Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w17 August maq. 30-31
  • “Re Tl’o ea Kopanong Neng Hape?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Tl’o ea Kopanong Neng Hape?”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Lihloohoana
  • “BA TLETSE HOHLE LITERATENG”
  • “RE NE RE ROBETSE HAMONATE LIBETHENG TSE MOFUTHU”
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
w17 August maq. 30-31

NALANE EA RONA

“Re Tl’o ea Kopanong Neng Hape?”

KE NOVEMBER 1932. Khoeli e haba ho fela. Batho ba thabetse ho bona liroboto tsa pele tse hlongoeng hona khoeling eo motse-moholo oa Mexico o nang le baahi ba fetang milione ka palo. Empa joale ha ho sa buuoa haholo ka tsona hobane joale baqolotsi ba litaba ba hasa litaba tse amanang le ketsahalo e ’ngoe hape. Ba eme setopong sa literene ka lik’hamera tsa bona, ba emetse hore moeti oa bohlokoa a fihle. Moeti eo ke ntate Joseph F. Rutherford, e leng Mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower. Lipaki tse ling tsa motse oa Mexico le tsona li eme hona moo hore li tl’o mo amohela ha e le mona a tla ba teng kopanong ea matsatsi a mararo e tl’o tšoareloa moo Mexico.

Makasine ea The Golden Age e ile ea re: “Ho bonahala hantle hore kopano ena e tl’o ba ketsahalo ea bohlokoa haholo historing mona naheng ea Mexico.” Empa ke hobane’ng ha kopano ee e ne e ikhetha hakaale le hoja ho ne ho tlile batho ba ka bang 150 ho eona?

Ho ne ho e-na le bahoeletsi ba fokolang haholo ka palo Mexico pele kopano eo e e-ba teng. Haesale ho e-ba le likopano tse nyenyane feela ho tloha ka 1919, empa palo ea liphutheho e ile ea fokotseha ha nako e ntse e ea. Ha ofisi ea lekala e qala ho sebetsa motse-moholo oa Mexico ka 1929, ho ile ha bonahala eka lintho li tla loka. Leha ho le joalo, ho ile ha e-ba le mathata. Mokhatlo o ne o ile oa laela barekisi ba libuka, bao hona joale ba seng ba bitsoa bo-pula-maliboho, hore ba se ke ba iphathahanya ka likhoebo tsa bona ha ba ntse ba etsa mosebetsi oa boboleli. E mong oa barekisi ba libuka o ile a halefisoa ke taba ena a ba a ngala mokhatlo, eaba o ithehela sehlopha sa hae sa batho ba ithutang Bibele. Ka nako eo, ho ile ha tlameha ho khethoa molebeli oa lekala e mocha hobane oa pele a ile a etsa boitšoaro bo khahlanong le melao-motheo ea Bibele. Lipaki Tsa Jehova tse Mexico li ne li hlile li hloka ho khothatsoa.

Mor’abo rona Rutherford o ile a fana ka lipuo tse peli kopanong eo ea matsatsi a mararo le lipuo tse hlano seea-le-moeeng. Lipuo tseo kaofela li ile tsa etsa hore Lipaki tsa Mexico li khothale haholo. Batho ba Mexico ba ne ba qala ho utloa molaetsa oa Bibele o boleloa seea-le-moeeng ka lekhetlo la pele. Ka mor’a hore kopano eo e fete, molebeli e mocha oa lekala o ile a hlophisa mosebetsi ’me Lipaki tse Mexico li ile tsa nyolla likausi mosebetsing oa boboleli. Jehova o ile a li hlohonolofatsa.

Lipaki Tsa Jehova li kopanong ea setereke Mexico City ka 1941

Kopanong ea 1941 motse-moholo oa Mexico

Selemong se hlahlamang ho ile ha e-ba le likopano tse peli naheng eo. E ’ngoe e ile ea tšoareloa motseng oa Veracruz ha e ’ngoe eona e ile ea tšoareloa motse-moholo oa Mexico. Bara le barali babo rona ba ile ba sebetsa ka thata ho bolela litaba tse molemo ’me ho ile ha e-ba le litholoana tse ntle. Ka 1931 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 82. Empa lilemo tse leshome hamorao, palo ea bahoeletsi e ile ea kopola eo ka makhetlo a leshome. Batho ba ka bang 1 000 ba ile ba e-ba teng Kopanong ea Puso ea Molimo e neng e tšoaretsoe motse-moholo oa Mexico ka 1941.

