Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 10
  • Maeto a Pele a Atlehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maeto a Pele a Atlehileng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khutlela Bakeng sa ho Haha Kananelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Sebelisa Lipampitšana ho Kenyeletsa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 10

Maeto a Pele a Atlehileng

1 Ho qalisa moqoqo tšebeletsong ho ka baka phephetso e khōlō kaha batho ba amehile haholo ka litaba tsa bona kapa ba na le maikutlo a sa fetoheng ka bolumeli. Re lokela ho nahana ka eng se ka re thusang hore leeto la rōna la pele le atlehe?

2 Kaha nako ena ea selemo ke eo batho ba bangata ba nahanang ka Jesu, mohlomong u ka qalisa moqoqo oa hao ka ho re:

◼ “Nakong ena ea selemo, ka sebele re nahana ka sehlabelo sa Jesu. U nahana hore hona joale Jesu o etsa eng?” Emela karabo. Joale u ka ’na ua bala Tšenolo 6:2 le mong’a ntlo, e hlalosang hore Jesu o kaletse pere e tšoeu ’me o tsoela pele ho phetha tlhōlo ea hae. Bua ka karolo ea hae e le morena le melemo e sa feleng eo borena ba hae bo tla e tlisetsa batho bohle ba utloang.

3 Ha u nehelana ka tokollo ea April 1 e nang le sehlooho “Tokoloho ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?,” mohlomong u ka re:

◼ “Batho lefatšeng ka bophara ba loanela tokoloho. Empa litšepiso tsa mebuso ea batho tsa tokoloho ha lia phethahala. Ho rapela Jehova, Molimo oa ’nete, ho tlisa tokoloho e sa feleng.” Bala 2 Ba-Korinthe 3:17, ebe u bontša hore tokollo ena ea Molula-Qhooa e totobatsa tšepiso ea Molimo ’me e bontša lebaka leo ka lona liketsahalo tsa lefatše li tiisang hore re tla lokoloha haufinyane.

4 U ka ’na ua kenyelletsa tokollo ea “Molula-Qhooa” oa April 15, 1992, ka ho totobatsa taba ea thapelo, u re:

◼ “Batho ka tloaelo ba rapella tlhōlo nakong ea ntoa. Na u nahana hore Molimo o utloa lithapelo tse joalo ebe o nka lehlakore? [Emela karabo.] Hlokomela karabelo ea Bibele.” Ebe u bala 1 Petrose 3:12 ’me u e hlalose. Ka mor’a tlhaloso e khutšoaane, bolela ho hong tokollong ea Molula-Qhooa ho ka ’nang ha tsosa thahasello ea motho eo hore a bale makasine. Buella peeletso.

5 Hopola hore pakane ea rōna ke ho khanna lithuto tsa Bibele. Kaha ba bangata ba tla be ba nkile bopula-maliboho bo thusang ka April, re tla ba le monyetla o eketsehileng oa ho fumana batho ba thahasellang ho ithuta Bibele. Empa esita leha maemo a rōna a sa re lumelle ho nka bopula-maliboho bo thusang ka April, kaofela re ka ipehela pakane ea ho qalisa thuto ea Bibele.

6 Bahoeletsi ba bang ba sebelisitse lipampitšana ho qalisa lithuto tsa Bibele maetong a pele.

Ha u buella pampitšana “Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso,” mohlomong u ka re:

◼ “Re baithaopi motseng ona oa lōna. E re ke u fe pampitšana ena, e hlalosang mosebetsi oa rōna. Na u nahana hore lefatše le tla ke le shebahale tjee?” Ka mor’a ho fumana karabo, u ka ’na ua bua ka lirapa tse ’maloa tse qalang le motho eo, u totobatsa Mattheu 6:9, 10 le Pesaleme ea 37:29.

7 Nahana ka hloko hore na u tla itsebisa joang ho mong’a ntlo. Ho fanoe ka litlhahiso tse ntle ka ho fetisisa bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng 9-15. Ho sebelisa likenyelletso tsena ka bohlale ho tla etsa hore leeto la hao la pele le atlehe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela