Liboka tsa Tšebeletso tsa July
Beke e Qalang ka July 5
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. E re bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba lokiselitseng ba hlalose kamoo ba sebelisang hamolemo ka teng litokollo tsa khale tsa limakasine.
15 mets: “Ho Buella Libukana tse Lekanang le Makasine ho Batla ba Thahasellang.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo. Libukana tse lekanang le makasine tseo ho builoeng ka tsona serapeng 5 ke: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, le ’Muso o Tla Tlisa Paradeise. Tsebisa phutheho ka setoko sa libukana tse teng tse lekanang le makasine, ’me u kōpe litlhaloso tabeng ea hore na ebe ke libukana life tse lekanang le makasine tse loketseng ka ho khetheha tšimong ea lōna. Khothalletsa baena ka mafolo-folo hore ba be le karolo e feletseng ho tsamaisoeng ha libukana tse lekanang le makasine ka July. Bolela hape hore hangata batho ba amohelang bukana e lekanang le makasine ba ka thabela le ho ba le limakasine.
20 mets: “Ho Sebelisa Libukana tse Lekanang le Makasine ka Katleho ka July.” Buisana le phutheho ka lintlha, ’me u etse pontšo ka linehelano tse lirapeng 3, 5, le 7. Ba khothalletse ho lokisetsa hantle.
Pina 30 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 12
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo leha e le efe. Hopotsa phutheho ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa tšebeletso ea tšimo, ’me u bue ka lintlha tse sa tšoaneng tse ka buelloang limakasineng.
20 mets: “Ho Khutlela ka Morero oa ho Tsosa Thahasello Bibeleng.” Ka mor’a kenyelletso e khutšoaane, etsa pontšo ea ha ho etsoa leeto la ho boela ho motho ea bontšitseng thahasello empa a sa nka lingoliloeng. Hape, etsa pontšo ea kamoo ho ka khutleloang ka teng ho motho ea neng a tšoarehile haholo hore a ka kopanela moqoqong empa a ile a amohela pampitšana Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše? Pontšong ka ’ngoe, bontša kamoo mohoeletsi a qalisang moqoqo le ho tsosa thahasello.
15 mets: Puisano ka litokisetso tsa ho qetela bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang. Sebelisa lintlha tse ka sebetsang tse tsoang tlatsetsong lengolong la May 16, 1993. Khothalletsa bohle ka mofuthu hore ba tšehetse litokisetso tsa phutuho ena ka botlalo. Bakeng sa liphutheho tse hlolehang ho sebetsa tšimong e sa abuoang selemong sena: Bua ka litlhoko tsa phutheho kapa u buisane le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo kamoo ba ithutileng ’nete ka teng. Liphihlelo tse joalo li lokela ho khethoa pele ho nako ’me li bonahatse ho atleha ha tšebeletso.
Pina 191 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 19
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Hape, buisana le bamameli ka “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.”
15 mets: “Na U ka ho Etsa?” Buisana le bamameli. Buisana le pula-maliboho a le mong kapa ba babeli ba ka mehla kapa mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba thusang nako le nako. E re ba bolele kamoo ba entseng qeto ea ho etsa ho eketsehileng le kamoo ba hlophisitseng mesebetsi ea bona ka teng.
15 mets: Puo ka moholo mabapi le bohloeki ba botho, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa June 1, 1989, maqephe 15-20. Puo e lokela ho nehelanoa ka mokhoa o mosa ’me ho sebelisoa kahlolo e molemo.
Pina 165 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka July 26
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Molebeli oa tšebeletso o bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo ka June, a fana ka pabatso le khothatso. Buisana le phutheho ka lintlha tse leng lebokoseng “Na U Mohoeletsi ea Tsoang ka Mehla?” Sebelisa lintlha tse leng sehloohong “Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla” ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1993. August ke khoeli ea ho qetela selemong sa tšebeletso. Khothaletsa bahoeletsi bohle ho kopanela tšebeletsong beke le beke, ’me ba tlalehe tšebeletso ea bona hang-hang bofelong ba August. Na bohle re ka sebeletsa ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka August? Hape, bua ka lintlha tse peli kapa tse tharo tse ka buelloang limakasineng tse ka sebelisoang tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
15 mets: “Sefapano,” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 397-401. E lokela ho etsoa e le leeto la ho boela ho mong’a ntlo ea ileng a amohela bukana e lekanang le makasine “Bonang!” Mong’a ntlo o supa leqepheng 17 la bukana ’me o botsa hore na ke hobane’ng ha ho tšoantšelitsoe Jesu a le thupeng ea tlhokofatso ho e-na le sefapanong. Moena o sebelisa buka Ho Bea Mabaka ho thusa mong’a ntlo ho fumana pono ea Bibele.
15 mets: “Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo.”
Se buisanoe ka lipotso le likarabo. Thusa bohle hore ba bontše kananelo bakeng sa menyetla e eketsehileng eo re ka bang le eona letsatsi le letsatsi ea ho tsamaisa limakasine, tse ncha haesita le tsa khale.
Pina 192 le thapelo e koalang.