Lethathamo la Tse ka Hare
January 15, 2013
© 2013 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania. All rights reserved.
KHATISO E ITHUTOANG
LA 25 FEBRUARY, 2013–LA 3 MARCH, 2013
Le be Sebete—Jehova o na le Lōna!
LEQEPHENG LA 7 • LIPINA: 60, 23
LA 4-10 MARCH, 2013
U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
LEQEPHENG LA 12 • LIPINA: 106, 51
LA 11-17 MARCH, 2013
Loanela ho Lula U E-na le Kamano e Haufi le Jehova
LEQEPHENG LA 17 • LIPINA: 52, 65
LA 18-24 MARCH, 2013
Ho Sebeletsa Molimo re sa Ikoahlaee
LEQEPHENG LA 22 • LIPINA: 91, 39
LA 25-31 MARCH, 2013
Baholo ba Bakreste—‘Basebetsi-’moho Bakeng sa Thabo ea Rōna’
LEQEPHENG LA 27 • LIPINA: 123, 53
LIHLOOHO TSE ITHUTOANG
▪ Le be Sebete—Jehova o na le Lōna!
Batho ba bangata bao ho buuoang ka bona ka Mangolong ba ile ba bontša hore ba na le tumelo ebile ba sebete. Ha re tšohla tse ling tsa lintho tse etsahetseng ho bona, seo se tla re matlafalletsa hore re bontše tumelo re be re sebeletse Jehova ka sebete. Sehlooho sena se totobatsa temana ea rōna ea selemo ea 2013.
▪ U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
▪ Loanela ho Lula U E-na le Kamano e Haufi le Jehova
Ho na le lintho tse ngata bophelong tseo re sa ikhetheleng tsona; batsoali, bana babo rōna le hore na re hlahela sebakeng sefe. Leha ho le joalo, kamano ea rōna le Jehova eona e fapane. Re ka ikhethela hore na re ba le kamano e haufi le eena kapa che. Lihloohong tsena re tla tšohla lintho tse supileng bophelong ba rōna tseo ho tsona re sa lokelang ho lumella letho ho re suthisetsa hōle le Jehova.
▪ Ho Sebeletsa Molimo re sa Ikoahlaee
Kaofela ha rōna ho na le lintho tseo re ’nileng ra li etsa tseo ekang re ka be re li entse ka tsela e fapaneng. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho lumella lintho tseo hore li re nyahamise hona joale ha re ntse re sebeletsa Molimo. Sehloohong sena, re tla ithuta mohlaleng oa moapostola Pauluse hore na ke ka tsela efe re ka tsoelang pele ho sebeletsa Jehova re sa ikoahlaee.
▪ Baholo ba Bakreste—‘Basebetsi-’moho Bakeng sa Thabo ea Rōna’
Lengolong la hae la bobeli leo a ileng a le ngolla Bakorinthe, Pauluse o ile a bolela hore eena le batho bao a neng a sebetsa le bona e ne e le ‘basebetsi-’moho bakeng sa thabo ea bona.’ (2 Bakor. 1:24) Mantsoe ao a Pauluse a lokela ho ama baholo ba Bakreste joang? Ho feta moo, e mong le e mong oa rōna a ka kenya letsoho joang hore ho be le thabo ka phuthehong? Re tla tšohla likarabo tsa lipotso tsena sehloohong sena.
LIHLOOHO TSE LING MAKASINENG ENA
3 Ba Ile ba Itlhahisa ka ho Rata—Naheng ea Norway
32 Phutuho e Hlophisitsoeng Hantle e Beha Litholoana
SEKOAHELONG: Banyalani ba pensheneng ba khanna thuto ea Bibele ba le foranteng motseng oa Camp Perrin. Batho ba bang ba Haiti ba neng ba lula linaheng tsa mose, joaloka banyalani bana, ba khutlela naheng ea habo bona e le hore ba e’o sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba bangata
HAITI
PALO EA BAHOELETSI HA E BAPISOA LE EA BAAHI, HAITI
1:557
BAHOELETSI
17 954
LITHUTO TSA BIBELE
35 735