Ho Haha ka Tsela ea Moea “Ntlong ea Lejoe”
Lebitso la naha ena ea Afrika le bolela “Ntlo ea Lejoe.” Ke naha e tsejoang haholo ka liphororo tsa Victoria le liphoofolo le limela tsa eona tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, e na le mehaho e meholo ka ho fetisisa ea boholo-holo e entsoeng ke batho, karolong e ka boroa ho lehoatata la Sahara. Naha eo e paroloa ka lehare ke sehlaba sa lejoe la morema-phofu. Boemo bo leka-lekaneng ba mohatsela le mocheso sehlabeng seo, bo etsa hore naha eo e be e behang le e tlokomang. Naha eo ke Zimbabwe, e nang le baahi ba ka bang limilione tse 12.
KE HOBANE’NG ha e bitsoa Ntlo ea Lejoe? Ke hobane ka 1867, setsomi seo e neng e bile e le mofuputsi, se bitsoang Adam Renders se ile sa fumana mehaho e meholo ea majoe e neng e le sebakeng se fetang lihekthere tse 720. O ne a ntse a tsamaea karolong eo ea Afrika, moo ka tloaelo matlo a teng a neng a hahoa ka makote le lithupa a bile a ruleloa ka joang. Eaba joale o fihla lithakong tsa majoe tsa motse o moholo, oo hona joale o bitsoang Zimbabwe e Khōlō.
Lithako tsena li karolong e ka boroa sebakeng seo hona joale se tsejoang e le Masvingo. Mabota a mang a phahame ka limithara tse 9, majoe a ’ona a morema-phofu a palamane holimo empa ha aa kenngoa seretse. Ka har’a lithako tseo, ho na le tora e motopo, e sa tloaelehang, e ka bang bolelele ba limithara tse 11, ’me botlaaseng e ka ba bophara ba limithara tse 6. Ho ntse ho sa tsejoe hore na morero oa sebele oa mohaho oo o moholo e ne e le ofe. Lithako tseo ke tsa khale koana lekholong la borobeli la lilemo C.E., empa ho na le bopaki ba hore batho ba ne ba lula sebakeng seo lilemo tse makholo pele ho moo.
Ka 1980, naha e neng e tsejoa e le Rhodesia, e ile ea fumana boipuso ho Brithani eaba e boela e rehoa Zimbabwe. Naheng ena ho na le merabe e ’meli e meholo—e leng oa Mashona, o nang le baahi ba bangata haholo le oa Mandebele. Batho ba teng ba rata baeti, joalokaha Lipaki Tsa Jehova li lemohile hangata ha li etsa mosebetsi oa tsona oa boevangeli ka ntlo le ntlo. Ka linako tse ling, esita le pele moeti a ipolela hore na ke mang, hang feela ha a kokota ho thoe, “Kena” ho be ho thoe “U ka lula fatše.” Batho ba bangata ba Zimbabwe ba hlompha Bibele haholo ’me hangata ba phehella hore ha ho buisanoa ka Bibele, bana ba bona ba lule fatše ba mamele.
Ho Fana ka Molaetsa o Khothatsang oa Matšeliso
Ha ho buuoa ka Zimbabwe litabeng, hangata mantsoe a ipetsang pele ke “AIDS” le “komello.” Ho ata ha AIDS ho amme ka ho teba lichaba le moruo oa linaha tse ka boroa ho Sahara. Naheng ena, batho ba bangata ba kena sepetlele ka lebaka la mafu a amanang le tšoaetso ea HIV. Lefu lena le senyelitse batho ba bangata bophelo ba lelapa.
