Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/95 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 4/95 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R30,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R15,00. Lipeeletso tsa club ke R19,00 le R9,50 ka tatellano. June: Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R3,50. July le August: Libukana leha e le life tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 li ka sebelisoa ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na u Lokela ho Lumela Boraro-bo-Bong?, le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng.

◼ Joalokaha ho entsoe tsebiso nakong e fetileng, pampitšana e khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso e tla lokolloa ka Sontaha sa la 23 April, libokeng tsa phutheho, haesita le likopanong tsa potoloho le matsatsing a kopano a khethehileng a lokiselitsoeng ho ba letsatsing leo. Pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e ka qala ho abuoa hang ha e lokolotsoe. Sena se ama liphutheho TSOHLE, ho kopanyelletsa le tseo e ka ’nang eaba ho tla hlokahala hore li fetole kemiso ea tsona ea liboka ka lebaka la likopano, ketelo ea molebeli oa potoloho, kapa mesebetsi e meng. Liphutheho tse tlang ho ba le puo e khethehileng ka mor’a la 23 April li ka lokolla pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso ’me tsa qala ho e aba ka la 24 April.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odora meqolo ea Molula-Qhooa le Tsoha! ea 1994. Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane, le Sepotoketsi. Liodoro li se romelloe hammoho le chelete haeba phutheho ea lōna e na le molato oa libuka le Mokhatlo. Meqolo ena e tla lefisoa molatong oa libuka oa phutheho. Ho fihlela ha meqolo ena e fumaneha le ho romeloa, e tla hlaha ho li-invoice tsa phutheho e le “Back Ordered.” Liphutheho tse nang le khaello ea chelete molatong oa tsona oa libuka li lokela ho romela chelete hammoho le liodoro tsa tsona. Meqolo ena ke lintho tsa setoko se laoloang ’me li tla lefisoa R22,00 o le mong bakeng sa phutheho, batho bohle le bo-pula-maliboho.

◼ Li-compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:

Senyesemane: Sing Praises to Jehovah on Compact Disc (sete ea li-disc tse robeli; phutheho le batho bohle: R115,00; bo-pula-maliboho: R80,00).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela