Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp17 no. 1 leq. 3
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—2001
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Bala?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
wp17 no. 1 leq. 3
Mosali o nka Bibele shelefong ea libuka

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ETSA’NG E LE HORE U NATEFELOE KE HO BALA BIBELE?

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?

“Ke ne ke nahana hore ho tla ba thata ho utloisisa Bibele.”—Jovy

“Ke ne ke nahana hore ho bala Bibele ho tla ntena.”—Queennie

“E ile ea re ha ke bona kamoo Bibele e leng kholo kateng, ke ile ka utloa ke nyahamela ho e bala.”—Ezekiel

Na u kile oa nahana ka ho bala Bibele empa oa nyahama ka lebaka la ho ikutloa ka tsela e tšoanang? Batho ba bangata ba nyahamela ho bala Bibele. Empa u ne u ka ikutloa joang haeba u ne u ka tseba hore Bibele e ka u thusa hore u khotsofale u be u thabe? Hape, u ne u ka re’ng haeba u ka fumana hore ho na le mekhoa e itseng e ka etsang hore ho bala Bibele ho u natefele? Na u ne u ke ke oa thabela ho bala Bibele ’me u bone hore na e u tšoaretse’ng?

A re hlahlobeng hore na batho ba bang ba ile ba fumana molemo joang ka ho bala Bibele.

Ezekiel ea lilemo tse ka bang 20, o re: “Qalong ke ne ke ikutloa joaloka motho ea khannang koloi empa a sa tsebe moo a eang. Leha ho le joalo, Bibele e nthusitse hore ke tsebe hore na ke phelela’ng. E na le likeletso tseo nka li sebelisang letsatsi le letsatsi.”

Frieda eo le eena a leng lilemo tse ka bang 20, oa hlalosa: “Ke ne ke le motho ea manganga. Empa Bibele e ile ea etsa hore ke fetole botho baka. Sena se entse hore batho ba bang ba nthate ’me hona joale ke se ke e-na le metsoalle e mengata.”

Mosali ea bitsoang Eunice ea lilemo tse ka bang 50 o re ha a bua ka Bibele: “E nthusa hore ke be motho ea molemo, ke be ke fetole tsela eo ke phelang ka eona.”

Joalokaha babali bao le ba bang ba limilione ba bolela, ho bala Bibele ho ka u thusa hore u thabele bophelo. (Esaia 48:17, 18) Bibele e ka u thusa hore (1)  u etse liqeto tse nepahetseng, (2) u be le metsoalle ea ’nete, (3)  u sebetsane le khatello ea maikutlo ’me (4) habohlokoa le ho feta, u ithute ’nete ka Molimo. Bibele e fana ka likeletso tse tsoang ho Molimo, kahoo u tla be u sa fosa ha u e mamela. Ha ho mohla Molimo a fanang ka keletso e fosahetseng.

Ke habohlokoa hore u qale ho bala Bibele hona joale. Empa ke mekhoa efe e ka etsang hore ho be bonolo ho e bala le hore u e thabele?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela