Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/95 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 4/95 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 2 January ho ea ho la 17 April, 1995. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba potso ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ha e le hantle tseko ea bobusi ke taba ea hore na ke mang ea matla ka ho fetisisa, Jehova kapa Satane. [jv-SU maq. 11-12]

2. Phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e ne e le mokhatlo o sa laoloeng ho tloha setsing se itseng, oo liphutheho tsa oona tsa sebaka ka seng li neng li ipusa. [jv-SU leq. 29 lir. 1-3]

3. Ho amohela keletso ke pontšo ea bofokoli. [uw-SU leq. 127 ser. 4]

4. Mantsoe “molebeli” le “monna ea hōlileng,” kapa “moholo,” ha e le hantle kaofela a supa boemo bo tšoanang. [jv-SU leq. 35 mongolo o botlaaseng ba leqephe]

5. Liproverbia 11:25 ke mohlala oa likhopolo kapa mehopolo e tšoanang mokhoeng oa Seheberu oa ho ngola lithothokiso, ’me Liproverbia 10:7 ke mohlala oa ho se tšoane. [si-SU leq. 107 ser. 7]

6. Ka 33 C.E., ha Jesu a ne a tsosoa ’me a nka sebaka sa hae letsohong le letona la Molimo, ka nako eo o ile a qala ho busa holim’a barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng. (Ba-Kol. 1:13) [gt-SU khao. 132]

7. Lilemo tse ka bang 3 000 pele bo-rasaense ba sibolla molao oa liphatsa tsa lefutso, Pesaleme ea 139:12-16 e ne e bontšitse tsebo ka oona. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 5/15 leq. 4.]

8. Liproverbia 8:22-31 ke tlhaloso ea bohlale feela. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w87-SU 5/15 leq. 28.]

9. Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho hloea ntho leha e le efe. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 1/1 leq. 21.]

10. Kaha Bakreste ba pele ba bangata ba ile ba paka ha ba tobane le lefu, lentsoe la Segerike bakeng sa “paki” le ile la fumana moelelo o sebetsang ho batho ba neng ba ikemiselitse ho shoela litumelo tsa bona. [jv-SU leq. 13]

Araba lipotso tse latelang:

11. Bolela lipaki tsa Jehova tse tharo tsa pele ho Moroallo. [jv-SU maq. 13-14]

12. Ho ea ka Esaia 43:10 le 61:1, 2, ke ka mabaka afe a mabeli Jesu a ileng a tlameha ho ba paki ea Jehova? [jv-SU leq. 19 ser. 4]

13. Haeba Bajode bao hamorao ba ileng ba fetoha Bakreste ba ne ba se ntse ba tseba lebitso la Molimo, ke ka kutloisiso efe Jesu a ileng a ba senolela lona, kapa ho ba tsebisa lona? [jv-SU leq. 21 ser. 1]

14. Ke liphetoho life tse khōlō tsa tlhophiso tse ileng tsa kenella ka phuthehong nakong ea lilemo tse ka bang 150 ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela? [jv-SU leq. 35 ser. 2, leq. 36 ser. 2]

15. Le hoja Phetoho e Khōlō ea Bolumeli e ile ea finyella lintho tse itseng tse molemo, bolela bonyane liphoso tse peli tsa motheo tseo likereke tsa Boprostanta li ileng tsa li ntšetsa pele ho tloha Bok’hatholikeng. [jv-SU leq. 39 lir. 2, 3]

16. Ke thuto efe ea bohata e ileng ea kukunela pelo e tšepahalang ea Charles Taze Russell ha a le lilemong tse ka tlaase ho 20? [jv-SU leq. 43 ser. 2]

17. Ke eng se ileng sa etsa hore katamelo ea Moena Russell ea ho hlalosa lithuto tsa Bibele e be e ikhethang ho ea bangoli ba bangata ba mehleng ea hae? [jv-SU leq. 53 ser. 3]

18. Ho tseba ha Jesu Lipesaleme, ho ne ho e-na le molemo ofe ho eena? [si-SU leq. 105 ser. 30]

19. Ke hobane’ng ha baapostola ba tšepahalang, Jakobo, mor’abo Jesu ka ’m’a bona, le barutuoa ba ka holimo ho 500 ba ne ba kholisehile hore Jesu o tsohile bafung? [gt-SU khao. 131]

20. Ke mang ea ileng a fa Salomone bohlale, ’me seo se lokela ho etsa hore re utloisise eng ha re bala Liproverbia? [si-SU leq. 106 ser. 1]

Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Bao Jesu a neng a tobisitse mantsoe a hae ho bona ho Liketso 1:8 e ne e se ntse e le lipaki tsa ․․․․․․․, ’me joale ba ne ba lokela ho ba le tokelo e eketsehileng ea ho ba lipaki tsa ․․․․․․․. [jv-SU leq. 26 ser. 1, 2]

22. Moena Russell o ne a kholisehile hore ho khutla ha Kreste e ne e tla ba ․․․․․․․, ’me ke ho thahasellisang ho hlokomela hore nako e telele pele ho nako ea Russell, Monghali Isaac Newton o ile a ngola hore Kreste o ne a tla khutla ’me a buse “․․․․․․․.” [jv-SU leq. 46 mongolo o botlaaseng ba leqephe]

23. Puong ea hae e tsebisahalang ka Pentekonta ea 33 C.E., ka makhetlo a mangata Petrose o ile a qotsa bukeng ea ․․․․․․․; ketsahalong eo batho ba ka bang ․․․․․․․ ba ile ba kolobetsoa ’me ba ekeletsoa phuthehong. [si-SU leq. 105 lir. 25, 26]

24. Lipesaleme li ile tsa bolela esale pele hore Jesu o ne a tla fuoa ․․․․․․․ hore a e noe, hore ․․․․․․․. tsa hae tsa kantle li ne li tla aroloa ka lotho, le hore o ne a tla bonahala eka o lahliloe ke ․․․․․․․. [si-SU leq. 105 ser. 30]

25. Bokreste bo ile ba tsebahala e le ․․․․․․․ hobane e ne e le tsela, kapa mokhoa, oa bophelo o thehiloeng tumelong ho ․․․․․․․ le ho lateleng mehato ea hae haufi-ufi. [jv-SU leq. 29 ser. 5]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ha a khokhothetsoe thupeng, Jesu o ile a fuoa veine e tsoakiloeng le myrrha, empa o ile a hana ho e noa hobane (Molao o ne o hanela seo; e ne e le Monazari; o ne a batla ho laola matla a hae a kelello ka ho feletseng). [gt-SU khao. 125]

27. Ho hlatsoa liaparo tsa rōna tse telele le ho li soeufatsa maling a Konyana ho bolela hore re (khaotsa ho etsa libe; hlokomela hore re hloka molemo o phekolang libe oa sehlabelo sa Jesu; nehela bophelo ba rōna ho Molimo le ho kolobetsoa). [uw-SU leq. 106 ser. 7]

28. Jesu o ile a boleloa a se na molato bonyane ka makhetlo a mahlano ke (Heroda; Pilato; Felixe), eo hamorao a ileng a inehela ho seo Bajode ba neng ba se batla ka phehello ’me a nehelana ka Jesu hore a bolaoe. [gt-SU khao. 124]

29. Bahlanka bohle ba Molimo ba tšepahalang ba ileng ba shoa ’me ba lula e le bafu pele ho Pentekonta (36; 35; 33) C.E. ba ne ba sa tlotsoa ka moea o halalelang bakeng sa bophelo ba leholimo. [uw-SU leq. 111 ser. 5]

30. Satane o pheha khang hore batho bohle ba susumetsoa ke (lerato; lehloeo; takatso ea ho ithuela molemo oa botho) le hore ntho e khōlō eo ba amehileng ka eona ke (lebitso la Molimo; ba bang; bona ka bobona). [uw-SU leq. 124 ser. 14]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Liprov. 3:27, 28; Joh. 19:4-6; 19:25-27; Ba-Roma 15:2, 3; Tšen. 7:16, 17

31. Bakreste ba na le boikarabelo ba ho hlokomela batsoali ba bona ba tsofetseng. [gt-SU khao. 126]

32. Ka sebele re amehile ka liphello tseo chebahalo ea rōna e ka ’nang ea e-ba le tsona ho ba bang, kahoo ka ho rata re tela ho ithabisa borōna. [uw-SU leq. 130 lir. 10, 11]

33. Neng le neng ha re e-na le monyetla oa ho etsa ba bang hantle, hore na ke ka tsela ea moea kapa e bonahalang, re lokela ho nka monyetla oo ’me re thuse batho ba bang, haholo-holo baena ba rōna ba moea. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 12/15 leq. 20.]

34. Ho itholela ka tlhompho le ho khutsa ha re tobane le tlhoriso ho ka tlisa tlhompho ho Jehova ’me ha hapa tlhompho ea batho. [gt-SU khao. 123]

35. Re se ntse re qala ho thabela maemo a tšepisitsoeng ao ka ho loketseng a bitsoang “paradeise ea moea.” [uw-SU maq. 107-8 lir. 9-11]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela