Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/95 leq. 2
  • Liboka tsa Tšebeletso tsa June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka tsa Tšebeletso tsa June
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 5 June
  • Beke e Qalang ka la 12 June
  • Beke e Qalang ka la 19 June
  • Beke e Qalang ka la 26 June
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
km 6/95 leq. 2

Liboka tsa Tšebeletso tsa June

Beke e Qalang ka la 5 June

Pina 7

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hlahloba mesebetsi e tlang; hopotsa bohle ho ba mafolo-folo tšebeletsong, ho tla libokeng, le ho tlisa litlaleho. Ha nako e lumela, etsa pontšo ka nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane tsa limakasine tse ka ’nang tsa sebelisoa tšebeletsong ea tšimo bekeng ena.

15 mets: “Jehova o Fana ka Matla.” Lipotso le likarabo. Pheta phihlelo e leng ho Molula-Qhooa oa February 1, 1992, leqepheng la 32.

20 mets: “Jehova ke ’Mōpi oa Rōna.” Buisana le bamameli. E-ba le lipontšo tse peli tse bontšang kamoo re ka sebelisang linehelano tse boletsoeng. Akarelletsa litlhahiso tse khutšoanyane tsa kamoo ho ka etsoang leeto la ho boela, ka mor’a ho tsamaisa pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e abuoeng ka April le ka May.

Pina 17 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 12 June

Pina 221

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Tlaleho ea lichelete.

17 mets: “Kreste e le Mohlala Bakeng sa Bacha.” Lipotso le likarabo. Akarelletsa litlhaloso tse tsoang ho Molula-Qhooa oa September 1, 1986, maqepheng a 4-6.

18 mets: “Thusang ba se Nang Tumelo.” Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho o hlahloba sehlooho le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ebe o tšohla kamoo ho ka sebelisoang boitsebiso boo. Ba sebelisa sena ka ho etsa pontšo ka linehelano e mong ho e mong.

Pina 122 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 19 June

Pina 80

12 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bua hakhutšoanyane ka bohlokoa ba ho etsa maeto a ho boela. Karolo e khōlō ea mosebetsi oa rōna oa ho ruta e etsoa ha re khutlela ho ea hlaolela thahasello. Ke batho ba ’maloa ba ka tsoelang pele moeeng ka lingoliloeng feela. Ha re sa khutlele, re fetoa ke monyetla o molemohali oo re nang le oona oa ho ba thusa. Maeto a ho boela a hlahisa lithuto tsa Bibele. Bahoeletsi ba bangata ba bile le liphello tse molemohali ka ho khutlela ka mor’a letsatsi kapa a mabeli ho e-na le ho emela beke.—Bona buka ea Tšebeletso ea Rōna, maqepheng a 88-9.

18 mets: Ananela ba Bang. Puo ka moholo, e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa December 1, 1994, maqepheng a 28-30. Hatisa tlhokahalo ea ho bontša tlhompho le kameho e lerato ho ba bang ka phuthehong.

15 mets: “Sebelisa Nako ea Hao Hamolemo.” Lipotso le likarabo. Mabapi le nako e qetoang ho shebelletsoe thelevishene, hlahloba litlhahiso tlas’a sehloohoana se reng “Ho Nka Taolo,” leqepheng la 25 ho Tsoha! ea June 8, 1991.

Pina 208 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 26 June

Pina 75

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Li fanoe ke moholo. Hlahloba litokisetso tsa phutheho bakeng sa phutuho ea tšimo e sa abuoang. Bua ka tlhokahalo ea ho kenya litlaleho ka lebokoseng la Litlaleho Tsa Tšebeletso ea Tšimo hang-hang ha khoeli e fela. Re na le pakane ea ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi pele selemo sa tšebeletso se fela. Kaha ho tlaleha kamehla e sa le bothata tšimong ea rōna, re tla ananela tšebelisano ea mohoeletsi e mong le e mong tabeng ena. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho lula ba hopotsa ba e-song ho tlise litlaleho ho etsa joalo hang-hang. Tsebisa phutheho lenane la bana ba kenang sekolo le batho ba sa tsoa kopanela bao e e-song ho be bahoeletsi. Bolela hore na batsoali le bahoeletsi ba bang ba nang le phihlelo ba ka etsa’ng ho thusa batho bana ho emela ’nete, le ho tšoaneleha ho ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang. Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho thahasella batho bana haholo, haholo-holo thutong ea buka, le ho ba thusa ka ho tsoelang pele hore ba hatele pele ’neteng.

15 mets: Lebokose la Lipotso. Lipotso le likarabo ka mokhanni oa Thuto ea Molula-Qhooa. Etsa litlhaloso tse eketsehileng tse thehiloeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, maqepheng a 91-2.

15 mets: Hlahloba buka e tla tsamaisoa ka July. Bua ka litšobotsi tse hlahelletseng tsa libukana tse lekanang le makasine tseo phutheho e nang le tsona setokong. E re bahoeletsi ba etse pontšo e khutšoanyane ea kamoo li ka tsamaisoang kateng matlong. Mehlala: Na Ruri Molimo oa re Tsotella? (Phetla maqepheng a 26-7, supa litšoantšo, ’me u bue ka le leng la mangolo a buang ka Paradeise e tlang.) Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang? (Phetla maqepheng a 30-1, bua ka le leng la mangolo a qotsitsoeng, ’me u bue ka setšoantšo.) Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa. (Lebisa tlhokomelo lipotsong tse phahamisitsoeng leqepheng la 2, ’me u hlalose khopolo e le ’ngoe kapa tse peli tsa Mangolo tse fumanoang leqepheng la 31.) Tsebisa phutheho libukana tse lekanang le makasine tse ntseng li le teng setokong.

Pina 225 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela