Lethathamo la Tse ka Hare
November 15, 2011
Khatiso e Ithutoang
SEHLOOHO SE ITHUTOANG BEKENG EA:
La 26 December, 2011–la 1 January, 2012
“U se ke Ua Itšetleha ka Kutloisiso ea Hao”
LEQEPHENG LA 6
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 133, 23
La 2-8 January, 2012
Tsamaea Tumellanong le Moea e le Hore U Fumane Bophelo le Khotso
LEQEPHENG LA 10
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 83, 120
La 9-15 January, 2012
“Baahi ba Nakoana” Lefatšeng le Khopo
LEQEPHENG LA 16
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 40, 85
La 16-22 January, 2012
Thusang Banna ho Tsoela Pele Moeeng
LEQEPHENG LA 24
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 123, 95
La 23-29 January, 2012
Koetlisang ba Bang Hore ba Hahamalle Boikarabelo
LEQEPHENG LA 28
LIPINA TSE LOKELANG HO BINOA: 45, 10
Morero oa Lihlooho Tse Ithutoang
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 1 LEQEPHENG LA 6-10
Na u rua molemo ka botlalo tokisetsong ea Molimo ea thapelo? Ithute kamoo thapelo e ka u thusang kateng ha u thulana le maemo a sithabetsang, ha u etsa liqeto tsa bohlokoa kapa u loantša liteko.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 2 LEQEPHENG LA 10-14
Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Roma hore na ba behe likelello tsa bona ho eng e le hore ba ka fumana bophelo le khotso. Ithute kamoo u ka ruang molemo kateng keletsong eo a ileng a ba fa eona.
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 3 LEQEPHENG LA 16-20
Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong sena, banna ba tšepahalang ba boholo-holo ba ile ba lula e le “baahi ba nakoana.” Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ile ba lula e le baahi ba nakoana. Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete kajeno? Ithute hore na hore motho a lule e le moahi oa nakoana lefatšeng lena le khopo ho bolela’ng.
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG 4, 5 LEQEPHENG LA 24-32
Ho hlokahala banna ba ka etellang pele linthong tsa moea. Jesu o ile a thusa banna ba bangata hore ba amohele litaba tse molemo ba be ba tšoanelehele ho jara boikarabelo ka phuthehong. Ha re ithuta mekhoa eo a ileng a e sebelisa, re tla tseba hore na re ka thusa banna bao re kopanang le bona tšebeletsong ea boboleli le banna ba kolobelitsoeng ba ka phuthehong joang hore ba hahamalle boikarabelo mokhatlong oa Jehova.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
3 Jehu o Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Cheseho
15 “Hona Joale ke Holofetse Empa e ke ke ea E-ba ka ho sa Feleng!”
21 Lipotso Tse Tsoang ho Babali
22 Na U Thabela “Tokelo ea ho Fana ka Mosa”?