Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 3/15 maq. 16-18
  • Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lithabeng Tsa Andes

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lithabeng Tsa Andes
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Ho Fihla Moo
  • “Ke’ng ha le sa ka la Tla Khale?”
  • “Ha Lea ka la Ntebala”
  • Ho Khutlela Hae
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 3/15 maq. 16-18

Ho Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Lithabeng Tsa Andes

RE NE re le batho ba 18 kaofela ’me re ne re robetse fatše. Ha re ntse re qhaqhasela ka har’a mekotlana ea rōna ea ho robala, re ne re mametse pula e nang ka matla e ntseng e tšoloha holim’a marulelo a masenke. Ha re sheba maemo a ntlonyana ena e nyenyane, re ne re ipotsa hore na ebe ke rōna batho ba pele ka har’a eona.

Ebe batho ba 18 ba ne ba etetse sebakeng see ka lebaka lefe? Re ne re susumelitsoe ke takatso ea ho phetha taelo ea Jesu ea hore ho boleloe litaba tse molemo “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8; Mat. 24:14) Re ne re il’o bolela litaba tse molemo sebakeng se thōko Lithabeng Tsa Andes, Bolivia.

Ho Fihla Moo

Bothata ba pele e ne e le ho ea fihla moo. Re ile ra bolelloa hore lipalangoang tsa sechaba tse eang libakeng tseo tse thōko ha lia beheloa nako ea ho tsamaea. Ha bese ea rōna e fihla, re ile ra hlokomela hore e ne e le nyenyane ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng, kahoo, ba bang ba rōna ha baa ka ba fumana litulo. Empa qetellong kaofela ha rōna re ile ra fihla moo re neng re e-ea teng.

Pakane ea rōna e ne e le ho ea fihla metseng e holimo Lithabeng Tsa Andes, Bolivia. Kahoo, ha re theoha beseng re jareletse mefaho, re ile ra tsamaea ka hloko re salane morao litseleng tse methipoloheng ea lithaba.

Le hoja ho ne ho bonahala eka metse e menyenyane, matlo a ne a qalikane haholo, kahoo re ne re nka lihora tse ngata motseng o mong le o mong. Ho sa tsotellehe hore na re ne re tsamaela hōle hakae, nako le nako ho ne ho ntse ho e-na le ntlo e tsoileng tjaronyana. Hangata re ne re lahleha ka har’a moferefere oa litsela tse matsoelintsoeke tse tsamaeang har’a masimo.

“Ke’ng ha le sa ka la Tla Khale?”

Mosali e mong o ile a thabela hore ebe re tlile hōle hakaalo hoo a ileng a re fa patsi ea hae hore re phehe lijo tsa motšehare ka kichineng ea hae. Ha monna e mong a bolelloa hore na Bibele e ruta’ng ka hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa, o ile a botsa, “Ke’ng ha le sa ka la tla khale?” O ile a thaba hoo ha re tloha motseng oa habo, a ileng a re felehetsa hore a ’ne a botse lipotso tse ling tseleng. Monna e mong eena o ne a e-s’o ka a utloela ka Lipaki Tsa Jehova ’me o ile a thabela lingoliloeng tsa rōna haholo. O ile a re leboha haholo ka hore ebe re ile ra tla a ba a re fa senotlolo sa setoro seo re neng re ka robala ho sona bosiung boo.

Bosiung bo bong ho ne ho le lefifi hoo ka phoso re ileng ra hloma litente tsa rōna har’a litšutšulupa. Li ile tsa potlakela ho bontša bohale ba tsona ka ho re loma. Re ne re khathetse hoo re neng re sitoa ho tloha, ’me ka lehlohonolo ho e-so ee kae likokoanyana tsena li ile tsa re hlokomoloha.

Qalong re ne re opeloa ke mekokotlo le likhopo ka lebaka la ho robala fatše, empa bosiu ’mele ea rōna e ile ea qetella e tloaetse. Hoseng mahlaba ’ohle a ile a fola ha re sheba maru a leka-lekang likhohlong tse ntle le litlhōrō tsa lithaba tse roetseng lehloa hōjana. Khutso eo e ne e senngoa feela ke molatsoana o phoroselang le ’mino oa linonyana.

Ha re qeta ho itlhatsoa ka molatsoaneng, re ile ra bala temana ea Bibele hammoho, ra ja lijo tsa hoseng eaba re hloa thaba butle-butle ho ea metseng e meng e hōle. Re ne re sa hloa moepa oo mahala. Re ile ra kopana le mosali-moholo e mong ea ileng a lla ha a bolelloa hore lebitso la Molimo, e leng Jehova, le teng ka Bibeleng. O ile a thaba haholo. Joale, o ne a ka bitsa Molimo ka lebitso ha a rapela!

Monna-moholo e mong o ile a bolela hore e tlameha ebe Molimo o mo hopotse, eaba o tsanyaola pina e reng re rometsoe ke mangeloi. Monna e mong, ea neng a kula hoo a sitoang ho tsoa ka tlung, o ile a re bolella hore ha ho motho oa motseng oa habo ea keng a ikhathatse ho mo etela. O ne a maketse hore re ne re tlile moo re tsoa hōle La Paz. Monna e mong hape o ile a khahloa haholo ke hore ebe Lipaki Tsa Jehova li etela batho malapeng a bona, empa malumeli a mang ’ona a ba bitsa feela ka tšepe ea kereke.

Ha ho na ntlo e nang le motlakase sebakeng seo, kahoo batho ba robala le likhoho ’me ba tsoha ha mafube a hlaha. Kahoo, e le hore re fumane batho malapeng, re ne re tlameha ho qala boboleli ka hora ea botšelela hoseng. Ho seng joalo, batho ba bangata ba ne ba tla be ba se ba ile masimong. Hamorao, ba bang ba neng ba se ba ntse ba le masimong ba ne ba utloisisa hore ba eme ebe ba mamela molaetsa oa rōna o tsoang Lentsoeng la Molimo, mohlomong ba phomotsa pholo e ntseng e lema. Batho ba bangata ba neng ba fumanoa malapeng ba ne ba re alla liphate tsa linku ebe ba bitsa lelapa kaofela hore le tl’o mamela. Lihoai tse ling li ne li re fa monehelo oa mekotla e meholo ea poone ho leboha lingoliloeng tsa Bibele tseo re neng re li siela tsona.

“Ha Lea ka la Ntebala”

Ha e le hantle, e le hore batho ba hatele pele tsebong ea Bibele, ba lokela ho eteloa ka makhetlo. Ba bangata ba ile ba re kōpa ka tieo hore re khutle re tl’o ba ruta hape. Ka lebaka lena, re etetse karolong ena ea Bolivia ka makhetlo a mangata.

Leetong le leng hamorao, mosali-moholo e mong o ile a thabela hore ebe re khutlile, eaba o re: “Ekare le bana ba ka. Ha lea ka la ntebala.” Monna e mong o ile a re leboha ka mosebetsi oa rōna eaba o re kōpa hore re tl’o lula ha hae mohla re tlang hape. Mohlomong moputso o moholohali oa boiteko ba rōna e bile ho utloa hore mosali e mong eo re ileng ra bua le eena leetong le leng la rōna o se a lula motseng o moholo le hore o se a bolela litaba tse molemo.

Letsatsing la ho qetela la leeto la rōna la pele, re ile ra felloa ke parafine bakeng sa praema-setofo ea rōna ’me lijo tsa rōna li ne li se li le haufi le ho fela. Re ile ra roalla patsi e lekaneng hore re bese mollo, re phehe lijo tsa ho qetela tseo re neng re e-na le tsona, ebe re kena tseleng ea ho khutlela morao ka maoto. Re ne re le hōle le toropo eo re ka palamelang bese ho eona. Qetellong, re ile ra fihla ka mafifi.

Ho Khutlela Hae

Leeto la ho khutlela hae le ile la e-ba le mathata a lona hobane bese e ile ea robeha. Qetellong, re ile ra khona ho palama ka morao terakeng e neng e pepeteha ke batho. Sena se ile sa re fa monyetla oa ho pakela batho bao re neng re palame le bona ba neng ba thahasella ho tseba hore na re ne re tletse’ng moo. Le hoja batho ba moo ba le lihlong ka tlhaho, ka kakaretso ke batho ba thabileng ba bileng ba leng botsoalle.

Ka mor’a ho palama terakeng eo ka lihora tse robong, re ile ra fihla hae—re kolobile re bile re hatsetse haholo. Empa re ne re sa tsamaela lelea. Ha re le tseleng re ile ra khona ho lokisetsa ho ba le thuto ea Bibele le mosali e mong ea lulang toropong.

Ka sebele e ile ea e-ba tokelo ho bolella batho ba libaka tseo tse thōko litaba tse molemo. Re ne re li boletse metseng e mene le metsaneng e mengata. Re ile ra nahana ka mantsoe ana: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko.”—Esa. 52:7; Bar. 10:15.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Re mothating oa ho ea bolela litaba tse molemo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela