Liboka Tsa Tšebeletso
BEKE E QALANG KA NOVEMBER 5
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Totobatsa lihlooho tse tobileng ho tsoa limakasineng tsa morao-rao tse ka buelloang bekeng ena. Hopotsa baena ho tla le bukana e lekanang le makasine ea Li Etsa Thato ea Molimo Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang.
20 mets: “Ho Buella Lentsoe la Molimo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka lirapa 3 le 4, ere mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ka Sehlooho sa Puisano se secha.
15 mets: “Ke Joang Nka Lulang ke sa Nke Lehlakore Har’a Mofere-fere oa Lipolotiki?” Moholo ea tšoanelehang ka bohlale o buisana le bacha ba babeli ba behang mohlala o motle ka lintlha tsa lengolo la March 20, 1990, le neng le ea liphuthehong tsohle tse tšimong ea ba Batšo. Ka bokhutšoanyane hlalosa khatello ea lipolotiki eo bacha ba bangata ba thulanang le eona. Esita le batho ba baholo ba ’nile ba angoa ke khatello e joalo. Na ho ’nile ha e-ba bonolo ho lula ba sa nke lehlakore? Ba atlehile joang ho hanela liketso tse khahlanong le ho se nke lehlakore? Buisanang ka lirapa 3 le 4 lengolong leo. Jesu ke moeta-pele oa rōna ka hona re lokela ho mo latela. Buisanang ka Liproverbia 13:20; 29:25. U ka boela ua sebelisa lintlha tse tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka maqephe 166-73. Boitšireletso ba rōna bo molemo ke ho kopanela ka botlalo tšebeletsong ea tšimo le ho ikhetholla phatlalatsa re le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Bontša kananelo ka mohlala o motle oo bacha ka phuthehong ba o behang. Jehova o khahlisoa ke boitšoaro ba bona bo botle ’me boa mo tlotlisa.—Liprov. 27:11.
Pina 46 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA NOVEMBER 12
8 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Bala liteboho tse tsoang Mokhatlong bakeng sa menehelo e etsetsoang mosebetsi oa lefatše ka bophara oa Mokhatlo le e etsetsoang Letlole la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso. Hape, bontša kananelo bakeng sa tšehetso ea phutheho ea lōna ka lintho tse bonahalang.
22 mets: “Ho Lebisa Liithuti tsa Bibele Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Jehova.” Puisano ka lipotso le likarabo. Ha le akaretsa serapa 3, ere mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ea kamoo seithuti se ka khothalletsoang ho ba teng libokeng tsa phutheho, a sebelisa boitsebiso bo tobileng bo bukaneng e lekanang le makasine ea Li Etsa Thato ea Molimo, maqephe 14 le 15.
15 mets: Karolo ea Lipotso. Moholo ea nang le phihlelo a tsamaise karolo ena joaloka puisano ’me bamameli ba kopanele mona le mane. Etsa hore moo ho hlokahalang teng bo sebetse sebakeng sa lōna, u thuse bohle ho ananela morero oa boitsebiso bona le bohlokoa ba bona.
Pina 36 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA NOVEMBER 19
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Buisanang ka mosebetsi o entsoeng ke phutheho nakong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang. Sebelisa lipalo tse tsoang tlalehong ea phutheho e ileng ea romeloa Mokhatlong ka November 15.
20 mets: “Thusa ba Bang ho ba Hloahloa ha ba Sebelisa Lentsoe la Molimo.” Puisano ka lipotso le likarabo. Totobatsa tlhokahalo ea ho thusana ho ba ba atlehang haholoanyane litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso. Etsa pontšo ea kamoo bahoeletsi ba ka thusang liithuti tsa Bibele tse tšoanelehang kapa kamoo motsoali a thusang ngoana oa hae e monyenyane ho itokisetsa tšebeletso.
10 mets: Puisano ea Komiti ea Tšebeletso ka ho tsoela ha phutheho tšebeletsong ea tšimo ka mehla. Sebelisang lintlha tse loketseng tse tsoang lengolong la May 31, 1990 le neng le ea ho lihlopha tsohle tsa baholo. Fanang ka lipalo tsa sebakeng sa lōna, le khothalletse bohle ho kopanela tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe le ho tlaleha tšebeletso ea bona kapele bofelong ba khoeli ka ’ngoe. Bolokang puisano e le e khothatsang ’me e le e susumetsang.
Pina 183 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA NOVEMBER 26
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
13 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Mokhoa o Tletseng Thapelo.” Puo e mofuthu le e ipiletsang. Totobatsa tlhokahalo ea ho rapella tataiso ea Molimo le tlhohonolofatso tšebeletsong ea rōna.
15 mets: Mongoli o hlahloba likhopotso tsa kopano ea setereke le phutheho. Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea October 1990. Akarelletsa le likhopotso tse latelang: Na bohle ba se ba entse litokisetso tse tsitsitseng tsa ho ba teng kopanong ho tloha ha e qala? Na le kōpile nako ea ho ba sieo mosebetsing oa lōna oa boipheliso? Na lelapa lohle le itlhomelletse ho nka lintlha tsa bohlokoa ho tiisa hore bohle ba rua molemo o moholohali lenaneong? Na le tla ithaopela ho sebetsa kopanong? Na le entse litokisetso bakeng sa lithuto tsa lōna tsa Bibele hore li be teng? Hape hopotsa baena hore ba se ke ba theosa ba nyolosa nakong ea lenaneo, le ka tlhoko ea hore batsoali ba laole bana ba bona ka nepo ka linako tsohle.
12 mets: Nehelana ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka December. Puo le pontšo. Bontša bohlokoa ba sengoliloeng sena, u totobatse lintlha tse tobileng le litšoantšo tse ka sebelisoang. Mohoeletsi ea tšoanelehang o etsa pontšo ea kamoo buka eo e ka nehelanoang ka teng ho motsoali mosebetsing oa ntlo le ntlo.
Pina 188 le thapelo e koalang.