Liboka Tsa Tšebeletso Tsa April
Beke e Qalang ka April 6
12 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. “Na April E Tla ba Khoeli e Khethehileng ho Uena?” Hatisa ntlha ea hore ho tlatsoe liforomo tsa bopula-maliboho bo thusang hang-hang. Hape, ba khothalletse hore ba etse bopaki ba mantsiboea, ’me u etse tsebiso ka litokisetso tsa phutheho tseo mohlomong li seng li entsoe. Hatisa nako le sebaka seo mokete oa Sehopotso o tla tšoareloa ho sona.
15 mets: “Phatlalatsa Litaba tse Molemo ka Molula-Qhooa.” Sehlooho se buisanoe ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 5, e re bahoeletsi ba lokiselitseng ba bolele hore na nakong e fetileng ba ile ba atleha ho tsamaisa lipeeletso ho bo-mang.
18 mets: “Kananelo ea Hao Bakeng sa Lefu la Kreste.” Puo le pontšo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 9, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a ka memelang seithuti sa Bibele Sehopotsong.
Pina 208 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka April 13
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Lebokose la Lipotso.
15 mets: “Maeto a Pele a Atlehileng.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 6, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a ka khonang ho buella le ho bontša kamoo ho ka khannoang thuto ea lehae ea Bibele a sebelisa pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso.
13 mets: Ho nehelana ka Molula-Qhooa ka ntlo le ntlo. Mohoeletsi ea atlehang o buisana le mong’a ntlo, a sebelisa nehelano e buelletsoeng serapeng 4 sehloohong “Maeto a Pele a Atlehileng.” Buella lintlha tse loketseng tse amang thapelo ho Molula-Qhooa oa April 15, 1992.
7 mets: Moholo o bua ka boitsebiso bo ho kenyelletso, “Likopano tsa Setereke tsa 1992 tsa ‘Bajari ba Leseli.’” Khothalletsa bohle hore ba lokisetse esale pele hore ba be teng kopanong. Ha ho amoheloa lengolo, tsebisa phutheho hore na e tla ea kopanong e hokae.
Pina 87 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka April 20
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Fana ka pabatso bakeng sa monehelo o entsoeng ho Mokhatlo le phuthehong.
15 mets: Moholo ea nang le phihlelo o bua le bamameli ka boitsebiso bo leng ho kenyelletso, “Akhelang Matlooa a Lōna ’me le Tšoase.” Ka mofuthu khothalletsa bao maemo a bona a ba lumellang hore ka thapelo ba nahane ka ho fallela ho se seng sa libaka tse boletsoeng. Sena e tla ba se loketseng haholo ho liphutheho tse metseng e meholoanyane.
20 mets: “Ipolokeng le le Matla Moeeng, Lulang le Hloekile Bakeng sa Tšebeletso ea Jehova.” Kenyelletso e buisanoe ka lipotso le likarabo. Moholo ea fanang ka karolo ena o lokela ho etsa hore tse ling tsa lipotso li etse hore boitsebiso bo lokele phutheho. Hatisa pakane ea ho boloka matla a moea eo ho buuoang ka eona serapeng 7.
Pina 197 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka April 27
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Fana ka lintlha tse khōlō tsa Sehopotso. Ho bile teng ba bakae? Ho na le monyetla ofe oa ho qalisa thuto ea Bibele le ba bacha? Molebeli oa tšebeletso o tlameha ho lokisetsa hore ho etsoe maeto a ho boela ho batho ba bileng teng Sehopotsong empa hona joale ba sa ithute.
20 mets: “Sebelisa Buka ea Ho Bea Mabaka Maetong a ho Boela.” Puisano ka lipotso le likarabo. Etsa lipontšo tse peli tse lokiselitsoeng hantle lirapeng 3 le 4.
15 mets: Kōpa liphihlelo ho ba ileng ba nka bopula-maliboho bo thusang ka March le April. Ba ile ba itela ka tsela efe, ’me ba ikutloa hore Jehova o hlohonolofalitse boiteko ba bona joang? Na ba ile ba atleha ho qalisa lithuto tse ncha tsa Bibele ka baka la tšebetso ea bona e eketsehileng khoeling eo? Liphihlelo li lokela ho lokisetsoa esale pele. Khothalletsa bohle hore ba nahane ka ho nka bopula-maliboho bo thusang likhoeling tse tlang.
Pina 93 le thapelo e koalang.