E le hore Lipaki Tsa Jehova li thuse batho ba Zimbabwe, li phathahane ka ho phatlalatsa hore tsela e molemohali ea ho phela ke ea hore motho a tataisoe ke melao ea Molimo e ka Bibeleng. Ka mohlala, Lentsoe la Molimo le ruta hore ke batho ba nyalaneng feela ba ka kopanelang liphate, hore Molimo ha a lumelle bosodoma le hore molao oa Jehova o hanela ho tšeloa mali le ho sebelisa lithethefatsi bakeng sa ho ithabisa. (Liketso 15:28, 29; Baroma 1:24-27; 1 Bakorinthe 7:2-5; 2 Bakorinthe 7:1) Lipaki li boetse li hasa molaetsa oa tšepo ea sebele, o totobatsang hore haufinyane, ’Muso oa Molimo o tla felisa ho kula hohle.—Esaia 33:24.
Ho Fana ka Liphallelo
Lilemong tse fetileng tse leshome, komello e bakile mathata Zimbabwe. Liphoofolo tse hlaha li bolailoe ke tlala le lenyora. Ho shoele likhomo tse baloang ka likete tse makholo. Mello e sentse meru e meholo ea lifate tse etsang mapolanka. Bana ba bangata hammoho le batho ba hōlileng ba shoele ka lebaka la phepo e fosahetseng. Esita le metsi a Nōka e khōlō ea Zambezi a theohetse boemong bo ileng ba beha kotsing tšebetso ea ho fehla motlakase.
E le ha li thusetsa boemong boo bo sithabetsang, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa theha likomiti tse robeli tsa liphallelo likarolong tse sa tšoaneng tsa naha. Balebeli ba tsamaeang ba ile ba etela liphutheho ho hlahlobisisa se hlileng se hlokahalang. Boitsebiso boo bo ile ba fetisetsoa komiting e loketseng ea liphallelo. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tlaleha tjena: “Lilemong tse hlano tse fetileng, re abile poone e fetang lithane tse sekete, lithane tse leshome tsa tlhapi e omelelitsoeng le lithane tse leshome tsa linaoa tse sootho. Barab’abo rōna ba moea ba ile ba lokisetsa hore ho be le lithane tse peli tsa mufushwa [moroho o omelelitsoeng]. Re ile ra boela ra aba liphahlo tse ngata tseo batho ba neng ba fane ka tsona hammoho le chelete e neng e hlokeha.” Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a re: “Ha ke nahana ka mathata ao re bileng le ’ona ha re ne re batla tumello e neng e hlokoa ke Zimbabwe le Afrika Boroa hore re kenye thepa eo, hape ke nahana ka khaello e lulang e le teng ea mafura [a likoloi] a hlokehang hore liphallelo tsena li isoe moo li hlokahalang haholo, qeto eo ke e etsang ke hore katleho eo re bileng le eona ke bopaki bo eketsehileng ba seo Jesu a ileng a se tiisa ha a ne a re Ntate oa rōna oa leholimo oa tseba hore re hloka lintho tsena tsohle.”—Matheu 6:32.
Balebeli ba tsamaeang bona ba khona joang ha ba sebetsa libakeng tse otliloeng ke komello? Ba bang ba itlela le lijo ba be ba fe le malapa ao ba fihletseng ho ’ona. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a tlaleha hore barali ba bang babo rōna ba Bakreste ba ne ba ipotsa hore na ba tlohele ho ea tšimong letsatsing leo e le hore ba ka kena moleng oa batho ba emetseng liphallelo tsa ’muso kapa che. Ba ile ba etsa qeto ea ho tšepa Jehova ka ho tsepamisa maikutlo mosebetsing oa boboleli le ho bona hore na mathata ao a ne a tla raroloha joang. Liphallelo tsa ’muso ha lia ka tsa fihla letsatsing leo.
Letsatsing le latelang ho ne ho lokela hore ho tšoaroe seboka sa Bokreste, ’me barali bana babo rōna ba ne ba lokela ho etsa qeto hape. Na ba ne ba tla ea sebokeng, kapa na ba ne ba tla il’o emela liphallelo? Ba ile ba etelletsa pele lintho tsa bohlokoa ’me ba ea sebokeng Holong ea ’Muso. (Matheu 6:33) Ha ho ntse ho binoa pina ea ho qetela sebokeng, ba ile ba utloa teraka e atamelang. Liphallelo li ne li tlile hona moo ka tokisetso ea barab’abo tsona ba moea ba komiti ea liphallelo! Thabo le teboho ea Lipaki tse tšepahalang tse neng li tlile sebokeng e ile ea e-ba e khaphatsehang.
Lerato Lea Haha
Ho bontša liketso tsa mosa ho batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste ho butse menyetla ea ho fana ka bopaki bo botle. Molebeli ea tsamaeang tikolohong ea Masvingo, o ne a ntse a etsa mosebetsi oa boevangeli le Lipaki tsa moo. O ile a bona ngoanana e mong a tjapaletse pel’a tsela. Lipaki li ile tsa lemoha hore o ne a kula haholo, kaha o ne a sitoa ho bua hantle a bile a thothomela lentsoe. Lebitso la ngoanana eo e ne e le Hamunyari, ’me ka Seshona le bolela hore, “Na ha le Soabe?” Barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore o ne a lahliloe ke litho tsa kereke ea habo tse neng li e-ea tšebeletsong ea kereke ka lithabeng. Ka lerato, Lipaki li ile tsa thusa ngoanana eo, tsa mo isa motseng o haufi.
Motseng oo, batho ba bang ba ne ba tseba Hamunyari, kahoo ba ile ba kōpa beng ka eena hore ba tl’o mo lata. Ha e le ka Lipaki, batho ba motseng oo ba ile ba re: “Bona ke bolumeli ba ’nete. Lena ke lerato leo Bakreste ba lokelang ho le bontša.” (Johanne 13:35) Pele barab’abo rōna ba tsamaea, ba ile ba fa Hamunyari pampitšana e reng Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele?a
Beke e latelang, molebeli ea tsamaeang o ne a le phuthehong ea moo Hamunyari a lulang teng. Molebeli eo o ile a batla ho tseba hore na ebe Hamunyari o ile a fihla hantle lapeng. Ba lelapa labo Hamunyari ba ne ba thabile haholo ha ba mo bona a e-na le barab’abo rōna ba sebakeng seo. Batsoali ba hae ba ile ba re: “Ruri bolumeli ba lōna ke ba ’nete. Le ile la pholosa bophelo ba morali’a rōna, ea neng a tlohetsoe hore a shoelle tseleng.” Ba ne ba ile ba botsa litho tsa kereke ea Hamunyari ba re: “Joalokaha lebitso la Hamunyari le bolela, na ha lea ka la soaba hore ebe le mo siile moo hore a shoelle teng?” Lipaki li ile tsa qala ho buisana le bona ka Bibele ’me tsa siela ba lelapa labo Hamunyari lingoliloeng tse buang ka Bibele, ’me ba kōpa barab’abo rōna hore ba khutle ba tl’o ba ruta Bibele. Litho tse ling tsa lelapa tse neng li hanyetsa Lipaki li ile tsa fetola maikutlo a tsona. E mong oa tsona, e leng monna oa ausi oa Hamunyari, e ne e le moeta-pele kerekeng e ’ngoe ea sebakeng seo. O ile a amohela thuto ea Bibele.
Ho Haha Matlo a Borapeli
Seroki sa khale se bululetsoeng se ile sa ngola sa re: “Molimo, . . . moea oa ka o u nyoretsoe. . . . Naheng e omeletseng le e phophothehileng, moo ho se nang metsi.” (Pesaleme ea 63:1) Ka sebele ho bile joalo ho batho ba bangata ba Zimbabwe! Nameng, ba mamella komello, empa moeeng ba nyoreloa Molimo le molemo oa hae. U ka bona sena ha u sheba liphello tsa tšebeletso ea Bokreste ea Lipaki Tsa Jehova. Ha Zimbabwe e ne e fumana boipuso ka 1980, Lipaki tse ka bang 10 000 li ne li sebeletsa liphuthehong tse 476. Hona joale, ka mor’a lilemo tse ka bang 27, palo ea Lipaki tse mafolofolo e eketsehile hararo ’me palo ea liphutheho e batla e eketsehile habeli.
Ke liphutheho tse fokolang ho tsena tse neng li e-na le libaka tsa tsona tsa borapeli. Ka January 2001, e ne e le liphutheho tse 98 feela har’a tse fetang 800 Zimbabwe tse neng li e-na le ntlo ea borapeli—e leng Holo ea ’Muso—moo li neng li kopanela teng. Liphutheho tse ngata li ne li tšoarela liboka tsa tsona tlas’a lifate kapa ka matlong a boemo bo tlaase a entsoeng ka lipalo, a litsoeng ka mobu maboteng ’me a ruletsoe ka joang.
Kaha barab’abo tsona ba Bakreste lefatšeng ka bophara ba ile ba fana ka menehelo ka seatla se bulehileng ba ba ba ithaopela ho sebetsa ka mafolofolo, Lipaki tsa Zimbabwe li ile tsa qala lenaneo le nolofaletsang liphutheho tse ngata ho ikahela Liholo Tsa ’Muso tsa boemo bo tlaase empa e le tse hlomphehang. Lipaki tse ngata tse tsoang mose ho maoatle tse nang le litsebo tsa ho haha, li ile tsa lokisetsa ho ea Zimbabwe le ho ea sebetsa ’moho le baithaopi ba teng. Paki e ’ngoe ea moo e ile ea ngola ea re: “Ruri re leboha bara le barali bohle babo rōna ba tsoang linaheng tse ngata hakana ba tlileng Zimbabwe ho tla re thusa ho haha Liholo Tsa ’Muso tse ntle. Re bile re leboha le lōna bohle ka menehelo ea lōna e eang Letlōleng la Liholo Tsa ’Muso, leo ka lona re khonang ho etsa mosebetsi ona.”
Ka lilemo tse 50, barab’abo rōna ba ne ba kopanela tlas’a sefate se seholo sa baobab karolong e ka bochabela ea naha. Ha baholo ba Bakreste ba ne ba bolelloa hore ho tlil’o hahuoa ntlo ea sebele ea borapeli, e mong oa bona ha aa ka a khona ho ithiba likhapha. Phuthehong e haufi le eo, moholo e mong ea lilemo li 91 o ile a re: “Khale ke llela Jehova hore sena se etsahale!”
Batho ba bangata ba bolela kamoo mehaho ena e metle e hahoang ka potlako kateng. Moshebelli e mong o ile a re: “Lōna le haha motšehare, empa e tlameha ebe Molimo eena o haha bosiu!” Se hlokomelehang hape ke bonngoe le thabo e teng har’a basebetsi. Ho fihlela joale, ho se ho hahiloe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse fetang 350 naheng ka bophara. Sena se nolofalletsa liphutheho tse 534 hore li kopanele ka Liholong Tsa ’Muso tse hahiloeng ka litene.
Kaho ea bohlokoa ka tsela ea moea e ntse e tsoela pele Zimbabwe. Ha re nahanisisa ka se finyeletsoeng, re susumelletseha hore re rorise Jehova, eo litlhohonolofatso tse joalo li tsoang ho eena. Ka sebele, “ntle le haeba Jehova a haha ntlo, ke ha lefeela lihahi tsa eona li sebelitseng ka thata ho eona.”—Pesaleme ea 127:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Limmapa tse leqepheng la 9]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
ZIMBABWE
Harare
Masvingo
Zimbabwe e Khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Tora e motopo
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Holo ea ’Muso e ncha, Phutheho ea Concession
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Litho tsa Phutheho ea Lyndale ka ntle ho Holo ea tsona e ncha ea ’Muso
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 9]
Ruins with steps: ©Chris van der Merwe/AAI Fotostock/age fotostock; tower inset: ©Ingrid van den Berg/AAI Fotostock/age fotostock