oa boboleli ’me ba haha Holo ea ’Muso. Batho ba bang ba fetohile bahlanka ba Jehova likampong tseo tsa baphaphathehi. Isaac ke e mong oa bona. Ka mor’a hore Isaac a kolobetsoe, ho ile ha hlaha monyetla oa hore a khutlele mosebetsing oa hae oa pele k’hamphaning e khōlō ea Liberia. Ho e-na le hoo, o ile a khetha hore a tsoele pele ho lula kampong ea baphaphathehi ea Lainé e le pula-maliboho oa kamehla. Oa hlalosa: “Hona joale ha ho hlokahale hore ke kōpe tumello ho mookameli ha ke ea libokeng kapa kopanong. Ke lokolohile hore ke sebeletse Jehova.” Ka December 2003, ho ile ha tšoaroa kopano ea setereke kampong ena e hōle bakeng sa Lipaki tse 150 tse lulang har’a baphaphathehi ba 30 000. Ho thabisang ke hore batho ba 591 ba ile ba e-ba teng kopanong ena, ho kopanyelletsa le batho ba 9 ba sa utloeng litsebeng ba ileng ba tolokeloa lenaneo ka puo ea matsoho. Ho ile ha kolobetsoa batho ba 12. Barab’abo rōna ba ile ba ananela haholo boiteko bo neng bo entsoe ba hore ba etsetsoe mokete oo oa moea.
“Lintho Tse Lakatsehang” li Etsa Liphetoho Tse Loketseng
Ha ho tšitiso e bonahalang e le khōlō haholo ho batho ba batlang khauta le litaemane. Leha ho le joalo, hoa khothatsa ho bona boiteko boo ba bacha ba bo etsang hore ba hlōle litšitiso tsohle e le hore ba sebeletse Jehova. Nahana ka phihlelo ea Zainab.
Ha Zainab a ne a le lilemo li 13, o ile a qobelloa hore e be lekhoba. O ile a tlosoa ha habo, naheng e ’ngoe ea Afrika Bophirimela ’me a isoa Guinea. Ha a le lilemo li 20, o ile a utloa molaetsa oa Bibele. O ne a chesehela ho sebelisa seo a neng a ithuta sona.
Zainab o ne a thatafalloa ke ho ea lipokanong tsa Bokreste tsa borapeli. Empa o ne a ananela liboka haholo ’me a ikemiselitse hore li se ke tsa mo feta. (Baheberu 10:24, 25) O ne a pata libuka tsa hae ka ntle e le hore a tle a li nke ha a se a ea libokeng. Ka makhetlo a ’maloa o ile a khakhathoa ke “beng” ba hae ka lebaka la ho ea lipokanong tsena tsa Bokreste.
Hamorao, maemo a ile a fetoha eaba Zainab o lokolloa bokhobeng. Kapele-pele o ile a qala ho ea libokeng tsohle, e leng ho ileng ha mo thusa hore a hatele pele ka potlako moeeng. O ile a hana mosebetsi o lefang haholo o neng o tla mo sitisa ho ea libokeng, moo a neng a tla fumana thuto ea Bokreste. O ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa ’Muso, ’me hamorao a bontša hore o inehetse ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing. Hang ka mor’a moo, o ile a nka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, o ile a kōpa hore e be mosebeletsi oa pula-maliboho oa kamehla.
Ka mor’a hore motho e mong ea thahasellang a tle libokeng ka makhetlo a ’maloa, o ile a re: “Ha ke utloe eka ke mofutsana ha ke le mona.” Le hoja batho ba bangata ba thahasella matlotlo a nama feela a naha ea Guinea, ba ratang Jehova ba chesehela ho batla matlotlo a moea. Ka sebele, kajeno “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li leba borapeling bo hloekileng ba Jehova!
[Lebokose le leqepheng la 8]
GUINEA - 2005
Tlhōrō ea palo ea Lipaki: 883
Lithuto tsa Bibele: 1 710
Palo ea ba bileng teng Sehopotsong: 3 255
[Limmapa tse leqepheng la 8]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GUINEA
Conakry
SIERRA LEONE
LIBERIA
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Albert le Luc
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Holo ea ’Muso Conakry
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ernestine
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Martin
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Zainab
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
USAID