Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/94 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 6 June
  • Beke e Qalang ka la 13 June
  • Beke e Qalang ka la 20 June
  • Beke e Qalang ka la 27 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 6/94 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa June

Beke e Qalang ka la 6 June

Pina 9

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tse amang sebaka sa lōna. Etsa pontšo e khutšoaane ea kamoo ho ka nehelanoang ka limakasine tsa morao-rao ka ntlo le ntlo mafelo-bekeng ana. Hopotsa bamameli hore ba nke likopi tsa buka Lentsoe la Molimo bakeng sa ho e sebelisa mafelo-bekeng ana.

20 mets: “Na U Jala Haholo?” Lipotso le likarabo. Ha nako e lumela, mema bamameli hore ba phete liphihlelo tsa botho tse bontšang kamoo ba ileng ba etsa boiteko bo eketsehileng tšobotsing e ’ngoe ea tšebeletso ea bona ’me ba fumana tlhohonolofatso ka ho etsa seo.

15 mets: “Ho Thusa ba Bang ho Tlotlisa Moetsi oa Rōna.” Puisano le bamameli. E-ba le lipontšo tse peli tse bontšang kamoo linehelano tse bontšitsoeng li ka sebelisoang kateng.

Pina 30 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 13 June

Pina 28

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Bala tlaleho ea lichelete le liteboho tsa Mokhatlo bakeng sa menehelo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse khutšoaane tse bontšang kamoo motho ea nang le moea oa ho fana a fumanang litlhohonolofatso kateng.—Liprov. 11:24a.

15 mets: “Ho Haha Tumelo ho ’Mōpi oa Moloko oa Batho.” Buisana le bamameli. Ha nako e lumela, etsa pontšo ka le leng la maeto a ho boela a boletsoeng.

20 mets: “Thuto ea Buka ea Phutheho e Ntšetsa Pele Mesebetsi ea ho Ruta.” Mokhanni oa thuto o buisana le bamameli. Totobatsa kamoo sehlooho se khothaletsang (1) palo e eketsehileng ea ba bang teng, (2) hore ho be le ba eketsehileng ba fanang ka litlhaloso nakong ea thuto, le (3) hore ho ntlafatsoe tabeng ea ho tšehetsa liboka tsa tšebeletso.

Pina 65 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 20 June

Pina 31

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bacha ba leng nakong ea phomolo ea likolo ba lokela ho hlahloba menyetla eo ba nang le eona ea ho eketsa karolo eo ba bang le eona tšebeletsong; ba bang ba ka khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang. Ba tla qeta sekolo bofelong ba selemo sena ba lokela ho nahanela ka ho teba seo ba se rerileng bakeng sa bokamoso ’me pakane ea bona e be ho boloka lithahasello tsa ’Muso pele.

10 mets: Litlhoko tsa phutheho, kapa buisana le bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ka se ba huletseng ’neteng. Ba ka kopanyelletsa le litšitiso leha e le life tseo ba ileng ba tlameha ho li hlōla.

10 mets: “Na Nka Sebeletsa Bethele?” Moholo ea tšoanelehang a tšohle sehlooho sena, a khothalletse baena ba masoha hore ba nahane ka botebo ka tšebeletso ea Bethele.

15 mets: “Na U Etsa Thato ea Molimo?” Puo ka moholo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa March 1, 1994, ho maqephe 28 ho ea ho 30.

Pina 223 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 27 June

Pina 174

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Li fanoe ke moholo. Hlahloba litokisetso tsa phutheho bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang. Bua ka tlhokahalo ea hore ho kenngoe litlaleho mabokoseng a Litlaleho tsa Tšebeletso ea Tšimo hang ha khoeli e felile. Re habile ho ba le tlhōrō e ’ngoe e ncha ea bahoeletsi pele selemo sa tšebeletso se fela. Kaha ho tlisa litlaleho kamehla e ntse e le bothata tšimong ea rōna, re tla ananela tšebelisano-’moho ea mohoeletsi e mong le e mong tabeng ena. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho ’na ba hopotsa ba e-song ho tlise litlaleho, hore ba li tlise ka potlako. Tsebisa phutheho ka palo ea bana ba kenang sekolo le batho ba bacha ’neteng ba sa tsoa kopanela le phutheho ’me e e-s’o be bahoeletsi. Bua ka se ka etsoang ke batsoali le bahoeletsi ba bang ba nang le phihlelo ho ba thusa hore ba emele ’nete, ’me ba tšoanelehe ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho ba thahasella, haholo-holo ha ba le thutong ea buka, ’me mohato ka mohato ba ba thuse ho etsa khatelo-pele ’neteng.

15 mets: “Liboka tsa Tšebeletso ea Tšimo tse Nang le Morero.” Lipotso le likarabo ka molebeli oa tšebeletso. Ha le buisana ka serapa sa 3, bolela kenyelletso e le ’ngoe kapa tse peli tse tsoang bukeng Ho Bea Mabaka e ka ’nang ea sebelisoa mafelo-bekeng ana. Serapeng sa 5 bolela mathata leha e le afe a bakoang ke tsela eo re itšoarang ka eona tšebeletsong ea tšimo a bonahetseng sebakeng sa lōna; fana ka litlhahiso tse mosa bakeng sa ho ntlafatsa.

15 mets: Hlahloba se tla Buelloa ka July. Bontša likopi tsa libukana tseo phutheho e nang le tsona, joaloka Bokamoso bo Sireletsehileng—Kamoo U ka bo Fumanang, Ho na le ho Eketsehileng Bophelong!, “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso,” kapa Na ho Teng Molimo o Tsotellang? Libukana tsena li na le molemo ho qaliseng lithuto tsa Bibele. Hlahloba litšobotsi tse thahasellisang le litšoantšo tse ka sebelisoang ho qalisa moqoqo. E-ba le lipontšo tse peli tsa kamoo ho ka qalisoang moqoqo sehloohong sa Bibele. (Sebelisa litlhahiso tse bukeng Ho Bea Mabaka ho “Bokamoso/Tšireletseho,” maqepheng a 11 ho ea ho 12, le “’Muso,” maqepheng a 12 ho ea ho 13.) Lipontšo li lokela ho phethoa ka hore ho etsoe litokisetso tsa ho qalisa thuto ea Bibele.

Pina 118 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela