Liboka tsa Tšebeletso tsa August
Beke e Qalang ka August 2
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka lintlha tse khōlō ho tsoa limakasineng tsa morao-rao. Khothalletsa bohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
10 mets: “Tlaleho e Ntle ea April!” Puisano e mofuthu, e susumetsang ka mongoli. Bolela se finyeletsoeng ke phutheho ea lōna ka April. Khothalletsa e mong le e mong hore a kopanele tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe ’me a tlalehe mosebetsi oa hae hang-hang bofelong ba August. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hakana ho ba mohoeletsi oa ka mehla oa litaba tse molemo. Bolela litebello tsa ho ba le bahoeletsi ba ’maloa ba sa kolobetsoang ka phuthehong.
10 mets: Totobatsa bohlokoa ba buka Phela ka ho sa Feleng. Ho ka boleloa lipalo tse bontšang keketseho e bileng teng lilemong tseo buka ena e ileng ea sebelisoa ka tsona. Ba bangata ba ithutile ’nete ka ho ithuta buka ena. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba ileng ba ithuta buka ena ha ba kena linneteng. E re ba bolele hore na ba ananetse eng ho eona le hore na ba e sebelisitse joang tšimong. Khothalletsa baena hore ba nehelane ka eona ka mafolo-folo.
15 mets: “Ho Tsoaloa Labobeli.” Buka ea Ho Bea Mabaka, maqepheng a 177-81. Pontšo ea bahoeletsi ba babeli ha ba kopana le motho mosebetsing oa ntlo le ntlo ea botsang hore, “Na le tsoetsoe labobeli?” Bahoeletsi ba arabela ka ho sebelisa e ’ngoe ea litsela tse bontšitsoeng maqepheng a 180-1. Ka mor’a moo, bahoeletsi ba buisana ka ho etsa leeto la ho boela ba sebelisa lintlha tse mangolong a leng lirapeng tsa 1-3 leqepheng la 179.
Pina 193 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 9
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho kopanyeletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho tsa menehelo. Babatsa phutheho bakeng sa ho tšehetsa phutheho ka lichelete hammoho le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše ka bophara.
15 mets: Molebeli ea okamelang kapa moholo e mong ea tšoanelehang o bua ka lengolo la June 17, 1993, le mabapi le ho vouta. Sebelisa boitsebiso bo leng bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a “Ho se Nke Lehlakore” ho thusa bamameli ho utloisisa boemo bo nkoang ke Lipaki tsa Jehova litabeng tsa lefatše lena. Bua ka lintlha tsohle tsa sehlooho tse lengolong, le ho bala mangolo ha nako e lumela. E-ba le pontšo ea ha batho ba babeli ba khothalletsang batho ho voutela mokha o itseng ba lekang ho susumeletsa lelapa le leng hore le voute likhethong tse tlang. Ka tsela e bontšang tlhompho monna le mosali ba tsebisa baeti ka bokhutšoaane ka boemo ba bona, ba tšehetsa karabo ea bona ka mangolo a loketseng.
20 mets: “Etsa Boiteko ba Hore Batho ba Mamele ka Hloko.” Buisana le bamameli. Totobatsa bohlokoa ba ho tšoara monga’a ntlo e le motho ea nang le botho ba hae bo ikhethang, ka sepheo sa hore u buisane le eena. Etsa lipontšo tse khutšoaane tse thehiloeng lirapeng tsa 2 le 3. Hatella hore limakasine li sebelisoe ka mehla tšebeletsong ea tšimo.
Pina 71 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 16
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
20 mets: “Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo. E-ba le pontšo e le ’ngoe ea leeto la ho boela e thehiloeng nehelanong e bontšitsoeng lirapeng tsa 5 le 6.
20 mets: “Lintho tse Hlokahalang ho Basebeletsi ba Bacha ’Neteng le ho ba Nang le Phihlelo.” Se koaheloe ka lipotso le likarabo ke moholo. Qetella ka kakaretso e mofuthu empa e le khutšoaane ea lintlha tse sebetsang litlhokong tsa phutheho.
Pina 6 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 23
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo.
20 mets: “Batla Lithuto tsa Bibele ka Tieo.” Sehlooho se koaheloe ka lipotso le likarabo ke molebeli oa tšebeletso. Bala ’me u sebelise mangolo ’ohle a boletsoeng. Hlahloba khatelo-pele e teng mosebetsing oa thuto ea Bibele phuthehong lilemong tse fetileng tse hlano, ’me u etse qetello e lumellanang le litlhoko tsa phutheho.
15 mets: Bohlokoa ba Matsatsi Thutong ea Rōna ea Bibele. Ka mor’a puo e khutšoaane tlas’a “Tlhaloso” leqepheng la 281 bukeng ea Ho Bea Mabaka, buisana le bamameli ka boitsebiso bo latelang tlas’a “Matsatsi.” Hlahlobang taba ea hore “Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li re ’Muso oa Molimo o hlomiloe ka 1914?” Totobatsa kamoo boitsebiso bona bo thusang ba bacha ho itokisetsa ho emela molaetsa oa ’Muso.
Pina 43 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 30
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Puisano ka sehlooho “Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano.” Khothalletsa bohle hore ba lokisetse esale pele ho ba teng lenaneong la letsatsi le khethehileng la kopano selemong sa tšebeletso sa 1994. Bolela letsatsi le sebaka haeba li tsejoa. Ba khothaletse le ho kopanela mosebetsing oa tšimo mafelo-beke.
20 mets: Puo e thehiloeng boitsebisong bo leng bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho “Bibele,” maqepheng a 53-63. Totobatsa molemo oo re u fumanang ka ho sebelisa litekanyetso tsa Bibele bophelong ba rōna.
15 mets: Bua ka phutuho ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka mosebetsi o finyelletsoeng ho tla fihla joale le ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa nako e setseng ea phutuho. Buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba nang le liphihlelo tseo ba ka li arolelanang le phutheho. Khothalletsa bohle ka mofuthu hore ba tšehetse phutuho ka ho feletseng. Liphutheho tse sa sebetseng tšimo e sa abuoang selemong sena li ka buisana ka litlhoko tsa tsona. Bua ka khothatso e fanoeng ke molebeli oa potoloho ketelong e fetileng. Hopotsa baena ho tiisa hore litlaleho tsohle bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1993 li fanoe.
Pina 31 le thapelo e koalang.