Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa September 6 ho ea ho December 20, 1993. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Buka ea Esdrase e akaretsa tlaleho ea litšebelisano tsa Jehova le Bajode ho fihlela nakong ea ho bokelloa ha masika a Baheberu. [siSU leq. 86 ser. 7]
2. Qalong libuka tsa Esdrase le Nehemia e ne e le buka e le ’ngoe, e bitsoang Esdrase. [siSU leq. 88 ser. 3]
3. Ha u fana ka puo, ho molemo hore cheseho ea hao e se phahame haholo ho pholletsa le puo eohle. [sgSU leq. 164 ser. 6]
4. Litemana tse qetellang tsa 2 Likronike li paka hore lilemo tse felletseng tse 70 li tlameha ho baloa ho tloha ha Juda e etsoa lesupi ka ho feletseng ho fihlela ho tsosolosoa borapeli bo hloekileng ka 537 B.C.E. [siSU leq. 84 ser. 35]
5. Ho fana ka litlhaloso ka mehla libokeng ho tla u thusa hore u tloaele ho bua pel’a sehlopha. [sgSU leq. 184 ser. 14]
6. “Mosali oa barali ba Dane” o ile a boela a nyaloa ke monna oa leloko la Dane. (2 Likron. 2:14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU81 5/15 leq. 31.]
7. Likronike tsa Bobeli 16:14 e bontša hore setopo sa Morena Asa se ile sa chesoa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w76 leq. 416.]
8. Ho Luka 11:51, ka ho hlakileng Jesu o ne a bua ka ho tlepetsoa ka majoe ha Zakaria mor’a Jehojada. (2 Likron. 24: 20, 21) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w80 3/1 leq. 31.]
9. Haeba leha e le bafe ba Lipaki tsa Jehova ba ka fosoa ke Sehopotso, ba lokela ho se keteka matsatsi a 30 hamorao. (2 Likron. 30:2) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU85 2/15 leq. 32.]
10. Bajode ba ileng kholehong ba ile ba khutlela naheng ea habo bona “mohla ho thoasang khoeli ea bosupa,” kapa hoo e ka bang ka October 1, 537 B.C.E. (Esdrase 3:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona siSU leq. 283 ser. 29.]
Arabela lipotso tse latelang:
11. Ho boloka nako puong ho itšetlehile ka eng haholo? [sgSU leq. 180 ser. 25]
12. Ke tempele efe e fetang litempele tsa lefatšeng ka khanya? [siSU leq. 87 ser. 16]
13. Ho phahama le ho teba ha lentsoe ke eng? [sgSU leq. 161 ser. 11]
14. Ke hobane’ng ha tšebeliso ea papiso e lokela ho hlakisoa? [sgSU leq. 170 ser. 10]
15. Haeba sebui se ja nako, sena se ka ba le phello efe sephethong sa sona? [sgSU leq. 178 ser. 16]
16. Ke hobane’ng ha ho sa fosahala ho theipa lithapelo tsa phatlalatsa? (2 Likron. 33:18) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w78 1/1 leq. 32.]
17. Histori ea lefatše e fana ka lebitso lefe bakeng sa Osnappare? (Esdrase 4:10) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU88 2/15 leq. 28.]
18. Ke hobane’ng ha bana ba basali ba balichaba ba ile ba lelekoa le bo ’m’a bona? (Esdrase 10:3, 44) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 1/15 leq. 9.]
19. ‘Selemo sa mashome a mabeli sa Artaxerxese’ e ne e le sefe? (Neh. 2:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU92 10/1 leq. 11.]
20. Molao o ile oa ‘hlalosoa’ joang? (Neh. 8:8) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 2/15 leq. 26.]
21. Lipapiso leha e le life tse sebelisoang puong li lokela ho ba joang? [sgSU leq. 171 ser. 20]
Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
22. Ka mor’a botlamuoa ba Babylona, masala a tšepahalang a Bajode a ile a haha aletare le ho nyehela mahlabelo ka selemo sa ․․․․․․․. [siSU leq. 85 ser. 3]
23. Haeba sebui se na le boikutlo bo mofuthu ka bamameli ba sona, sena se lokela ho bonahala ․․․․․․․ sa sona. [sgSU leq. 166 ser. 13]
24. Haeba re sebelisa mantsoe a puso ea Molimo tšebeletsong ea rōna, ke habohlokoa hore rea ․․․․․․․. [sgSU leq. 173 ser. 5]
25. Morero o ka sehloohong oa sephetho ke ho __ [sgSU leq. 176 ser. 4]
26. Sebui ha sea lokela ho ․․․․․․․ ka sethala. [sgSU leq. 186 ser. 26]
27. Tumellanong le 1 Timothea 3:1, baena ba ka iketsa ba fumanehang ka ho ․․․․․․․. [sgSU leq. 190 ser. 10]
Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
28. Esdrase o phethile Likronike (hoo e ka bang ka 515; hoo e ka bang ka 460; hoo e ka bang ka 537) B.C.E. [siSU leq. 79 ser. 1]
29. Nehemia o sebelelitse nakong ea puso ea morena oa Persia (Cyruse; Xerxes; Artaxerxese). [siSU leq. 88 ser. 1]
30. “Mokete” mona o supa Moketeng oa (Metlotloane; Libeke; Mahobe a sa Lomosoang). (2 Likron. 7:8) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona pm leq. 53.]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
2 Likron. 9:9; 2 Likron. 19:7; 2 Likron. 28:16, 20, 21; 2 Likron. 36:20, 21; Neh. 5:7
31. Likamano tse sa hlokahaleng le lefatše li ka ba kotsi. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU85 9/1 leq. 30.]
32. Jehova ka boeena o behile tekanyetso mabapi le pono e loketseng ka ho amohela limpho (tjotjo). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 10/1 leq. 30.]
33. Sena e ne e le ho tlōla ka ho toba molao oa Jehova o ho Levitike 25:36 le Deuteronoma 23:19. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU86 2/15 leq. 25.]
34. Sena se re bolella ka mpho ea boleng bo fetang R100 000 000. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona gSU87 12/8 leq. 26.]
35. Le leng la mabaka a ho isoa kholehong ha Iseraele lilemo tse 70 Babylona e ne e le ho tlōla melao ea Molimo ea Sabbatha. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona gSU80 3/8 leq. 24.]