“BA TLETSE HOHLE LITERATENG”

Ka 1943 bara le barali babo rona ba Mexico ba ile ba tsoa letšolo ka liplakate ho bapatsa Kopano ea Puso ea Molimo ea “Lichaba tse Lokolohileng” e neng e tl’o tšoareloa metseng e 12 ea Mexico.a Ba ne ba haka liplakate tseo ebe ba beha boto e ’ngoe sefubeng ha e ’ngoe e lula ka mokokotlong. Lipaki Tsa Jehova li ne li qalile ho sebelisa mokhoa ona ho tloha ka 1936.

Makasine ea 1944 e bontšang bara le barali babo rona ba ne ba tsoile letšolo ka liplakate motse-moholo oa Mexico

Ka 1944 bara le barali babo rona ba ne ba tsoile letšolo ka liplakate motse-moholo oa Mexico

Letšolo leo le ile la atleha haholo. Makasine ea La Nación e ile ea re: “Ka letsatsi la pele [la kopano], [Lipaki] li ile tsa kopuoa ho mema batho ba eketsehileng. Ka le hlahlamang, batho ba neng ba tlile ba ne ba le bangata ho feta litulo tse neng li le teng.” Ha baruti ba Kereke e K’hatholike ba bona hore letšolo lena lea atleha, ba ile ba halefa hoo ba ileng ba leka ho ba thiba. Ho ntse ho le joalo, bara le barali babo rona ba ile ba ’na ba tsoela pele ka matšolo ao. Makasine ea La Nación e ile ea boela ea re: “Batho bohle ba motse ba ne ba hlola ba ba bona ha ba entse matšolo ao, ba jere liplakate.” Makasine eo e ne e hlahisitse foto moo bara le barali babo rona ba tsoileng letšolo ba le motse-moholo oa Mexico. Ka tlas’a foto eo ho ne ho ngotsoe mantsoe ana: “Ba tletse hohle literateng.”

“RE NE RE ROBETSE HAMONATE LIBETHENG TSE MOFUTHU”

Nakong eo, bara le barali babo rona ba bangata ba ile ba tlameha ho itela e le hore ba be teng likopanong tseo tse neng li tšoareloa naheng ea Mexico. Ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba lula metseng e hole hoo le literene li neng li sa fihle ebile ho se na mebila. Bara le barali babo rona ba phutheho e ’ngoe ba ile ba re: “Ho hole hoo ho se nang le lipalo tsa lifono.” Kahoo, ba ne ba lokela ho palama ’moulo kapa ba qete matsatsi ba ntse ba tsamaea ba ea tereneng e tla ba fihlisa moo kopano e tšoareloang teng.

Bara le barali babo rona ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba kolla ntsi hanong. Ba ne ba se na chelete ea hore feela ba ee kopanong. Kahoo, ba bangata ba bona ba atlehileng ho fihla kopanong ba ile ba fihlela malapeng a bara le barali babo rona ba moo Mexico. Ba bang bona ba ne ba robaletsa Liholong Tsa ’Muso. Ka le leng, ba ka bang 90 ba ile ba fihlela ofising ea lekala. E mong le e mong o ile a alloa mabokose a 20 a libuka hore a robale holim’a ’ona.” Buka ea Selemo e ile ea re bara le barali babo rona bao ba ile ba re “ba ne ba robetse hamonate libetheng tse mofuthu.”

Bara le barali babo rona bao ba ile ba thabela hore ebe ba tlile kopanong hobane ba tetse lintho tse ngata hore ba tle. Le hona joale bahoeletsi ba Mexico ba seng ba feta milione ka palo ba ntse ba thabela ho ba teng likopanong.b Tlaleho eo ofisi ea lekala ea Mexico e ileng ea e ngola ka bara le barali babo rona ba Mexico e ile ea re: “Le hoja ho ne ho nyolosetsa, bara le barali babo rona ha baa ka ba nyahama hobane kamehla ha ba khutla kopanong, ba ne ba qeta nako e telele ba sa ome mathe ha ba bua ka eona hoo ba neng ba bile ba ipotsa hore na ba tla ea kopanong neng hape.” Le hona joale, bara le barali babo rona ba Mexico ba ntse ba etsa joalo.—Nalane ea rona Amerika e Bohareng.

a Buka ea Selemo ea 1944 e re kopano ena “e ile ea etsa hore Lipaki Tsa Jehova li tsebahale haholo naheng ea Mexico.”

b Ka 2016, batho ba neng ba le teng Sehopotsong naheng ea Mexico ba ne ba le 2 262 646.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela