Lethathamo la Tse ka Hare
November 15, 2012
© 2012 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. All rights reserved.
Khatiso e Ithutoang
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
LA 24-30 DECEMBER, 2012
LEQEPHENG LA 3 • LIPINA: 69, 120
LA 31 DECEMBER, 2012–LA 6 JANUARY, 2013
Jesu o re Behetse Mohlala oa Boikokobetso
LEQEPHENG LA 10 • LIPINA: 84, 82
LA 7-13 JANUARY, 2013
Loanela ho Itšoara Joaloka e Monyenyane
LEQEPHENG LA 15 • LIPINA: 26, 68
LA 14-20 JANUARY, 2013
Tšoarelo ea Jehova e U Tsoela Molemo Joang?
LEQEPHENG LA 21 • LIPINA: 67, 91
LA 21-27 JANUARY, 2013
LEQEPHENG LA 26 • LIPINA: 77, 118
MORERO OA LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
SEHLOOHO SE ITHUTOANG 1 LEQEPHENG LA 3-7
Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ne a hlompha lebitso la Jehova le morero oa Hae haholo. O ne a boetse a ithutile melao-motheo e Molaong oa Molimo ’me joalokaha sehlooho sena se bontša, o ile a kōpa hore Jehova a mo rute ho etsa thato ea Hae. Sehlooho sena se boetse se re thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho talima lintho ka tsela eo Jehova a li talimang ka eona ka linako tsohle.
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG 2, 3 LEQEPHENG LA 10-19
Kaha balateli ba Jesu ke Bakreste ba ’nete, baa hlokomela hore ba lokela ho ikokobetsa. Sehloohong sa pele ho tla tšohloa mohlala oa boikokobetso oo Jesu a ileng a re behela oona e le hore re latele mehato ea hae haufi-ufi. Sehlooho sa bobeli se bontša kamoo re ka loanelang ho itšoara joaloka ea tlaase le kamoo re ka bonahatsang tšobotsi eo bophelong ba rōna kateng.
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG 4, 5 LEQEPHENG LA 21-30
Lihlooho tsena li tla re thusa hore re hlokomele hore Jehova o ikemiselitse ho re tšoarela esita le libe tse tebileng haholo. Ka linako tse ling maemo a ka ’na a etsa hore re thatafalloe ho ikemisetsa ho tšoarela batho ba bang. Leha ho le joalo, melao-motheo ea Mangolo e ka re thusa hore re ikemisetse ho ba tšoarela.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
8 Botlallo ba Bona bo Koala Khaello
20 Lipotso Tse Tsoang ho Babali
SEKOAHELONG: Ho bolela litaba tse molemo torotsoaneng ea mahaeng ea Albarracín, e karolong e bohareng ea Spain. Tšimo ea Phutheho ea Teruel e nang le bahoeletsi ba 78, e akarelletsa Albarracín le litoropo tse ling tse 188
SPAIN
BAAHI
47 042 900
BAHOELETSI
111 101
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG KA 2012
192 942