Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/94 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa July

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa July
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 4 July
  • Beke e Qalang ka la 11 July
  • Beke e Qalang ka la 18 July
  • Beke e Qalang ka la 25 July
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 7/94 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa July

Beke e Qalang ka la 4 July

Pina 141

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bolela lihlooho tsa libukana, haeba li le teng, tseo phutheho e nang le tsona setokong; khothalletsa bahoeletsi hore ba fumane tseo ba tla li sebelisa tšebeletsong. Haeba phutheho e se na libukana, bolela libukana tse lekanang le makasine tse ka sebelisoang.

17 mets: “Ka Ntlo le Ntlo Re sa Khaotse.” Lipotso le likarabo. Batla mantsoe a kananelo ho ba bang har’a bamameli ba ileng ba fumana ’nete ka lekhetlo la pele ha ho etsoa mosebetsi oa ntlo le ntlo.

18 mets: “Thusa ba Bang ho Ithuta ’Nete.” Buisana le bamameli. Lokisetsa hore bahoeletsi ba nang le bokhoni ba etse pontšo ka linehelano tse peli kapa tse tharo tse bontšitsoeng. Hatisa bohlokoa ba katamelo e khutšoaane, e bonolo.

Pina 120 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 11 July

Pina 115

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea lichelete hammoho le liteboho tsa Mokhatlo bakeng sa menehelo leha e le efe. Fana ka pabatso bakeng sa menehelo. (Ex. 35:29) Bua ka litokisetso tsa ho qetela bakeng sa tšimo e sa abuoang. Sebelisa lintlha tse loketseng tse tsoang lengolong la tlatsetso la la 1 May, 1994. Ka mofuthu khothalletsa malapa ’ohle hammoho le bo-pula-maliboho hore ba kopanele phutuhong eo. Moo liphutheho li sa khoneng ho sebetsa tšimong e sa abuoang, buisana le bahoeletsi ba bang ba bacha lilemong ka liphihlelo tseo ba bileng le tsona tšimong kapa sekolong tse bontšang ho atleha ha tšebeletso.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. Kapa moholo ea nang le phihlelo a fane ka puo sehloohong “Emella Hōle le Maemo a Behang Bophelo Kotsing,” ho Molula-Qhooa oa February 15, 1994, maqepheng a 22-5.

15 mets: “Ba Tla Utloa Joang Ntle le Hore Re Khutlele?” Buisana le bamameli. Etsa pontšo ka litlhahiso tse leng serapeng sa 3 le sa 4. Fana ka litlhaloso tse eketsehileng tse bontšang lebaka leo maeto a ho boela a lokelang ho etsoa ka sepheo sa ho qalisa lithuto.

Pina 123 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 18 July

Pina 125

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba lintlha tse khōlō tsa sehlooho “Lenaneo le Lecha la Kopano ea Potoloho.” Bolela matsatsi a kopano e latelang ea potoloho haeba a se a fumanoe. Lokolisa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa mafelo-beke, ’me u khothalletse hore ho kopaneloe kabong ea limakasine.

8 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano ea lipotso le likarabo.

22 mets: “Ho Fumana ba Thahasellang ka Bopaki bo Atlehang ba Seterateng.” Molebeli oa tšebeletso kapa moholo e mong ea nang le bokhoni ea atlehang bopaking ba seterateng o tšohla sehlooho le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo bao le bona ba nang le phihlelo bopaking ba seterata. Puisano e ka kopanyelletsa liphihlelo tse peli kapa tse tharo tse khutšoaane. Etsa pontšo ka likatamelo tse ka sebelisoang ka limakasine tsa morao-rao.

Pina 134 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 25 July

Pina 140

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Na re ka etsisa baena ba Japane ka ho finyella tlhōrō e ncha ea bahoeletsi khoeli e ’ngoe le e ’ngoe? Etsa pontšo ka nehelano ea litokollo tsa morao-rao tsa limakasine. Khothalletsa bohle hore ba be le karolo e feletseng tšebeletsong ea tšimo ’me ba fane ka tlaleho hang-hang.

15 mets: “Ba Bacha Lilemong ba Hloka Mohlala o Motle.” Lipotso le likarabo. Buisana le mocha a le mong kapa ba babeli ba behang mohlala o motle. E re ba hlalose hore na ba ipehetse lipakane life tsa moea le hore na ke joang boiteko ba bona bo ba tliselitseng litlhohonolofatso tse eketsehileng.

20 mets: Ho Ntlafatsa Katleho ea Linehelano tsa Rōna. Sehlopha sa lelapa se na le lenaneo la ho ikoetlisa le thehiloeng litlhahisong tse ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqephe la 99, serapeng sa 9. Setho se seng sa lelapa se etsa nehelano, tse ling lia se babatsa ’me li fana ka litlhahiso bakeng sa hore se ntlafatse. Kopanyelletsa khanyetso e tloaelehileng sebakeng sa heno, ’me u bolele kamoo e ka hlōloang kateng.

Pina 187 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela