Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 5/1 maq. 2-3
  • Na re Lokela ho Lumela Seo re se Bonang Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Lokela ho Lumela Seo re se Bonang Feela?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšobotsi Tsa Molimo Lia Bonahala
  • Re ka Talima ho Mang Bakeng sa Toka ea ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 1: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Molimo?
    Bacha Baa Botsa
  • Nka Buella Seo ke se Lumelang ka Pōpo Joang?
    Tsoha!—2006
  • “Litšobotsi Tsa Hae Tse sa Bonahaleng li Bonoa ka ho Hlaka”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 5/1 maq. 2-3

Na re Lokela ho Lumela Seo re se Bonang Feela?

“Motho ea belaellang boteng ba Molimo o nahana hore ho ke ke ha khoneha ho tseba ’nete ka Molimo le bophelo ba nako e tlang, e leng lintho tseo Bokreste le malumeli a mang a amehileng ka tsona. Kapa, haeba ho na le mohla ho tla khoneha, bonyane hona joale ho ke ke ha khoneha.”—RAFILOSOFI EA BITSOANG BERTRAND RUSSELL, 1953.

MONNA ea ileng a hlalosa khopolo ena e ne e le setsebi sa bophelo ba liphoofolo se bitsoang Thomas Huxley. Huxley o hlahile ka 1825, ’me o phetse mehleng ea Charles Darwin, ’me ke motšehetsi oa khopolo ea ho iphetola ha lintho. Ka 1863, Huxley o ile a re ha a bone bopaki ba hore ho na le Molimo ea “re ratang le ea re tsotellang joalokaha Bokreste bo bolela.”

Kajeno batho ba bangata ba lumellana le maikutlo a banna bao ba tummeng, ba re ba lumela seo ba se bonang feela. Ba ka ’na ba bolela hore ke booatla ho lumela mothong kapa nthong eo ho se nang bopaki ba hore e teng.

Na Bibele e hloka hore re lumele ho Molimo ka hlooho e ntšo? Ha ho joalo ho hang. Bibele e bontša hore ho lumela lipolelo tse se nang bopaki ke bothoto. “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.”—Liproverbia 14:15.

Joale, ho thoe’ng ka ho lumela ho Molimo? Na ehlile ho na le bopaki ba hore Molimo o teng, re se re sa re letho ka hore na oa re rata ebile oa re tsotella?

Litšobotsi Tsa Molimo Lia Bonahala

Ha Mongoli oa Bibele, Pauluse a bua le sehlopha sa barutehi ba Athene, o ile a re Molimo ‘o entse lefatše le lintho tsohle tse ho lona.’ Pauluse o ile a bolella bamameli ba hae ba lekhonono hore Molimo o thahasella moloko oa batho le hore, ha e le hantle ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:24-27.

Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a kholisehile hore Molimo o teng le hore o thahasella batho bao A ba bōpileng? Pauluse o boletse lebaka le leng ha a ne a ngolla Bakreste-’moho le eena motseng oa Roma. O ile a re ka Molimo: “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.”—Baroma 1:20.

Lihloohong tse latelang ho tšohloa litšobotsi tse tharo tsa Molimo tse bonoang ka ho hlaka linthong tseo a li bōpileng. Ha u ntse u hlahloba mehlala ena, ipotse, ‘Ho ithuta litšobotsi tsee tsa Molimo ho nkama joang?’

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Bibele ha e hloke hore re lumele ho Molimo ka hlooho e ntšo

[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 2]

COVER: Beetle: Entom Pictures/​Paul Eekhoff; page 32: Earth: Based on NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela