Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 6/15 maq. 12-14
  • Ernst Glück o Etsa Mosebetsi oa Motonanahali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ernst Glück o Etsa Mosebetsi oa Motonanahali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lokisetsa Phetolelo
  • Lilemo Tsa ho Sebetsa, Lilemo Tsa ho Leta
  • Mosebetsi oo a Ileng a o Etsa Qetellong
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Jehova o Buisana le Batho le Mangeloi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • “New World Translation”
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 6/15 maq. 12-14

Ernst Glück o Etsa Mosebetsi oa Motonanahali

LILEMONG tse fetang 300 tse fetileng, Ernst Glück o ile a etsa mosebetsi oo e bileng batho ba seng bakae feela historing ba bileng le sebete sa ho o qalisa. O ile a ikemisetsa ho fetolela Bibele ka puo eo a neng a sa e tsebe.

Glück o hlahetse Jeremane, motseng oa Wettin o pel’a Halle, hoo e ka bang ka 1654. Ntat’ae e ne e le moruti oa Lutere, ’me moea oa bolumeli o neng o rena ka lapeng o ile oa etsa hore Ernst a thahaselle bolumeli a sa le monyenyane. Ha a le lilemo li 21, o ile a qeta lithuto tsa hae sekolong sa bolumeli Jeremane eaba o fallela moo hona joale ho thoeng ke Latvia. Ka nako eo, boholo ba batho ba moo ba ne ba sa kena sekolo, ’me ho ne ho e-na le libuka tse seng kae tsa puo eo. Glück o ile a ngola a re: “Ha ke fihla naheng ena ke sa le mocha, bothata ba pele boo ke ileng ka bo bona ke hore kereke ea Latvia e ne e se na Bibele . . . Sena se ile sa ntšusumelletsa hore ke ikemisetse ka pel’a Molimo hore ke tla ithuta puo ena ’me ke e tsebe ka botlalo.” O ne a ikemiselitse ho fa batho ba Latvia Bibele ka puo ea bona.

Ho Lokisetsa Phetolelo

Glück o ile a lula sebakeng se neng se tsejoa e le Livonia nakong eo ’me se ne se busoa ke Sweden. Moemeli oa morena oa Sweden sebakeng seo e ne e le Johannes Fischer. O ne a thahasella ho phahamisa boemo ba thuto ka har’a naha le ho etsa chelete. Glück o ile a bua le Fischer ka ho fetolela Bibele ka Selatvia. Fischer o ne a e-na le mochine oa khatiso motse-moholo Riga. Ho hatisa Bibele ea Selatvia ho ne ho ka mo thusa hore a ntšetse pele mosebetsi oa hae oa thuto, ’me ka nako e tšoanang a lebeletse ho fumana bokhothokhotho ba chelete. Fischer o ile a kōpa Morena Charles XI oa Sweden hore a mo fe tumello ea ho fetolela Bibele eo. Morena o ile a mo lumella ho qala mosebetsi oo a ba a mo tšepisa ho o tšehetsa ka lichelete. Qetong ea borena ea la 31 August, 1681, ho ne ho fanoe ka tumello ea ho qalisa mosebetsi oa ho fetolela.

Khabareng, Glück o ne a ntse a itokisetsa mosebetsi ona. Kaha o ne a tseba Sejeremane, a ka be a sebelisitse phetolelo ea Martin Luther e le motheo oa Bibele ea Selatvia. Empa Glück o ne a batla ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho phetolelong eo a ntan’o etsa qeto ea hore ho hlokahala a fetolele a sebelisa Seheberu le Segerike sa pele. Kaha Glück o ne a sa tsebe lipuo tsa Bibele hakaalo, o ile a ea Hamburg, Jeremane, ho ea ithuta Seheberu le Segerike. Ho ka etsahala hore ha a le moo, moruti ea tsoang Livonia ea bitsoang Jānis Reiters o ile a mo thusa ka puo ea Selatvia hammoho le ka Segerike se sebelisitsoeng ha ho ngoloa Bibele.

Lilemo Tsa ho Sebetsa, Lilemo Tsa ho Leta

Ha Glück a qeta ho ithuta lipuo tsena ka 1680, o ile a khutlela Latvia eaba o qala mosebetsi oa boruti. Kapele o ile a qala mosebetsi oa hae oa phetolelo. Ka 1683, Glück o ile a khetheloa mosebetsi o mocha oa ho ba moruti oa pharishe e khōlō ea Alūksne e ileng ea tsejoa e le sebaka seo a ileng a etsetsa mosebetsi oa phetolelo ho sona.

Ka nako eo, Selatvia se ne se se na mantsoe le mehopolo e mengata e ka Bibeleng. Kahoo, Glück o ile a sebelisa mantsoe a mang a Sejeremane phetolelong ea hae. Empa o ile a etsa sohle se matleng a hae hore a fetolele Lentsoe la Molimo ka Selatvia, ’me litsebi lia lumellana hore phetolelo ea hae ke ea boleng bo phahameng. Glück o ile a ba a qapa mantsoe a macha, ’me hona joale mantsoe a mangata ao a a qapileng a sebelisoa haholo puong ea Selatvia. ’Ona a akarelletsa mantsoe a Selatvia a bolelang “mohlala,” “mokete,” “senatla,” “ho hloela” le “ho paka.”

Johannes Fischer o ne a ntse a tsebisa morena oa Sweden hore na mosebetsi oa phetolelo o tsoela pele joang, ’me mangolo a bona a bontša hore ka 1683, Glück o ne a se a fetoletse Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka lilemo tse robeli feela, ka 1689 o ne a se a qetile mosebetsi oa hae oa motonanahali oa ho fetolela Bibele eohle.a Bibele ena e ile ea nka nako e telele pele e hatisoa, empa ka 1694 o ile a fihlela sepheo sa hae—’muso o ile oa fana ka tumello ea hore Bibele ea Selatvia e ka abeloa sechaba.

Bo-rahistori ba bang ha ba kholoe hore Bibele ena e fetoletsoe ke Glück a le mong. Ha ho potang hore o ile a sheba phetolelo ea Luther eaba o sebelisa likarolo tsa Bibele ea Selatvia tse neng li se li le teng le hoja a ile a etsa liphetoho mona le mane. Empa likarolo tsena li ’maloa haholo phetolelong ea hae. Na ho ne ho e-na le bafetoleli ba bang ba neng ba sebetsa le eena? Glück o ne a e-na le mothusi ha a ntse a fetolela, ’me batho ba bang ba ne ba mo thusa ho bala phetolelo ea hae le ho hlahloba boleng ba eona. Leha ho le joalo, ho bonahala eka thuso ea bona e ne e sa akarelletse mosebetsi oa ho fetolela ka booona. Kahoo, ho hlakile hore Glück o e fetoletse a le mong.

Phetolelo ea Glück e phethile karolo e khōlō ho ntlafatseng puo ea Selatvia e ngoloang, empa e bile le phello e ’ngoe ea bohlokoahali. Qetellong, batho ba Latvia ba ne ba ka bala Lentsoe la Molimo ka puo ea habo bona ’me ba ithuta lithuto tsa lona tse fanang ka bophelo. Ha ba e-s’o lebale seo Ernst Glück a ba etselitseng sona. E se e le lilemo tse fetang 300 batho ba Alūksne ba hlokomela lifate tse peli tsa eike tse bitsoang Glika ozoli, kapa lieike tsa Glück. Glück o ile a lema lifate tsena e le sehopotso sa Bibele ea Selatvia. Alūksne ho na le setsi se senyenyane sa pokello ea lintho tsa bohlokoa se nang le liphetolelo tse ’maloa tsa Bibele, har’a tsona ho na le khatiso ea pele ea phetolelo ea Glück. ’Me letšoao la motse oa Alūksne le bontša Bibele eo le selemo sa 1689 seo Glück a ileng a e phetha ka sona.

Mosebetsi oo a Ileng a o Etsa Qetellong

Kapele ka mor’a ho fihla Latvia, Glück o ile a qala ho ithuta Serussia. Ka 1699 o ile a ngola hore o ne a le mothating oa ho finyella sepheo se seng sa hae—sa ho fetolela Bibele ka puo eo. Lengolong le ngotsoeng ka 1702, o ile a ngola hore o qalile ho nchafatsa Bibele ea Selatvia. Ho ne ho ntse ho e-ba thata ho fetolela Bibele ntle ho tšitiso. Ka mor’a lilemo tse ngata tsa khotso, ntoa e ile ea kupa Latvia. Ka 1702 masole a Russia a ile a hlōla a Sweden eaba a laola Alūksne. Glück le ba lelapa la hae ba ile ba lelekeloa Russia.b Mehleng eo e moferefere, Glück o ile a lahleheloa ke litokomane tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele ea Selatvia le phetolelo ea hae ea Serussia. O ile a hlokahalla Moscow ka 1705.

Ho nyamela ha liphetolelo tseo tsa morao tsa Selatvia le tsa Serussia e bile tahlehelo e khōlō. Empa ho tla fihlela le kajeno lena, bohle ba balang Bibele ea Selatvia ba rua molemo phetolelong ea pele ea Glück.

Ernst Glück e mpa e le e mong oa batho ba bangata ba ileng ba etsa mosebetsi oa motonanahali oa ho fetolela Bibele ka lipuo tse buuoang ke batho ba tloaelehileng. Ka lebaka leo, hoo e ka bang batho ba lipuo tsohle lefatšeng ba ka bala Lentsoe la Molimo ’me ba ka ithuta ’nete ea lona ea bohlokoa joaloka metsi. Ka sebele, Jehova o ntse a itsebahatsa ho batho hohle a sebelisa liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse fetang 2 000.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha ho bapisoa, litsebi tse 47 li ile tsa nka lilemo tse supileng hore li phethe Authorized Version, kapa King James Version ea Senyesemane ka 1611.

b Ngoanana eo Glück a ileng a mo hōlisa o ne a ntse a phela ’me a nyaloa ke Morena Peter e Moholo oa Russia. Ka 1725, e leng selemong seo Peter a shoeleng ka sona, e ile ea e-ba Catherine I, moemphera oa mosali oa Russia.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Phetolelo ea Glück

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Lipaki Tsa Jehova li ruta batho Bibele motseng oo Glück a e fetoletseng a le ho oona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela